Fetela boitsebisong

Na Molimo o na le Sebaka sa Bolulo?

Na Molimo o na le Sebaka sa Bolulo?

Karabo ea Bibele

E. Molimo o na le sebaka sa bolulo—e leng leholimong. Hlahloba litemana tsena tsa Bibele:

Thapelong ea hae, Morena Solomone o ile a re: “E se eka u ka mamela u le maholimong, sebaka sa hao sa bolulo se tiisitsoeng.”—1 Marena 8:43.

Jesu Kreste o ile a ruta barutuoa ba hae hore ba rapele ‘Ntate ea maholimong.’—Matheu 6:9.

Ka mor’a hore Jesu a tsosoe bafung, o ile a kena “leholimong, joale ho hlaha ka pel’a Molimo.”—Baheberu 9:24.

Litemana tsena li bontša ka ho hlaka hore Jehova Molimo ke motho oa sebele le hore ha a lule hohle mona, empa o lula leholimong feela.