Fetela boitsebisong

Na Molimo o Entse hore Lintho Tse Phelang li Iketse?

Na Molimo o Entse hore Lintho Tse Phelang li Iketse?

Karabo ea Bibele

 Che. Bibele e bontša hore Molimo o bopile batho, “mefuta” e fapa-fapaneng ea liphoofolo le limela. a (Genese 1:​12, 21, 25, 27; Tšenolo 4:​11) E re batho bohle ba tsoa ho batsoali ba rona ba pele e leng Adama le Eva. (Genese 3:​20; 4:1) Bibele ha e lumellane le taba ea hore Molimo o sebelisitse ho iphethola ha lintho hore lintho tse phelang li be le bophelo. Leha ho le joalo, Bibele ha e hanane le liphuputso tsa bo-rasaense tse bontšang hore lintho tse phelang li mefuta-futa.

 Na Molimo o entse hore lintho li iphetole?

 Batho ba lumelang hore Molimo o entse hore lintho li iphetole ba na le maikutlo a fapaneng ka hore na o entse seo joang. Ho ea ka Encyclopædia Britannica, batho ba bang ba lumela hore kaha limela le liphoofolo tse khonang ho mamella maemo a libaka tseo li phelang ho tsona ke tsona tse khonang ho phela le ho ata (Natural selection), seo ke bopaki ba hore Molimo o entse hore lintho li iphetole.”

 Thuto ea ho Molimo o entse hore lintho li iphetole e akarelletsa mehopolo e latelang:

  •   Lintho tsohle tse phelang li tsoa nthong e le ’ngoe e kileng ea e-ba teng khale.

  •   Mofuta o mong oa ntho e phelang o ka iphetola oa mofuta o fapaneng ka ho felletseng.

  •   Ka tsela e itseng Molimo ke eena ea ikarabellang tabeng ea ho iphetola ha lintho.

 Na khopolo ea hore lintho li iphetotse e lumellana le Bibele?

 Thuto ea hore Molimo o entse hore lintho li iphetole e fetisa mohopolo oa hore tlaleho ea Bibele e ho Genese ho na le moo e fosahetseng. Leha ho le joalo, Jesu o ile a bua ka tlaleho e hlahang ho Genese ka tsela e bontšang hore histori ea eona e nepahetse. (Genese 1:​26, 27; 2:​18-24; Matheu 19:​4-6) Bibele e re pele Jesu a tla lefatšeng, o ne a phela leholimong le Molimo ’me o ile a kenya letsoho ho thusa Molimo hore “lintho tsohle” li be teng. (Johanne 1:3) Kahoo, thuto ea hore Molimo o entse hore lintho li iphetole e le hore lintho tse fapaneng li be le bophelo ha e lumellane le seo Bibele e se rutang.

 Na taba ea hore limela le liphoofolo li khona ho fetoha e le hore li khone ho phela maemong a fapa-fapaneng e paka hore li ikentse?

 Bibele ha e hlalose hore na ho ka hlaha mefuta e mekae mofuteng o le mong. Hape ha e hanane le taba ea hore mefuta e fapaneng ea liphoofolo le limela tse entsoeng ke Molimo li ka fapana ha li ntse li ikatisa maemong a fapa-fapaneng li bile li fetoha e le hore li khone ho phela sebakeng seo li leng ho sona. Le hoja ba bang ba nka hore ha liphoofolo le limela li ikamahanya le tikoloho eo li phelang ho eona lia iphetola, ha e le hantle ha ho na mofuta o mocha o hlahang.

a Hangata ha bo-rasaense ba bona mofuta oo ba qalang ho o bona oa semela kapa phoofolo, ba re o iphetotse ho tsoa ho o mong o seng o ntse o le teng. Leha ho le joalo, ba e be ba fumane mofuta o fapaneng oa semela kapa phoofolo e shebahalang joaloka eo ba e tsebang, joalokaha Genese e bontša hore ho na le mefuta e fapa-fapaneng ea limela le liphoofolo.