Feta

BIBELE E FETOLA BATHO

“Ha ke sa le Ntwadumela”

“Ha ke sa le Ntwadumela”
  • Ke Hlahile ka: 1956

  • Naha ya Heso: Canada

  • Pele: Ke ne ke bona bophelo bo sena thuso, ke phela bophelo bo ditshila hape ke rata ho lwana

BOPHELO BA KA NAKONG E FETILENG

 Ke hlahetse toropong ya Calgary e Alberta, Canada. Ha ke sa le lesea batswadi ba ka ba ile ba hlalana yaba mme wa ka o tsamaya le nna o yo dula habo. Batswadi ba mme wa ka ba ne ba re rata haholo mme ke ne ke le ngwana ya thabileng. Ke ntse ke hopola dinako tseo tse monate tsa ha ke ntse ke le ngwana.

 Ha ke le dilemo di supileng, batswadi ba ka ba ile ba kgutlelana mme ra yo dula St. Louis e Missouri, Amerika. Dintho di ile tsa fetoha mme bophelo ba ka ba qalella ho ba thata. Ke ile ka hlokomela hore ntate wa ka ke motho ya kgopo. Ka mohlala, letsatsi la pele ha ke ne ke qala ho ya sekolong bana ba bang ba ile ba ntlhorisa yaba ha ke itwanele mme ntate o ile a tseba ka sena yaba o halefa haholo. Ka hoo, o ile a ntjhapa ho feta ka moo ba ileng ba nkotla ka teng sekolong a re o nthuta hore ke itwanele. Ke qadile ho lwana ka lekgetlo la pele ha ke le dilemo di supileng.

 Batswadi ba ka ba ne ba dula ba lwantshana ka mantswe, ho ne ho ba hobe ho isa boholeng ba hore ntate wa ka a otle mme wa ka. Ke ile ka qala ho sebedisa dithethefatsi le ho nwa jwala haholo ha ke ne ke le dilemo di 11. Ke ile ka rata ntwa haholo mme nako le nako ke dula ke lwana le batho seterateng. Eitse ha ke se ke qeta sekolong yaba jwale ke se ke le ntwadumela.

 Ha ke le dilemo di 18, ke ile ka ngodisetsa ho kenela sesole sa Amerika. Ke moo ke ileng ka fumana kwetliso e ileng ya mpefatsa mabifi ao ke neng ke sentse ke ena le ona hobane ke ile ka tseba hore na nka bolaya motho jwang. Ka mora dilemo tse hlano, ke ile ka tlohela sesole e le hore ke ithute psychology (e leng ho ithuta ka moo kelello ya motho e sebetsang ka teng le tsela eo a itshwarang ka yona) ka tshepo ya hore ke tla sebetsa Federal Bureau of Investigation. Ke ithutetse yona Yunivesithing e Amerika mme e ile ya re ha ke kgutlela hae Canada, ka ntshetsa dithuto tsa ka pele.

 Ha ke le Yunivesithing, ke ile ka phoqeha haholo ka mora ho ithuta ka tsela eo batho ka kakaretso ba leng ka yona. Ho ne ho bonahala batho ba itjhebile bo bona, lefatsheng ho se na tshepo ho hang ebile batho ba sitwa ho itharollela mathata ao ba neng ba kopana le ona. Ke ne ke se ke sena tshepo ya hore batho ba tla ke ba phele ba thabile.

 Ka ha ke ne ke bona bophelo bo se na thuso, ke ile ka qala ho rata jwala, dithethefatsi, tjhelete le thobalano. Ke ne ke phelela diphathi, beke le beke ke robala le basadi ba fapaneng. Kwetliso eo ke ileng ka e fumana sesoleng e ile ya etsa hore ke rate ntwa. Ka hoo, ke ne ke dula ke lwana. Ke ne ke nahana hore nka iketsetsa qeto ya hore na ke eng se fosahetseng le se nepahetseng mme ke ne ke dula ke lwanela batho bao ke bonang eka ba tshwerwe ka leeme. Ka hona ke ile ka dumela ho laolwa ke maikutlo a ntwa.

KA MOO BIBELE E FETOTSENG BOPHELO BA KA KA TENG

 Ka letsatsi le leng ha ke ne ke ena le motswalle wa ka, re tsubile haholo, re le mokatong o ka tlase lapeng re ntse re lokisetsa ho ya rekisa matekwane ka botsotsi, o ile a mpotsa hore na ke dumela ho Modimo. Ke ile ka re ho yena: “Haeba Modimo ke yena ya re bakelang mathata, ha ke batle ho utlwa letho ka yena.” Letsatsi le hlahlamang leo, ke ile ka ya mosebetsing wa ka o motjha ebile e le lekgetlo la ka la pele , mosebetsimmoho le nna wa Paki ya Jehova o ile a mpotsa a re: “Na o nahana hore Modimo ke yena ya re bakelang mathata?” Ke ile ka makala haholo ha a mpotsa potso eo mme sena se ile sa etsa hore ke batle ho tseba haholwanyane. Ka dikgwedi tse tsheletseng re ile ra buisana ka dipotso tse neng di ntshwenya bophelong mme o ile a di araba a sebedisa Bibele.

