Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Tsebahatsoa ha Lebitso la Molimo ka Seswahili

Ho Tsebahatsoa ha Lebitso la Molimo ka Seswahili

“Seswahili.” Ha ho buuoa ka puo ena, batho ba bangata ba hopola Afrika le liphoofolo tse hlaha tse lelerang makhulong a Serengeti. Empa litaba ha li felle moo feela ka Seswahili le batho ba se buang.

SESWAHILI ke puo e buuoang bonyane ke batho ba limilione tse 100 linaheng tse ka bang 12 tse bohareng le tse bochabela ba Afrika. * Ke eona puo e sebelisoang haholo linaheng tse kang Kenya, Tanzania le Uganda. Hape ke puo e tloaelehileng linaheng tsa boahisani ’me e thusa batho ba libaka tse fapaneng ho ntšetsa pele litaba tsa khoebo le ho buisana habonolo.

Seswahili se phethile karolo ea bohlokoa haholo ho kopanya batho ba Afrika Bochabela. Ka mohlala, Tanzania feela, bonyane ho buuoa lipuo tsa merabe e sa tšoaneng tse 114. Nahana feela u nkile leeto la lik’hilomithara tse 40 ho ea ho tse 80 ho tloha haeno ’me u kopana le batho ba buang puo e fapaneng hōle le ea hao! Maemong a mang batho bohle ba buang puo e le ’ngoe ba lula metsaneng e seng mekae feela ka palo. U ne u tla bua joang le bona? Ho hlakile hore na ke hobane’ng ha ho le molemo hakaale hore ho be le puo e le ’ngoe.

Seswahili se Qalile Joang?

Ho bonahala eka batho ba qalile ho bua Seswahili ho tloha lekholong la leshome la lilemo. Se qalile ho ngoloa lekholong la bo16 la lilemo. Batho ba ithutang ho bua Seswahili ba hlokomela ka potlako hore mantsoe a sona a mangata a batla a tšoana le a  Searabia. Ha e le hantle, bonyane mantsoe a Seswahili a etsang liphesente tse ka bang 20 a tsoa puong ea Searabia, ha a mang a mangata a simolohile mantsoeng a Seafrika. Kahoo, ha ho makatse hore ebe ka makholo a itseng a lilemo Seswahili se ne se ngoloa ka mongolo oa Searabia.

Kajeno, Seswahili se ngoloa ka mongolo oa Seroma. Ho tlile joang? Phetoho ee e bakiloe ke eng? E le hore re fumane karabo, re tlameha ho khutlela bohareng ba lekholo la bo19 la lilemo ha baromuoa ba pele ba Europe ba fihla Afrika Bochabela ’me ba ikemiselitse ho bolella baahi ba moo molaetsa oa Bibele.

Ha Lentsoe la Molimo le Qala ho Fihla Afrika Bochabela

Ka 1499, leetong le tummeng la Vasco da Gama, leo ho lona a ileng a pota ka sekepe ntlheng e ka boroa ea Afrika, baromuoa ba Mapotoketsi ba ile ba tlisa Bok’hatholike Afrika Bochabela ka hore ba hahe ’mishone Zanzibar. Leha ho le joalo, le pele ho fela lilemo tse 200, bahanyetsi ba sebaka seo ba ile ba ntša Mapotoketsi le Bokreste boo a neng ba bo tlisitse moo ka ntšoe li sa fohloa.

Ho ile ha feta lilemo tse ling hape tse 150 pele Lentsoe la Molimo le boleloa hape Afrika Bochabela. Lekhetlong lena le ile la tlisoa ke moromuoa oa Mojeremane ea bitsoang Johann Ludwig Krapf. Ha a fihla Mombasa, Kenya, ka 1844, Bomosleme e ne e le bona bolumeli bo boholo lebōpong la Afrika Bochabela, empa batho ba bangata ba phelang moo ba ne ba ntse ba tšoareletse meetlong ea bona le bolumeling ba bona bo amanang le ho se shoe ha moea. Krapf o ne a lumela hore ke habohlokoa hore batho bohle ba be le Bibele.

