Fetela boitsebisong

Kabo ea Mangolo ea Sehlopha sa bo137 sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower

Kabo ea Mangolo ea Sehlopha sa bo137 sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower

Ka la 13 September, 2014, sehlopha sa bo137 sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower se ile sa fuoa mangolo sekolong sa Lipaki Tsa Jehova se Patterson, New York. Sekolo sena se koetlisa baboleli ba Lipaki Tsa Jehova ba seng ba ntse ba e-na le phihlelo hore ba hōlise liphutheho le makala ao ba romeloang ho ’ona. Ke batho ba 12 333 ba neng ba shebeletse lenaneo la phano ea mangolo, ekaba hona moo Patterson kapa ba le shebeletse ka video ba le libakeng tse kang Canada, Jamaica, Puerto Rico le United States.

Samuel Herd e leng e mong oa Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova, e ne e le molula-setulo. Mantsoeng a hae a bulang, o ile a bolela kamoo menahano ea Jehova e phahametseng ea rōna kateng. (Esaia 55:8, 9) O ile a re le hoja liithuti tsa Gileade li nkile likhoeli tse hlano li ntse li ithuta ka menahano ea Molimo, li sa na le ho hongata hoo li ka ithutang hona ka Jehova. (Jobo 26:14) Mor’abo rōna Herd o ile a re kamehla ha re kopana ’me re bua ka menahano ea Molimo re rua molemo ’me ka tsela e tšoanang re rua molemo lenaneong lena la phano ea mangolo.

“Litholoana Tsa Moea ke . . . Mamello.” (Bagalata 5:22 NWT) John Larson eo e leng setho sa Komiti ea Lekala la United States, o ile a bua ka litsela tse peli tseo ka tsona re ka bontšang mamello, e leng tšobotsi ea tholoana ea moea oa Molimo. Ea pele, re lokela ho ba le mamello ha Jehova a ntse a re koetlisa e le hore re lule re tiile tumelong. (1 Petrose 5:10) Abrahama o ile a beha mohlala o motle oa mamello ha Jehova a ntse a mo koetlisa ’me qetellong A phethahatsa tšepiso eo A mo fileng eona.Baheberu 6:15.

Ea bobeli, ha rea lokela ho iphella pelo. Ka mor’a hore liithuti li fuoe thupelo ea Gileade, li ka ’na tsa lebella hore li etse ho hongata ho feta kamoo li ka khonang. Haeba lintho li sa tsamaee kamoo li neng li lebeletse kateng hang ka mor’a hore li fihle likabelong tsa tsona, li ka ’na tsa ipotsa tsa re, ‘Ebe bothata ba ka ke bofe?’ Mor’abo rōna Larson o ile a bua ho tsoa phihlelong ’me a ba kholisa hore ba ka hlōla liteko ka hore ba se ke ba iphella pelo ’me ba lule ba khothetse mosebetsing oa bona, ha Molimo a qeta koetliso ea bona.Baheberu 6:11, 12.

“E se Eka Lipelo tsa Lōna li ka Ikokobetsa ’me Tsa Phela ka ho sa Feleng!” Mor’abo rōna Anthony Morris oa Sehlopha se Busang o ile hatisa karolo e qetellang ea Pesaleme ea 22:26, e reng “e se eka lipelo tsa lōna li ka phela ka ho sa feleng.” E le hore re fumane tlhohonolofatso ena, re lokela ho ikokobetsa. Mor’abo rōna Morris o ile a hatisa hore re ke ke ra ba batho ba molemo ho Jehova haeba re sa ikokobetse. Kaofela ha rōna, esita le bao e leng Bakreste ba nako e telele, re ka lebala hore na ke habohlokoa hakae hore re tšoane le Jesu Kreste.2 Petrose 1:9.

Bibele e fana ka mehlala ea batho ba ileng ba ikokobetsa le ba sa kang ba ikokobetsa. Ka boikhohomoso Heroda Agripa o ile a lumela ho fuoa thoriso e lokelang Molimo feela, eaba lengeloi la Molimo lea mo otla ’me o “jeoa ke libōkō.” (Liketso 12:21-23) Ho fapana le Heroda, ka mor’a hore Jesu a khalemele Petrose ha a ne a “nahana menahano ea batho, eseng ea Molimo,” Petrose ha aa ka a koata kapa a halefa. (Matheu 16:21-23) O ile a amohela khalemelo ’me a re behela mohlala oa boikokobetso.1 Petrose 5:5.

