Fetela boitsebisong

Ke Batla ho Shoa, na Bibele e ka Nthusa ha ke E-na le Maikutlo a ho Ipolaea?

Ke Batla ho Shoa, na Bibele e ka Nthusa ha ke E-na le Maikutlo a ho Ipolaea?

Karabo ea Bibele

E. Bibele e tsoa ho “Molimo ea tšelisang” ba nyahameng. (2 Bakorinthe 7:6) Le hoja Bibele e se buka ea mafu a kelello, e thusitse batho ba bangata ho hlola maikutlo a ho ipolaea. Likeletso tsa eona tse molemo li ka u thusa le uena.

 Bibele e na le likeletso life tse molemo?

  • Bua hore na u ikutloa joang.

    Bibele e re: “Motsoalle oa ’nete o lerato ka linako tsohle, ’me ke mor’abo motho ea tsoaletsoeng ha ho e-na le mahlomola.”​—Liproverbia 17:17.

    Ho bolela hore: Re hloka tšehetso ea batho ba bang ha re sithabetse.

    Ha u sa bolelle batho ba bang hore na u ikutloa joang, u itjarisa moroalo oo u tla hloleha ho u jara. Empa ha u bolella batho ba bang hore na u ikutloa joang, u ka ’na oa fokotsa boima boo u bo utloang oa ba oa bona lintho ka leihlo le leng.

    Leka ho etsa tjena: Bua le motho e mong letsatsing lena, mohlomong mong ka uena kapa motsoalle eo u mo tšepang. a U ka boela oa ngola maikutlo a hao fatše.

  • Batla thuso ho litsebi.

    Bibele e re: “Batho ba phelang hantle ha ba hloke ngaka, empa ba kulang baa e hloka.”​—Matheu 9:12.

    Ho bolela hore: Re tlameha ho bona ngaka ha re kula.

    Maikutlo a ho batla ho ipolaea e ka ba letšoao la lefu la kelello kapa la maikutlo. Ha se ntho eo u lokelang ho e soabela, feela joalokaha u ne u ke ke oa soaba ha u kula ’meleng. Bokuli ba kelello le ba maikutlo bo ka phekoloa.

    Leka ho etsa tjena: Potlakela ngakeng ho sa khanya.

  • Hopola hore Molimo oa u tsotella.

    Bibele e re: “Lirobele tse hlano li rekisoa ka lichelete tsa tšepe tse peli tsa bohlokoa bo bonyenyane, na ha ho joalo? Empa leha ho le joalo ha ho le se seng sa tsona se lebaloang ka pel’a Molimo. . . . Le se ke la tšaba; le ba bohlokoa ho feta lirobele tse ngata.”​—Luka 12:​6, 7.

    Ho bolela hore: U bohlokoa ho Molimo.

    U ka ’na oa ikutloa eka u motoai-toai, empa Molimo o bona matšoenyeho a hao. Le hoja u ka utloa eka ha u sa batla ho phela, eena oa u tsotella. Pesaleme ea 51:​17 e re: “Molimo, u ke ke ua nyelisa pelo e robehileng le e sithabetseng.” Molimo o batla hore u phele hobane oa u rata.

    Leka ho etsa tjena: Hlahloba bopaki bo ka Bibeleng bo bontšang hore Molimo oa u rata. Mohlala, sheba khaolo ea 24 ea buka ea Atamela ho Jehova e re thusang ho ithuta Bibele.

  • Rapela Molimo.

    Bibele e re: ‘Lahlela matšoenyeho ’ohle a hao ho [Molimo], hobane oa u tsotella.’​—1 Petrose 5:7.

    Ho bolela hore: Molimo o u mema hore u mo phetlele sefuba ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe e u tšoenyang.

    Molimo a ka u fa khotso le matla e le hore u mamelle bothata ba hao. (Bafilipi 4:​6, 7, 13) Ka tsela ena o tšehetsa bohle ba kopang thuso ho eena.​—Pesaleme ea 55:22.

    Leka ho etsa tjena: Rapela Molimo letsatsing lena. Mo bitse ka lebitso la hae e leng Jehova, ebe oa mo bolella hore na u ikutloa joang. (Pesaleme ea 83:​18) Mo kope hore a u thuse ho mamella.

  • Thuisa ka tšepo eo Bibele e re fang ka eona ka bokamoso.

    Bibele e re: “Re na le tšepo ena e le ankora bakeng sa moea, e le ea ’nete ’me e le e tiileng.”​—Baheberu 6:19.

    Ho bolela hore: Maikutlo a hao a ka fetoha hangata joaloka sekepe se eang holimo le tlaase har’a sefefo, empa tšepo eo Bibele e re fang eona e ka etsa hore u tsitse.

    Tšepo eo ha se tšomo feela tjee, empa e thehiloe tšepisong ea Molimo ea ho felisa lintho tse bakang bohloko.​—Tšenolo 21:4.

    Leka ho etsa tjena: Ithute haholoanyane ka litšepiso tsa Molimo tse ka Bibeleng ka ho bala thuto ea 5 ea bukana ea Litaba Tse Molemo Tse Tsoang ho Molimo!

  • Etsa ntho e u natefelang.

    Bibele e re: “Pelo e thabileng ke moriana o motle.”​—Liproverbia 17:22.

    Ho bolela hore: Ha re etsa lintho tse re tlisetsang thabo, re ka ntlafatsa bophelo ba rona.