Phetolelo ea Johann Krapf ea 1847 ea Genese 1:1-3 ka Seswahili

Krapf o ile a potlakela ho ithuta Seswahili. Ka June 1844, nakoana ka mor’a hore a fihle moo, o ile a qala mosebetsi o boima oa ho fetolela Bibele. Ka masoabi, khoeling e latelang feela, o ile a oeloa ke bomalimabe ba ho shoeloa ke mosali ka mor’a lilemo tse peli ba nyalane, eaba ka mor’a matsatsi a se makae ha latela lefu la lesea la bona. Le hoja ho se pelaelo hore sena se ile sa mo utloisa bohloko, ha aa ka a emisa mosebetsi oo oa bohlokoa oa ho fetolela Bibele. Ka 1847, ho ile ha hatisoa likhaolo tsa pele tse tharo tsa buka ea Genese ’me ea e-ba tsona sengoliloeng sa pele se ileng sa hatisoa ka Seswahili.

Krapf ke eena ea ileng a qala ho ngola Seswahili ka mongolo oa Seroma ho e-na le ho se ngola ka mongolo o tloaelehileng oa Searabia. A mang a mabaka ao a ileng a fana ka ’ona ha a tlohela mongolo oa Searabia e ne e le hore “litlhaku tsa Searabia li tla thatafalla batho ba Europe” ba neng ba tla ithuta Seswahili hamorao le hore “mongolo oa Seroma o ne o tla nolofalletsa ‘Baahi ba moo ho ithuta lipuo tsa Europe.’” Ba bang ba ile ba tsoela pele ka mongolo oa Searabia ka lilemo tse ngata; likarolo tse ling tsa  Bibele li ile tsa hatisoa ka oona. Leha ho le joalo, mongolo oa Seroma o hlile o nolofalelitse ba bangata hore ba ithute Seswahili. Ha ho pelaelo hore baromuoa ba bangata le batho ba bang ba ithutang Seswahili ba thaba haholo hore ebe ho ile ha etsoa phetoho ena.

Krapf ke eena motho oa pele oa ho fetolela Lentsoe la Molimo ka Seswahili, a ba a rala motheo bakeng sa bafetoleli ba tlileng ka mor’a hae. O ile a ngola buka ea pele ea sebōpeho-puo ea Seswahili, a ba a ngola le dikishinari ea puo eo.

Lebitso la Molimo ka Seswahili

Karolo ea Matheu khaolo ea pele ka Seswahili sa mongolo oa Searabia, 1891

Ha ho hatisoa likhaolo tsa pele tse tharo tsa Genese, lebitso la Molimo le ne le fetoletsoe e le “Molimo ea Matla ’Ohle.” Leha ho le joalo, ho ea qetellong ea lekholo la bo19 la lilemo, ho ile ha fihla banna ba bang ba bangata Afrika Bochabela ba ileng ba ntšetsa pele mosebetsi oa ho fetolela Bibele eohle ka Seswahili. Ba bang ba bona e ne e le Johann Rebmann, William Taylor, Harry Binns, Edward Steere, Francis Hodgson le Arthur Madan.

Se hlokomelehang ho tse ling tsa liphetolelo tseo tsa pejana ke hore ha lia kenya lebitso la Molimo libakeng tse seng kae feela, li ile tsa le kenya hohle Mangolong a Seheberu! Ba neng ba fetolela ba le Zanzibar ba ile ba fetolela lebitso la Molimo e le “Yahuwa,” ba neng ba le Mombasa bona ba le fetolela e le “Jehova.”

Ka 1895 ho ne ho e-na le Bibele e feletseng ea Seswahili. Lilemo tse mashome ka mor’a moo, ho ile ha etsoa liphetolelo tse ling tse ngata, le hoja tse ling tsa tsona li sa ka tsa ajoa haholo. Mathoasong a lekholo la bo20 la lilemo, ho ile ha etsoa boiteko bo boholo ba hore Seswahili se tšoane Afrika Bochabela. Ka lebaka lena, ka 1952, ho ile ha etsoa khatiso ea Bibele ea Swahili Union Version, e leng eona phetolelo e sebelisoang haholo. Sena se ile sa boela sa fella ka hore phetolelo e amohelehang haholo ea lebitso la Molimo ka Seswahili e be “Yehova.”