Kaha liithuti tse ling li tla etsa tšebeletso ea Bethele ho tse ling tsa liofisi tsa makala a Lipaki Tsa Jehova, Mor’abo rōna Morris o ile a re tse ling li ka sulafalloa ke tšebeletso eo haeba li se na boikokobetso. Leha ho joalo, motho a ke ke a hlokomela habonolo hore ha a na boikokobetso. E le ho hatisa taba, o ile a re lilemong tse ngata tse fetileng moholo e mong o ile a fuoa khalemelo ka ho se bontše boikokobetso, eaba o ngolla ofisi ea lekala o re: “Ke monna ea ikokobelitseng ka ho fetisisa.” Mor’abo rōna Morris o ile a khothalletsa liithuti hore li qobe moea o joalo. Ba tla lula ba ikokobelitse haeba ba qoba ho nka hore boikarabelo ba bona bo etsa hore ba phahamele ba bang, ho e-na le hoo, ba hlokomele hore bolaoli ba sebele ke ba Jehova Molimo le Jesu Kreste.

“Ha ‘a Fane ka Moea ka Tekanyo.’” (Johanne 3:34) Mokoetlisi oa Gileade e leng Michael Burnett, o ile a hopotsa liithuti hore moea o halalelang o tla ba thusa hore ba hlōle liteko le lipelaelo tse ka hlahang ha ba le likabelong tsa bona. Moea oa Molimo o ile oa thusa Bezaliele hore a hlōle liteko ha a phetha kabelo ea hae ea ho haha tabernakele. (Exoda 35:30-35) Moea o halalelang ha oa ka oa mo thusa feela hore ebe setsebi sa mesebetsi ea matsoho empa o ile oa boela oa mo thusa hore a khone ho ruta ba bang. Moea o halalelang o ka etsa se tšoanang ho liithuti tsa Gileade, haholo-holo haeba li ruta li sebelisa Mangolo feela joalokaha li rutiloe.

Mehleng ea Bezaliele, basali ba Baiseraele ba ne ba phetha karolo ea bohlokoa bakeng sa ho haha tabernakele. (Exoda 35:25, 26, Bibele ea Sesotho) Ka ho tšoanang, baralib’abo rōna ba bontša hore “ba masene” kaha ba tšehetsa banna ba bona. Mor’abo rōna Burnett o ile a phethela ka ho eletsa liithuti ’me a re: “Leka-lekanya bokhoni ba hao ka hore u ikokobetse ’me u be le moea oa ho mamela. Haeba u etsa joalo, Jehova o tla u fa moea oa hae ka botlalo.”

“Na U ka Tantša le ’Na?” Mor’abo rōna Mark Noumair e leng mothusi oa Komiti ea Thuto, o ile a hōlisa sehlooho sa hae ka ho sebelisa mohlala oa ha Morena Davida a ne a laetse hore ho tlisoe areka ea selekane Jerusalema. (2 Samuele 6:12-14) Ka boikokobetso Davida o ile a tantša le “makhabunyane a bahlanka ba hae” ha Areka e tlisoa. (2 Samuele 6:20-22) Makhabunyane ao a ne a ke ke a lebala letsatsi leo ka lona Davida a ileng a tantša le ’ona. Mor’abo rōna Noumair o ile a ipiletsa ho liithuti hore li ‘tantše le makhabunyane.’ O ile a ba botsa a re: “Na u tla tsebahala o le motho ea thusang batho ba nang le boikarabelo bo fokolang kapa ba se nang bona ho hang? . . . Na u nka batho e le ba bohlokoa ho latela litšoaneleho tsa bona tsa moea?”

Liithuti li tla be li etsisa Jehova haeba li tsoela pele ho bontša mosa o lerato ka tsela eo. (Pesaleme ea 113:6, 7) Esita le haeba batho ba bang ba har’a tsona ba ka hlōleha ho ikokobetsa, liithuti ha lia lokela ho lumella ho se phethahale ho joalo hore ho li ame. Mor’abo rōna Noumair o ile a phaella ka ho re: “U lokela ho inka u se motho oa bohlokoa. Tšoara linku tsa Jehova ka tsela eo A neng A tla li tšoara ka eona.”