    Leka ho etsa tjena: Etsa ntho eo hangata e u thabisang. Mohlala, mamela ’mino o hlasimollang, bala ntho e khothatsang kapa u qete nako u etsa ntho e u natefelang. U tla boela u eketse thabo ea hao haeba u thusa batho ba bang, le haeba e le ka lintho tse nyenyane.​—Liketso 20:35.

  • Itlhokomele ’meleng.

    Bibele e re: “Koetliso ea ’mele e na le molemo.”​—1 Timothea 4:8.

    Ho bolela hore: Ho ikoetlisa, ho robala hantle le ho ja hantle ho tla re tsoela molemo.

    Leka ho etsa tjena: Ikoetlise ka ho tsamaea, leha e ka ba ka metsotso e 15 feela.

  • Hopola hore maikutlo le lintho tse ling bophelong lia fetoha.

    Bibele e re: “Ha le tsebe hore na bophelo ba lōna bo tla ba joang hosasane.”​—Jakobo 4:14.

    Ho bolela hore: Bothata bofe kapa bofe bo bonahalang eka ha bo na tharollo, e ka ’na eaba ke ba nakoana feela.

    Leha u bona eka ha ho na loka, boemo bo ka tsoha bo fetohile. Ka hona batla mekhoa ea ho mamella. (2 Bakorinthe 4:8) Mathata a hao a ka fetoha ha nako e ntse e ea empa ha u ka ipolaea, u shoele u shoele.

    Leka ho etsa tjena: Bala lipale tse ka Bibeleng tsa batho ba kileng ba nyahama hoo ba neng ba bile ba batla ho shoa. Bona kamoo lintho li ileng tsa ba tsamaela hantle kateng qetellong ’me hangata e le ka tsela eo ba neng ba sa e lebella. Mehlala e meng ke ena.

 Na Bibele e bua ka batho ba kileng ba lakatsa ho shoa?

E. Bibele e re bolella ka ba bang ba ileng ba batla ho shoa. Jehova ha aa ka a ba khalemela, empa o ile a ba thusa. Le uena a ka u thusa.

Elia

  • E ne e le mang? Elia e ne e le moprofeta ea sebete. Empa le eena o ile a nyahama. Jakobo 5:​17 e re: “Elia e ne e le motho ea nang le maikutlo a joaloka a rōna.”

  • Ke hobane’ng ha a ne a batla ho shoa? Ka nako e ’ngoe Elia o ile a tšoha, a utloa eka ha a na thuso le hore ha ho na motho ea mo tsotellang. O ile a kopa a re: “Jehova, tlosa moea oa ka.”​—1 Marena 19:4.

  • O ile a thusoa ke’ng? Elia o ile a phetlela Molimo sefuba. Molimo o ile a mo khothatsa joang? Molimo o ile a mo bontša hore oa mo tsotella a ba a mo bontša matla a hae. O ile a tiisetsa Elia hore ke motho oa bohlokoa a ba a mo fa mothusi ea mo tsotellang le ea nang le bokhoni.

  • Bala ka Elia: 1 Marena 19:​2-18.

Jobo

  • E ne e le mang? Jobo e ne e le monna ea ruileng, ea nang le lelapa le leholo ebile a rapela Molimo oa ’nete ka botšepehi.

  • Ke hobane’ng ha a ne a batla ho shoa? Bophelo ba Jobo bo ile ba fetoha habohloko ka tšohanyetso. O ile a lahleheloa ke lintho tsohle tsa hae, bana ba hae kaofela ba oeloa ke tlokotsi eaba baa shoa, a tšoaroa ke boloetse bo tšabehang eaba ho qetella ho hlaha batho ba buang leshano ba mo qosa ka hore o ipaketse mathata ao. Jobo o ile a re: “Ke tennoe ke bophelo, ha ke rate ho ’na ke phela.”​—Jobo 7:​16, Bibele ea Sesotho.

  • O ile a thusoa ke’ng? Jobo o ile a rapela Molimo a ba a bua le batho ba bang. (Jobo 10:​1-3) O ile a khothatsoa ke motsoalle oa hae Elihu, ea ileng a mo utloela bohloko, a mo thusa ho sheba boemo ba hae ka leihlo le leng. Ka holim’a tsohle Jobo o ile a amohela keletso le thuso ea Molimo.

  • Bala ka Jobo: Jobo 1:​1-3, 13-​22; 2:7; 3:​1-13; 36:​1-7; 38:​1-3; 42:​1, 2, 10-13.

Moshe

  • E ne e le mang? Moshe e ne e le moeta-pele le moprofeta ea tšepahalang oa Baiseraele ba khale.

  • Ke hobane’ng ha a ne a batla ho shoa? Moshe o ne a e-na le boikarabello bo bongata ’me ba ne ba lula ba mo tšoaea liphoso, kahoo ntho eo e ne e mo qeta matla. Ke kahoo a ileng a re ho Molimo: “Ka kōpo mpolaee.”​—Numere 11:​11, 15.

  • O ile a thusoa ke’ng? Moshe o ile a bolella Molimo hore na o ikutloa joang. Molimo o ile a thusa Moshe ho bebofatsa mosebetsi oa hae e le hore a se ke a imeloa.

  • Bala ka Moshe: Numere 11:​4-6, 10-17.

a Haeba maikutlo a ho ipolaea a u imetse haholo empa batho bao u ba tšepang ba le sieo, letsetsa nomoro ea mabaka a tšohanyetso.