Fetela boitsebisong

Batsoali ba ka Ruta Bana ka Thobalano Joang?

Batsoali ba ka Ruta Bana ka Thobalano Joang?

Karabo ea Bibele

Ke mang ea lokelang ho ruta bana ka thobalano? Bibele e re ke boikarabelo ba batsoali, ’me batsoali ba bangata ba thusitsoe ke litlhahiso tse latelang:

  • U se ke ua hlajoa ke lihlong. Bibele e bua ka ho toba ka thobalano le ka litho tsa botona kapa tsa botšehali, ’me Molimo o ile a bolella sechaba sa Iseraele hore “bana ba banyenyane” ba lokela ho rutoa ka litaba tse joalo. (Deuteronoma 31:12; Levitike 15:​2, 16-​19) U ka sebelisa mantsoe a hlomphehang a etsang hore ho bua ka thobalano kapa litho tsa botona le tsa botšehali e se ke ea e-ba taba e hlabisang lihlong.

  • Ruta ngoana butle-butle. Ho e-na le ho buisana le ngoana hang ka thobalano ha a kena lilemong tsa bocha, mo bolelle butle-butle lintho tseo a tla khona ho li utloisisa.​—1 Bakorinthe 13:11.

  • Mo rute melao ea boitšoaro. Bana ba ka ’na ba rutoa ka thobalano sekolong. Leha ho le joalo, Bibele e khothalletsa batsoali hore ba rute bana litho tsa ’mele tsa botona le tsa botšehali le hore ba ba rute tsela e nepahetseng ea ho li sebelisa.​—Liproverbia 5:​1-​23.

  • Mamela ngoana oa hao. U se ke ua phahamisa matšoafo kapa ua potlakela ho nahanela ngoana hampe ha a u botsa ka litaba tsa thobalano. Ho e-na le hoo, ‘u potlakele ho utloa, u liehe ho bua.’​—Jakobo 1:​19.

Kamoo u ka sireletsang ngoana ho batho ba hlekefetsang bana ka thobalano

Ruta ngoana ho itoanela ha a hlekefetsoa

  • Itlhomelle. Ithute hore na ke lintho life tseo batho ba hlekefetsang bana ba tloaetseng ho li etsa.​—Liproverbia 18:15; sheba khaolo ea 32 bukeng ea Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1.

  • Tseba se etsahalang bophelong ba ngoana. U se ke ua siea ngoana tlhokomelong ea motho eo u sa tsebeng hore na o oa tšepahala kapa che, ’me u se ke ua mo lumella hore ‘a itaole.’​—Liproverbia 29:15.

  • Mo rute hore na o lokela ho mamela maemong afe. Bana ba lokela ho ithuta ho mamela batsoali ba bona. (Bakolose 3:20) Empa ha u ruta ngoana hore o lokela ho mamela motho leha e le ofe e moholo nako ena kaofela, u etsa hore ho be bonolo hore a hlekefetsoe. Batsoali ba Bakreste ba ka re ho ngoana, “Haeba motho e mong a re u etse ntho eo Molimo a reng e fosahetse, u se ke ua e etsa.”​—Liketso 5:​29.

  • Bontša ngoana hore na a ka itšireletsa joang. Ruta ngoana hore na a ka etsa’ng ha u le sieo ’me motho e mong a leka ho mo qhekella. Ha u bontša ngoana seo a lokelang ho se etsa, seo se tla mo fa sebete sa hore a re “Ntlohele! Ke il’o bolela!” ’me a balehe. U ka ’na ua lokela ho “lula u hopotsa bana ba hao” seo, kaha bana baa lebala.​—Deuteronoma 6:7, Contemporary English Version.