Fetela boitsebisong

Na Molimo o Bōpile Diabolose Hore a re Leke?

Na Molimo o Bōpile Diabolose Hore a re Leke?

Karabo ea Bibele

Bibele e bontša hore Molimo ha aa ka a bōpa Diabolose. Ho e-na le hoo, o ile oa bōpa motho oa moea ea ileng a fetoha Diabolose. Ha Bibele e bua ka Molimo, e re: “Mosebetsi oa hae o phethahetse, etsoe litsela tsohle tsa hae ke toka. Molimo oa botšepehi, eo ho eena ho se nang ho hloka toka; o lokile ’me o khabane.” (Deuteronoma 32:3-5) Polelo ena e etsa hore re fihlele qeto ea hore ka nako e ʼngoe, Diabolose o ne a phethahetse, a lokile, e le e mong oa bara ba Molimo ba mangeloi.

Ho Johanne 8:44, Jesu o boletse hore Diabolose “ha aa ka a ema a tiile ’neteng,” e leng se bolelang hore ka nako e ’ngoe Satane o kile a ba le ʼnete ebile a se na molato.

Leha ho le joalo, joaloka libōpuoa tse ling tsohle tse bohlale tsa Jehova, lengeloi le ileng la fetoha Satane le ne le lokolohile ho khetha pakeng tsa botle le bobe. Ka hore le khethe ho hanyetsa Molimo le ho hlohlelletsa batho ba babeli ba pele hore ba eme le lona, le ile la iketsa Satane, e bolelang “Mohanyetsi.”—Genese 3:1-5; Tšenolo 12:9.