Fetela boitsebisong

Ho Thusa Batho ba Foufetseng Afrika

Ho Thusa Batho ba Foufetseng Afrika

Linaheng tse ling tse futsanehileng, batho ba foufetseng ha ba na lintho tse ba thusang joaloka ba bang ba linaheng tse ruileng. Ka linako tse ling, batho baa ba khesa ’me ha ba fumane thuso eo ba e hlokang ha ba etsa mesebetsi ea letsatsi le letsatsi eo ho batho ba bonang e sa reng letho. Ka mohlala, ba thatafalloa ke lintho tse kang, ho ea ’marakeng ba il’o reka lijo, ho palama bese le ho sebelisa chelete. Ho bala le hona e ka ba bothata. Hase bohle ba khonang ho bala Braille. Hape esita le ba khonang ho e bala, ba ka ’na ba thatafalloa ho fumana lingoliloeng tsa puo ea habo bona.

Lipaki Tsa Jehova li ’nile tsa hatisa lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng tsa Braille ka lilemo tse fetang 100. Haufinyane tjena Lipaki li ile tsa romela mechine e hatisang lingoliloeng tsa Braille ho tloha Netherlands tsa li isa Malawi, e le hore li tle li khone ho hatisa lingoliloeng tsa Sechichewa ka Braille.

Leo, ea nang le boiphihlelo ba ho hatisa lingoliloeng ka Braille, o ile a tloha ofising ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova e Brazil ’me a ea Malawi. O ile a thusana le batho ba bahlano ha ba ntse ba ithuta mechine eo le lenaneo la k’homphieutha la Braille le entsoeng ke Lipaki. Lenaneo lena le ngola mantsoe ka Braille ea Sechichewa. E le hore lenaneo lena le khone ho etsa mosebetsi ona, ba ne ba lokela ho etsa pokello ea litlhaku tsa Sechichewa le tsa Braille. Lenaneo leo le khona ho fetola litlhaku hore ebe tsa Braille le be le hlophise sengoliloeng ka tsela e tla thusa motho ea foufetseng hore a nolofalloe ho se bala. A re ke re bone seo batho ba bang ba lulang Malawi ba se buileng ka lingoliloeng tsa bona tsa Braille.

Munyaradzi ke mosali e mocha ea sebetsang ka nakoana, ea nang lenaneo la hae radiong. O boetse o qeta lihora tse 70 khoeli le khoeli a ruta batho Bibele. O ile a re: “Pele ke ne ke fumana lingoliloeng tsa Braille ka Senyesemane, empa ha ke se ke li fumana ka puo ea ka li nkama pelo le ho feta. Ke ananela boiteko bohle boo Lipaki-’moho le ’na li bo entseng e le ho re thusa hore re fumane lingoliloeng tsa Braille ka puo ea rōna. Sena se etsa hore ke hlokomele hore ha rea lahloa re bile re nkoa re le ba bohlokoa.”

Francis ke Paki e lulang karolong e ka leboea ho Malawi. Kaha ke sefofu, pele o ne a itšetlehile ka batho ba bang hore ba mo balle. Ha a ne a fumana sengoliloeng sa pele sa Braille ka Sechichewa, o ile a re: “Ha ke kholoe se etsahalang. Ke thabile hona hoo!”

Loyce, eo le eena a foufetseng, o qeta nako e ngata a ruta batho Bibele. O se a thusitse batho ba 52 hore ba fetole bophelo ba bona. O entse seo joang? O ruta batho a sebelisa lingoliloeng tsa Braille ha bona ba tšoere tsa batho ba bonang ’me kaofela li hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.

Loyce o ithuta le motho Bibele

Leo, e leng morupeli ea tsoang Brazil, eo ho buuoeng ka eena qalong, o ile a re: “Ke thaba haholo ha ke fa batho lingoliloeng tsa Braille tse thehiloeng Bibeleng ’me ke bona kamoo ba khotsofalang kateng ha ba hlokomela hore li ngotsoe ka puo ea habo bona. Bongata ba bona ba ’nile ba hlalosa kamoo ba lebohang Jehova kateng le kamoo ba thabang kateng ha ba khona ho lokisetsa liboka tsa Bokreste ka bo bona le mosebetsi oa boboleli. Ha ba sa itšetlehile ka batho ba bang hore ba balle. Hona joale thuto ea bona botho ehlile e ba ea botho. Ba nolofalloa ho thusa malapa a bona hore a hōle moeeng. Lingoliloeng tsena li ba thusa hore ba atamele haufi le Jehova.”