Fetela boitsebisong

Ke Hobane’ng ha le sa Keteke Easter?

Ke Hobane’ng ha le sa Keteke Easter?

Maikutlo a fosahetseng

Khopolo-taba: Lipaki Tsa Jehova ha li keteke Easter hobane hase Bakreste.

’Nete: Re lumela hore Jesu Kreste ke Mopholosi oa rōna, ’me re leka ka hohle ‘ho latela mehato ea hae haufi-ufi.’—1 Petrose 2:21; Luka 2:11.

Khopolo-taba: Ha le lumele hore Jesu o ile a tsosoa bafung.

’Nete: Rea lumela hore Jesu o ile a tsosoa; ke thuto ea motheo ea Bokreste ’me re hatisa ntlha ena ha re ruta batho Bibele.—1 Bakorinthe 15:3, 4, 12-15.

Khopolo-taba: Ha le tsotelle ha bana ba lōna ba fetoa ke monate oa phomolo ea Easter.

’Nete: Re rata bana ba rōna—re leka ka hohle ho ba ruta le ho etsa hore ba thabe.—Tite 2:4.

Ke hobane’ng Lipaki Tsa Jehova li sa keteke Easter?

  • Ho ketekoa ha letsatsi la phomolo la Easter ha hoa thehoa Bibeleng.

  • Jesu o ile a laela hore re ikhopotse lefu la hae, eseng tsoho ea hae. Re tšoara Sehopotso sa lefu la hae selemo le selemo re ipapisitse le almanaka ea Bibele e baloang ho latela khoeli e holimo.—Luka 22:19, 20.

  • Re lumela hore tšimoloho ea meetlo ea Easter, e thehiloeng lineanong tsa boholo-holo, e etsa hore Molimo a se ke a e amohela. Molimo o batla hore re mo fe “boinehelo bo khethehileng” ’me oa halefa ha batho ba mo rapelang ba sebelisa mekhoa eo a sa e amoheleng.—Exoda 20:5; 1 Marena 18:21.

Re lumela hore ho se keteke ha rōna letsatsi la Easter ho thehiloe ka tieo Bibeleng, e re khothalletsang hore re sebelise “bohlale bo sebetsang le matla a ho nahana” ho e-na le ho latela meetlo ea batho. (Liproverbia 3:21; Matheu 15:3) Le hoja re hlalosetsa batho seo re se lumellang ka Easter ha ba re botsa, re hlompha taba ea hore motho ka mong o na le tokelo ea ho iketsetsa qeto.—1 Petrose 3:15.