 Kgarebe ya ka eo ke neng ke dula le yona ka nako eo o ne a sa batle ha ke mo qoqela ka dintho tseo ke ithutileng tsona. Ka Sontaha se seng ke ile ka mo jwetsa hore ke memme Dipaki Tsa Jehova ho tla ithuta Bibele le rona. Letsatsi le hlahlamang ha ke tswa mosebetsing ke ile ka fumana a tsamaile ka thepa yohle ya ka tlung, a ntshiile. Ke ile ka dula ka ntle ka lla haholo yaba ke rapela Modimo hore a nthuse. E ne e le lekgetlo la pele ke sebedisa lebitso la Modimo e leng Jehova, ha ke rapela.​—Pesaleme ya 83:18

 Matsatsi a mabedi ha morao, ke ile ka qala ho ithuta Bibele le banyalani ba bang ba Dipaki. Ka mora hore ba tsamaye, ke ile ka tswelapele ho bala buka eo re neng re e sebedisa ho ithuta Bibele ya O ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatsheng yaba ke e qeta hona bosiung bona boo. a Seo ke ithutileng sona ka Jehova Modimo le Mora wa hae Jesu Kreste se ile sa ama pelo ya ka. Ke ile ka bona hore Jehova o na le kutlwelobohloko ebile o utlwa bohloko ha re hlahelwa ke mathata. (Esaia 63:9) Ke ile ka angwa haholo ke ho bona tsela eo Modimo a nthatang ka yona le le ka moo Mora wa hae a ileng a itela ka teng molemong wa ka. (1 Johanne 4:​10) Ke ile ka bona hore Jehova ha a ka a mphella pelo “hobane ha a lakatse hore mang kapa mang a timetswe empa o lakatsa hore bohle ba bake.” (2 Petrose 3:9) Ke ile ka utlwa hore Jehova o batla hore ke be motswalle wa hae.​—Johanne 6:44.

 Ke ile ka qalella ho ya dibokeng bekeng yona eo. Ke ne ke na le moriri o molelele, ke rwala masale ke bile ke shebahala ka tsela e neng e ka tshosa batho ba bangata empa Dipaki Tsa Jehova di ile tsa ntshwara jwalo ka e mong wa lelapa eo di neng di thabetse ho mo bona ka mora nako e telele. E ne e le Bakreste ba nnete. Ke ile ka utlwa eka ke kgutletse lapeng habo mme wa ka empa ho le monate ho feta pele.

 Ho eso ye kae ke ile ka etsa diphetoho tse neng di hlokahala. Ke ile ka kuta moriri wa ka, ka tlohela ho etsa boitshwaro bo ditshila bo amanang le thobalano ka ba ka tlohela ho nwa jwala hampe le ho sebedisa dithethefatsi. (1 Bakorinthe 6:​9, 10; 11:​14) Ke ne ke batla ho thabisa Jehova. Ha ke ne ke ithuta hore ntho eo ke e etsang ha a e thabele, ke ne ke e tlohela. Ke ne ke utlwa bohloko ha ke bona ke sitwa ho tlohela ho etsa ntho eo ke tsebang hore ha e mo thabise ebe ke re: ‘Ke lokela ho kgaotsa ho etsa ntho ena.’ Ka mora moo ntho eo ke ne ke e emisa hanghang. Ka lebaka leo, ke ile ka bona bophelo ba ka bo ntlafala ha ke etsa dintho ka tsela e thabisang Jehova. Dikgwedi tse tsheletseng ka mora hore ke qale ho ithuta Bibele, ke ile ka kolobetswa ka ba e mong wa Dipaki Tsa Jehova ka la 29 July 1989.

MELEMO EO KE E FUMANENG

 Bibele e ile ya fetola tsela eo ke neng ke le ka yona. Kgale, ha ke ne ke kopana le motho ya mabifi feela ke ne ke mo lwantsha empa hona jwale ke leka ho ba le “kgotso le batho bohle.” (Baroma 12:​18) Ke ka thuso ya Jehova, matla a Lentswe la hae le moya wa hae o halalelang hore ebe ke motho eo ke leng yena kajeno.​—Bagalata 5:​22, 23; Baheberu 4:12.

 Ho ena le ho ba lekgoba la dithethefatsi, la ntwa le boitshwaro bo ditshila ke se ke etsa sohle seo nka se kgonang ho thabisa Jehova Modimo. Seo se akarelletsa ho thusa batho ba bang ho mo tseba. Dilemo tse mmalwa ka mora hore ke kolobetswe, ke ile ka ya moo ho hlokahalang batho ba bolelang ditaba tse monate ba eketsehileng ho ya thusa teng. Ke se ke na le dilemo jwale ke thabela ho ithuta Bibele le batho le ho bona ka moo Bibele e fetotseng bophelo ba bona ka teng ha ba ntse ba tswelapele ho ithuta yona. Ke thabiswa le ke hore mme wa ka e ile ya ba e mong wa Dipaki Tsa Jehova, le leng la mabaka e le hobane a ile a bona diphetoho tseo ke ileng ka di etsa ka mora hore ke ithute Bibele.

 Ka 1999 ha ke le El Salvador, ke ile ka ya sekolong seo hona jwale se bitswang Sekolo sa Baevangedi ba Mmuso. Kwetliso eo ke e fumaneng sekolong seo e ile ya nthusa hore ke bolele ditaba tse monate ka tsela e atlehang, ke rute hantle le ho ba moholo ya molemo ka phuthehong. Ha morao selemong sona seo ke ile ka nyala mosadi wa ka ya ratehang Eugenia. Re sebeletsa mmoho Guatemala re le baboledi ba ditaba tse monate ba ka mehla.

 Hona jwale ke se ke thabela bophelo ha ke sa utlwa eka ha bo na thuso jwalo ka pele. Ke se ke le motho ya ratang batho e le ka nnete ebile ke na le kgotso hobane melaomotheo ya Bibele e nthusitse ho tlohella ho kopanela boitshwarong bo ditshila bo amanang le thobalano le ho tlohella ho ba motho ya ratang ntwa.

a Dipaki Tsa Jehova di se di sebedisa buka ya O ka Thaba ka ho sa Feleng! ho ithuta Bibele le batho.