Fetela boitsebisong

Lengeloi le ka Sehloohong Mikaele ke Mang?

Lengeloi le ka Sehloohong Mikaele ke Mang?

Karabo ea Bibele

 Mikaele, eo malumeli a mang a reng ke “Mohalaleli Mikaele,” ke lebitso leo ho bonahalang le ile la fuoa Jesu pele le ka mor’a hore a tle lefatšeng. a Mikaele o ile a pheha khang le Satane ka mor’a lefu la Moshe ’me o ile a thusa lengeloi ho fetisetsa molaetsa oa Molimo ho moprofeta Daniele. (Daniele 10:​13, 21; Juda 9) Mikaele o phelela lebitso la hae le bolelang “Ke Mang ea Tšoanang le Molimo?” ka hore a sireletse bobusi ba Molimo le ho loantša lira tsa Molimo.​—Daniele 12:1; Tšenolo 12:7.

 Bona mabaka a etsang hore re fihlele qeto ea hore Jesu ke eena lengeloi le ka sehloohong Mikaele.

  •   Mikaele ke “lengeloi le ka sehloohong.” (Juda 9) Tlotla “lengeloi le ka sehloohong,” e hlaha habeli feela litemaneng tsa Bibele. Maemong ana a mabeli lentsoe lena le bonngoeng e leng se bolelang hore ke lengeloi le le leng feela le bitsoang ka tlotla ena. E ’ngoe ea litemana tsena e bontša hore Morena Jesu ea tsositsoeng bafung “o tla theoha leholimong ka mohoo o laelang, ka lentsoe la lengeloi le ka sehloohong.” (1 Bathesalonika 4:​16) Jesu o na le “lentsoe la lengeloi le ka sehloohong” hobane ke eena Mikaele, lengeloi le ka sehloohong.

  •   Mikaele o laela lebotho la mangeloi. “Mikaele le mangeloi a hae ba loana le drakone,” e leng Satane. (Tšenolo 12:7) O na le bolaoli ho libopuoa tsa moea, ’me o bitsoa “e mong oa likhosana tse ka pele-pele” le “khosana e kholo.” (Daniele 10:​13, 21; 12:1) Litlotla tsena li bontša hore Mikaele ke “molaoli ea ka sehloohong oa lebotho la mangeloi,” joalokaha David E. Aune eo e leng setsebi sa Testamente e Ncha a bontša.

     Bibele e boetse e bua ka lebitso le leng hape la motho ea okametseng lebotho la mangeloi. E re “tšenolong ea Morena Jesu ho tsoa leholimong le mangeloi a hae a matla ka mollo o tukang, ha a tlisa phetetso.” (2 Bathesalonika 1:​7, 8; Matheu 16:​27) Jesu “o ile a ea leholimong, ’me mangeloi le balaoli le ba matla ba ile ba behoa tlas’a hae.” (1 Petrose 3:​21, 22) E ne e ke ke ea e-ba ntho e utloahalang hore Molimo a etse hore Jesu le Mikaele ba loanele ho ba balaoli ba mangeloi a halalelang. Ho e-na le hoo, ke ho utloahalang ho fihlela qeto ea hore Jesu le Mikaele ke motho a le mong.

  •   Mikaele “o tla raoha” ka “nako ea mahlomola” a maholo. (Daniele 12:1) Bukeng ea Daniele, poleloana “o tla raoha” hangata e sebelisoa ha ho buuoa ka morena ea tla nka khato e khethehileng. (Daniele 11:​2-4, 21) Jesu Kreste o hlalosoa e le “Lentsoe la Molimo,” ’me o tla nka khato joaloka “Morena oa marena” ho felisa lira tsohle tsa Molimo le ho sireletsa batho ba hae. (Tšenolo 19:​11-​16) O tla etsa seo nakong ea “matšoenyeho a maholo ao a kang ’ona a e-s’o ka a e-ba teng ho tloha tšimolohong ea lefatše.”​—Matheu 24:​21, 42.

a Bibele e bitsa batho ba bang ka mabitso a fapaneng joaloka Jakobo (o boetse o bitsoa Iseraele), Petrose (o boetse o bitsoa Simone) le Thadiase (o boetse o bitsoa Judase).​—Genese 49:​1, 2; Matheu 10:​2, 3; Mareka 3:​18; Liketso 1:13.