Fetela boitsebisong

Molimo o Qalile ho Bopa Maholimo le Lefatše Neng?

Molimo o Qalile ho Bopa Maholimo le Lefatše Neng?

Karabo ea Bibele

Bibele ha e bolele hore na Molimo o qalile neng ho bopa maholimo le lefatše kapa hore na ho nkile nako e kae ho li bopa. E re bolella feela hore “tšimolohong Molimo o ile a bōpa maholimo le lefatše.” (Gen. 1:1) Ha e bolele hore na “tšimolohong” ke neng. Empa tatellano ea liketsahalo tse hlahang bukeng ea Genese e bontša hore ke pele ho linako tse tšeletseng, kapa “matsatsi” ao lintho li bopiloeng ka ’ona.

 Na lintho li bopiloe ka matsatsi a tšeletseng a lihora tse 24?

Che. Ha Bibele e re “letsatsi,” e ka bolela linako tse bolelele bo fapaneng, ho itšetlehile ka hore na ho buuoa ka’ng. Mohlala, temana e ’ngoe ea Genese e re nako eohle eo Molimo a e qetileng a bopa ke letsatsi.​—Genese 2:4.

 Ho etsahetse’ng matsatsing ao a tšeletseng?

Molimo o ile a etsa hore lefatše e be sebaka seo re ka phelang ho sona, kaha qalong “le ne le se na sebōpeho ebile le se na letho.” (Genese 1:2) Eaba o bopa lintho tse phelang. Bibele ea hlalosa hore na ho etsahetse’ng matsatsing ao a tšeletseng ha Molimo a bopa lintho:

  • Letsatsi la pele: Molimo o ile a etsa hore khanya e fihle lefatšeng, eaba ho ba le motšehare le bosiu.​—Genese 1:​3-5.

  • Letsatsi la bobeli: Molimo o ile a etsa sepakapaka, a arola metsi a ka tlas’a sona le metsi a ka holim’a sona.​—Genese 1:​6-8.

  • Letsatsi la boraro: Molimo a etsa hore ho hlahe sebaka se ommeng. Hape a bopa limela.​—Genese 1:​9-13.

  • Letsatsi la bone: Molimo o ile a etsa hore letsatsi, khoeli le linaleli li bonahale sepakapakeng e le mehloli ea khanya.​—Genese 1:​14-19.

  • Letsatsi la bohlano: Molimo a bopa liphoofolo tse phelang ka metsing le tse fofang.​—Genese 1:​20-23.

  • Letsatsi la botšelela: Molimo a bopa batho le liphoofolo.​—Genese 1:​24-31.

Ka mor’a letsatsi la botšelela Molimo a phomola kapa a khaotsa ho bopa.—Genese 2:1, 2

 Na litaba tsa Genese li lumellana le saense?

Ha se hore buka ea Genese e hlalosa litaba tsa saense ka tsela e pharaletseng ha e bua ka ho boptjoa ha lefatše. Empa e hlalosa litaba ka tsela eo esita le batho ba mehleng ea Bibele ba neng ba ka utloisisa tatellano ea lintho tseo Molimo a li bopileng. Ha e hanyetsane le litaba tsa ’nete tse amanang le saense. Ntate Robert Jastrow eo e leng setsebi tsa lihloliloeng tse sepakapakeng o ile a ngola litaba tsena: “Litaba kaofela lia fapana, empa lintlha tse buang ka hore na bophelo bo qalile joang tse hlahang litlalehong tsa bolepi ba linaleli le tse hlahang ho Genese li tšoana ka ntho e le ’ngoe ea bohlokoa. Li bontša hore lintho tse etsahetseng ka tatellano ho fihlela motho a e-ba teng li hlahile thoso! ka tsela e sa lebelloang, ka nako e itseng e tobileng.”

 Letsatsi, khoeli le linaleli li bopiloe neng?

Letsatsi, khoeli le linaleli li ne li se li ntse li le teng “tšimolohong” ha “maholimo” a boptjoa. (Genese 1:1) Empa ho bonahala hore khanya ea tsona ha ea ka ea hlahella sepakapakeng hobane ho e-na le mefuta e itseng ea likhase e tletseng sepakapakeng. (Genese 1:2) Kahoo le hoja khanya e ile ea hlahella ka letsatsi la pele, ho ne ho sa bonahale hore na e hlaha kae. Ka letsatsi la bone, ho bonahala sepakapaka se ile sa hlaka. Bibele e re letsatsi, khoeli le linaleli li ile tsa qala ho ‘khanya holim’a lefatše’. Ho bonahala taba ena e hlalosa hore na li ne li bonahala joang ho motho ea li shebileng a le lefatšeng.​—Genese 1:17.

 Bibele e re ke nako e kae lefatše le le teng?

Bibele ha e bolele hore na ke nako e kae lefatše le le teng. Genese 1:1 e re bolella feela hore ho na le nako eo maholimo le lefatše li ileng tsa qala ho boptjoa. Taba ena ha e hanyetse litaba tsa saense tseo e leng ’nete. Ebile ha e hanyetse litaba tseo bo-rasaense ba li lumelang ka hore na lefatše le lilemo li kae le le teng.