“Ho Sebelisa Monyetla o Mong le o Mong ho Paka.” William Samuelson, ea okametseng Lefapha la Likolo tsa Puso ea Molimo, o ile a bua ka moapostola Pauluse e le e mong oa ba neng ba sebelisa monyetla o mong le o mong hore a bolele litaba tse molemo. (Liketso 17:17) Mor’abo rōna Samuelson o ile a thusa liithuti hore li etse lipontšo tsa liphihlelo tseo li bileng le tsona tšimong ha li le Gileade. Ka mohlala, banyalani ba bang ba ile ba kopana le mosali ea rekisang lebenkeleng la lijo. Ba ile ba emela hore bareki ba fokotsehe eaba ba mo bontša video ea Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Ithuta Bibele? Ba ile ba boela ba mo isa ho jw.org, moo a ka iphumanelang boitsebiso ka puo ea habo ea Selaotia. Banyalani bao ba ile ba khutlela ho eena e le hore ba hlaolele thahasello ea hae.

“Lula o Fumaneha Bakeng sa Tšebeletso ea ’Muso.” William Nonkes, ea sebetsang Lefapheng la Tšebeletso le lekaleng la United States, o ile a buisana le liithuti tse ’nè tse tlil’o fuoa mangolo. Ho latela Esaia 6:8, ba ne ba se ba ikentse ba fumanehang bakeng sa tšebeletso ea ’Muso, empa ba ithutile ho etsa ho fetang hoo. Morali’abo rōna Snolia Maseko o ile a re sekolo sa Gileade se mo bontšitse moo a lokelang ho ntlafatsa teng, haholo-holo bakeng sa ho sebelisa nako ka bohlale esita le ka mor’a ho etsa tšebeletso letsatsi lohle. O ile a re: “Thupelo ena e nthusitse hore ke etse le lintho tseo ke neng ke sa nahane hore nka li etsa.” Mor’abo rōna Dennis Nielsen eena o ile a ithuta kamoo taba e tlalehiloeng ho Sofonia 3:17 e ka mo thusang kateng hore a qobe ho nyahama ha a le tšimong. Mor’abo rōna Nielsen o ile a re: “Haeba ke le tšimong ’me ke sa bone litholoana, ke lokela ho hopola hore Jehova o thabile haholo ’me le ’na ke lokela ho thaba.”

“Talimang Linonyana Tsa Leholimo.” (Matheu 6:26) Stephen Lett, e leng setho sa Sehlopha se Busang, o ile a fana ka puo ea sehlooho. Ho latela thuto ea Jesu ea hore re ‘talime’ kapa re hlahlobisise linonyana, Mor’abo rōna Lett o ile a bolela lintho tse ’maloa tseo re ka ithutang tsona.Jobo 12:7.

Ka mohlala, feela joalokaha Jehova a fepa linonyana, le rōna o tla re hlokomela. Re litho tsa lelapa la Molimo, kahoo o re tšepisa hore o tla ‘lokisetsa hore ho be le lintho tse hlokahalang bakeng sa bao e leng ba hae.’ (1 Timothea 3:15; 5:8) Leha ho le joalo, ho na le seo re lokelang ho se etsa. Feela joalokaha linonyana li lokela ho batla lijo tseo Molimo a li lokisitseng, re lokela ho tsoela pele re ‘batla ’muso pele’ e le hore re fumane tlhohonolofatso ea hae.Matheu 6:33.

Mor’abo rōna Lett o ile a boela a bontša hore linonyana tse ngata li etsa lerata ha li bona kotsi. Ka ho tšoanang, re lokela ho lemosa ba bang ha ho hlokahala, ka mohlala, ha mor’abo rōna a “nka mohato o fosahetseng pele a o hlokomela.” (Bagalata 6:1) Re boetse re lemosa batho ka “letsatsi la Jehova” le ntseng le atamela ka potlako ka hore re ba bolelle litaba tse molemo. (Sofonia 1:14) Mohlaleng o mong Mor’abo rōna Lett o ile a re joalokaha linonyana tse fallang li fofela ka holim’a lithaba, re hlōla litšitiso tse matla ka thuso ea Jehova.Matheu 17:20.

Sephetho. Liithuti li ile tsa fumana mangolo a tsona ’me ka mor’a moo, e mong oa tsona a bala lengolo le ngotsoeng ke sehlopha. Ha Mor’abo rōna Herd a li fera, o ile a bapisa mehato ea ho kenya menahano ea Jehova ka lipelong tsa rōna le ho kokotela lipekere seporong sa terene. Ho hlokahala hore motho a kokotele sepekere ka makhetlo hore se kene hantle. Ka ho tšoanang, liithuti li lokela ho tsoela pele li nahana ka lintho tseo li ithutileng tsona sekolong sa Gileade. Mor’abo rōna Herd o ile a re: “Le nke nako ho li kokotella lipelong tsa lona. Latelang menahano ea Molimo ’me le tla tsoela ba bang molemo.”