Fetela boitsebisong

Na Lipaki Tsa Jehova li na le Bibele ea Tsona?

Na Lipaki Tsa Jehova li na le Bibele ea Tsona?

Lipaki Tsa Jehova li ’nile tsa sebelisa liphetolelo tse ngata tse fapaneng ha li ithuta Bibele. Leha ho le joalo, lipuong tseo Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang e fumanehang ka tsona, re thabela ho sebelisa eona kaha e sebelisa lebitso la Molimo, e nepahetse ebile e hlakile.

  • E sebelisa lebitso la Molimo. Bahatisi ba bang ba Bibele ba sitoa ho lebisa tlotla ho Mongoli oa eona. Ka mohlala, phetolelo e ’ngoe ea Bibele e thathamisitse mabitso a batho ba fetang 70, bao ka tsela e itseng ba kentseng letsoho tlhahisong ea eona. Empa, Bibele eona eo e siile lebitso la Mongoli oa eona​—Jehova Molimo​—ka ho feletseng!

    Ho fapana le moo, Phetolelo ea Lefatše le Lecha e khutliselitse lebitso la Molimo libakeng tsohle tse likete tseo le neng le hlaha ho tsona libukeng tsa pele, le hoja komiti e e fetoletseng e sa thathamisa mabitso a litho tsa eona.

  • Ho nepahala. Hase liphetolelo tsohle tse fetisang molaetsa oa Bibele ka tsela e tšoanang le ea lipuo tseo e neng e ngotsoe ka tsona qalong. Ka mohlala, phetolelo e ’ngoe e fetoletse Matheu 7:​13 ka tsela ena: “Kenang ka heke e moqotetsane, hobane heke e eang liheleng e sephara ’me tsela e eang teng e bonolo.” Leha ho le joalo, mantsoe a qalong a ne a sebelisitse lentsoe “timetso,” eseng “lihele.” Mohlomong bafetoleli bao ba ile ba ikenyetsa lentsoe “lihele” hobane ba lumela hore batho ba khopo ba tla hlokofatsoa ka ho sa feleng mollong oa lihele. Empa Bibele ha e tšehetse khopolo eo. Ke ka lebaka leo, Phetolelo ea Lefatše le Lecha ka ho nepahala e reng: “Kenang ka heke e moqotetsane; hobane tsela e isang timetsong e pharaletse ebile e khōlō.”

  • E hlakile. Phetolelo e ntle ha ea lokela ho nepahala feela empa e boetse e lokela ho hlaka, ho be bonolo ho e utloisisa. Nahana ka mohlala ona. Ho Baroma 12:11, moapostola oa Mokreste Pauluse o sebelisitse poleloana eo ka ho toba e bolelang “ho bela moeeng.” Kaha poleloana eo ha e utloahale hantle ka Senyesemane sa kajeno, Phetolelo ea Lefatše le Lecha e fetolela temana eo ka tsela eo ho leng bonolo ho e utloisisa. E re Bakreste ba lokela ho ba ba “chesehang moeeng.”

Ho phaella tabeng ea hore Phetolelo ea Lefatše le Lecha e sebelisa lebitso la Molimo, e nepahetse ebile e hlakile, e boetse e na le ntho e ikhethang: E fanoa ntle ho tefo. Ka lebaka leo, batho ba limilione ba khona ho bala Bibele ka puo ea habo bona​—esita le batho ba neng ba ke ke ba khona ho ithekela Bibele.