Serapa se nang le lebitso la Molimo, Jehova, leqepheng le qalang la khatiso ea Swahili Union Version

Ka masoabi, ha liphetolelo tseo tsa pele li khaotsa ho hatisoa, lebitso la Molimo le lona le ile la qala ho nyamela le tsona. Liphetolelo tse ling tsa morao-rao li le tlositse ka ho feletseng, empa tse ling li le ngotse libakeng tse seng kae feela. Ka mohlala, khatisong ea Union Version, lebitso la Molimo le ne le hlaha ka makhetlo a 15 feela, empa ha e ntlafatsoa ka 2006, le ile la hlaha ka makhetlo a 11 feela. *

Liphetolelo tsa pele tse bontšang lebitso la Molimo le fetoletsoeng e le “Yahuwa” le “Jehova”

Le hoja phetolelo eo e siile lebitso la Molimo hoo e batlang e le hohle moo le hlahang teng, e na le se seng sa bohlokoa. Ho le leng la maqephe a qalang, ho na le polelo e ngotsoeng ka ho hlaka e bolelang hore lebitso la Molimo ke Jehova. Sena se thusitse batho ba batlang ’nete haholo hore ba ithute lebitso la Ntate oa rōna ea leholimong Libibeleng tsa bona.

Empa litaba ha li felle mona feela. Ka 1996 ho ile ha lokolloa Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste ka Seswahili. Phetolelo ena ke eona ea pele ea Seswahili e khutliselitseng  lebitso la Jehova ka makhetlo a 237 ho tloha ho Matheu ho ea ho Tšenolo. Ka 2003 e ile ea lateloa ke Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang, ’me eona ke Bibele e feletseng ea Seswahili. Ho fihlela joale, ho hatisitsoe Libibele tse 900 000 tsa Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Seswahili.

Lebitso la Molimo ha le sa patiloe ka litlotla tse itseng kapa hona ho ngoloa feela tjee tlhalosong ea selelekela. Hona joale, ha batho ba lipelo li ntle ba phetla Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Seswahili, ba ikutloa ba le haufi le Jehova nako le nako ha ba bala moo lebitso la hae le hlahang ka makhetlo a fetang a 7 000.

Phetolelong ena, ho boetse ho entsoe boiteko ba ho sebelisa Seswahili se bonolo sa mehleng ena, se tsejoang ke batho bohle ba buang Seswahili ba Afrika Bochabela. Ho feta moo, ho ntšitsoe liphoso tse ngata tsa Mangolo tse ileng tsa kenella liphetolelong tse ling. Ka lebaka leo, ’mali a ka ikutloa a kholisehile hore o bala “mantsoe a nepahetseng a ’nete” joalokaha a bululetsoe ke ’Mōpi oa rōna, Jehova Molimo.—Moeklesia 12:10.

Ba bangata ba thabela ho sebelisa “Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang” ka Seswahili

Batho ba bangata ba ile ba bontša hore ba ananela Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Seswahili. Vicent ea lilemo li 21, e leng e mong oa Lipaki Tsa Jehova ea qetang nako e ngata mosebetsing oa boboleli, o ile a re, “Ke ile ka thaba haholo ha ke hlokomela kamoo Phetolelo ea Lefatše le Lecha e sebelisitseng Seswahili se utloisisehang habonolo kateng le hore e khutliselitse lebitso la Jehova libakeng tseo liphetolelo tse ling li le tlositseng ho tsona.” ’Mè e mong oa bana ba bararo ea bitsoang Frieda, o bolela hore phetolelo ena e mo nolofalelitse ho hlalosetsa batho linnete tsa Bibele.

Ho tloha ha mosebetsi oa ho fetolela Lentsoe la Molimo ka Seswahili o qala, o tsoetse pele ka lilemo tse fetang 150. Jesu o boletse hore o ‘senotse lebitso la Ntate oa hae.’ (Johanne 17:6) Hona joale, Lipaki Tsa Jehova tse fetang 76 000 tse buang Seswahili bohareng le bochabela ba Afrika, lia thaba hore ebe li kentse letsoho ho tsebiseng batho bohle lebitso la Jehova, li sebelisa Phetolelo ea Lefatše le Lecha.

^ ser. 3 Seswahili se buuoa ka litsela tse sa tšoaneng linaheng tsena.