Fetela boitsebisong

25 FEBRUARY 2022
France

Buka ea Matheu e Lokollotsoe ka Puo ea Matsoho ea Sefora

Buka ea Matheu e Lokollotsoe ka Puo ea Matsoho ea Sefora

Ka la 19 February 2022, Mora oa bo rona Didier Koehler, setho sa komiti ea lekala la Fora, o ile a lokolla Bibele​—kosepele ea Matheu ka puo ea matsoho ea Sefora (LSF). Bibele ena e se e fumaneha ho jw.org le ho app ea JW Library Sign Language. Ena ke buka ea pele ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang eo Lipaki Tsa Jehova li e lokolotseng ka puo ea matsoho ea Sefora (LSF).

Batho ba ka bang 1 500 ba ile ba shebella khaso ea lenaneo la ho lokolloa ha Bibele ena. Puong ea hae, Mor’abo rona Koehler o ile a hlalosa: “Kaha puo ea matsoho ea Sefora ke puo e bonoang, molaetsa o fetisoa ka ho sebelisa matsoho. Sefahleho, mahlo le ’mele li bontša maikutlo a batho bao ho buuoang ka bona. Re bona ntho e ngoe le e ngoe! Sena se etsa hore ho be bonolo haholo ho utloisisa kapa ho bona ka ho hlaka litlaleho tse tsoang Bibeleng!”

Lipaki Tsa Jehova li ile tsa hlophisa mosebetsi oa boboleli oa puo ea matsoho ea Sefora (LSF) ho tloha bofelong ba lilemo tsa bo 1960. Ka bo 1972, ho ile ha thehoa phutheho ea pele ea puo ea matsoho ea Sefora (LSF) motseng o Paris, Vincennes, Fora. Hoo e ka bang ka selemo sa 2002 Sehlopha se Busang se ile sa fa Komiti ea Lekala la Fora tumello ea ho theha ofisi ea phetolelo ea puo ea matsoho ea Sefora (LSF). Ka 2019, nakoana pele ho seoa sena, sehlopha sa bafetoleli se ile sa fallela Bethele e Louviers, Fora. Kajeno ho na le liphutheho tse 11 tsa puo ea matsoho le lihlopha tse 39 ho pholletsa le tšimo ea lekala la Fora.

Se seng sa liboka tsa pele Fora, tsa phutheho ea Puo ea Matsoho ea Fora Vincennes, lilemong tsa bo-1972. Boholo ba batho ba phutheho ena ba etsa seka-selikalikoe ho e-na le ho etsa mola. Sena se nolofalletsa bamameli ho bona litlhaloso tsa ba bang.

Mosebetsi oa ho fetolela Bibele ka puo ea matsoho ea Sefora (LSF) o ile oa qala ka tlaleho ea Kosepele ea Matheu. Kosepele ea Johanne e tla lokolloa ha morao. Litlaleho tsena tse peli tsa bophelo ba Jesu li tsebahala haholo,’me kaha li pheta pale, ho bonolo ho li fetolela ho feta libuka tse ling tsa Bibele. Pele buka ea Matheu e lokolloa, bahoeletsi ba ne ba e-na le litemana tsa Bibele tsa puo ea matsoho ea Sefora (LSF) tse fokolang feela.

Morali e mong oa bo rona ea sa utloeng litsebeng eo e leng setho sa sehlopha sa bafetoleli o ile a re: “Ha ke sa le ngoana, ke ne ke sheba litšoantšo tse bukeng ea Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela ka makhetlo a mangata. Ha ke shebella buka ea Matheu ka puo ea matsoho ea Sefora (LSF), litšoantšo tsena kaofela li ile tsa khutla kelellong ea ka. Ka lekhetlo la pele bophelong ba ka, ke ile ka utloisisa molaetsa oo ka botlalo.”

Setho se seng sa sehlopha sa bafetoleli se ile sa re: “Esale ke lakatsa eka batsoali ba ka ba sa utloeng litsebeng ba ka ba le Bibele ea puo ea matsoho ea Sefora (LSF). Empa ha ho mohla nkileng ka nahana hore nka ba karolo ea sehlopha sa bafetoleli ba Bibele ea puo ena. Buka ena ea Matheu ea puo ea matsoho ea Sefora (LSF) ke mpho e babatsehang!”

Sehlopha sa bafetoleli ba puo ea matsoho ea Fora se rekota setudiong sa bona se Bethele e Louviers, Fora

Ho lokolloa ha buka ena ea Bibele ea puo ea matsoho ea Sefora (LSF) ho re thabisa haholo. Ke bopaki bo bong ba hore Jehova o mema batho bohle hore ba “nke metsi a bophelo ntle ho tefo.”​—Tšenolo 22:17