Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

ETSISA TUMELO EA BONA | ENOKE

‘O Ile a Khahlisa Molimo’

‘O Ile a Khahlisa Molimo’

ENOKE o phetse nako e telele. O phetse lilemo tse ka bang 365, e leng palo e imenang ka makhetlo a mane lilemong tseo batho ba mehleng ena ba li phelang. Empa, o ne a sa le mocha haholo ha a bapisoa le batho ba mehleng ea hae. Batho ba mehleng eo, ba ne ba phela nako e telele haholo ho feta ba mehleng ena. Adama, e leng motho oa pele lefatšeng, o ne a se a e-na le lilemo tse ka holimo ho 600 ha Enoke a hlaha, ’me o ile a tsoela pele ho phela lilemo tse ling tse 300 ka mor’a hore Enoke a hlahe! Litloholo tse ling tsa Adama li ile tsa phela nako e telele ho feta eo. Kahoo ho ka etsahala hore ha Enoke a ne a le lilemo li 365, e ne e sa ntse e le mohlankana ea mahlahahlaha ’me thota e ne e sa namme ka pel’a hae. Empa ka bomalimabe ho ne ho se joalo.

Bophelo ba Enoke bo ne bo le kotsing. Inahanele a tšola tlhako morong, a leka ho pholosa bophelo ba hae ho batho bao a neng a sa tsoa ba bolella molaetsa o tsoang ho Molimo. Ba ne ba halefile haholo. Ba ne ba sa batle le ho mo bona moo a hatileng. Ba ne ba hloile molaetsa oo a neng a ba tliselitse oona ba bile ba hloile le Molimo ea neng a mo rometse ho bona. Ba ne ba sitoa feela ke ho otla Molimo enoa ea neng a rometse Enoke kaha o ne a le hole le bona, empa ha e le Enoke eena, o ne a sa le bona, a le tjametse! Ho ka etsahala hore ebe Enoke o ne a ipotsa hore na o sa tla ke a boele a bone ba lelapa la hae hape. Na ebe o ile a nahana ka mosali oa hae, barali ba hae, mora oa hae Methusela kapa setloholo sa hae Lameke? (Genese 5:21, 23, 25) Na e ne e le tšomo ka mathetho ka bona?

Enoke e ne e le e mong oa banna ba ikhethang bao ho builoeng ka bona ka Bibeleng. Ho buuoa ka eena hakhutšoanyane Mangolong a mararo ka Bibeleng. (Genese 5:21-24; Baheberu 11:5; Juda 14, 15) Leha ho le joalo, likarolo tsena tse nyenyane tse buang ka Enoke li re ruta ho hongata ka tumelo ea hae. Na u na le boikarabelo ba ho hlokomela lelapa? Na u kile oa tlameha ho emela se nepahetseng le hoja batho ba u hanyetsa? Haeba ho joalo, u ka ithuta ho hongata mohlaleng oa Enoke.

‘ENOKE O ILE A TSAMAEA LE MOLIMO OA ’NETE’

Enoke o hlahetse har’a batho ba khopo. O phetse molokong oa bosupa ho tloha ho Adama. Kahoo ho hlakile hore batho ba ne ba sa ntse ba atametse haholo bophelong bo phethahetseng boo Adama le Eva ba ileng ba bo lahla. Ke ka lebaka leo batho ba mehleng eo ba neng ba khona ho phela nako e telele hakana. Empa boitšoaro ba bona bo ne bo hlephile ’me ba se na kamano e ntle le Jehova. Bokhopo e ne e le kobo-anela. Leha ho le joalo, bo ne bo sa qale ka nako eo, bo ile ba hla ba qala khale ha Kaine a ne a bolaea Abele. E mong oa litloholo tsa Kaine o ile a qala ho ikhohomosa ’me a ba khopo le ho feta ntat’ae moholo Kaine! Molokong oa boraro lintho li ile tsa senyeha le ho feta. Batho ba ile ba qala ho ipiletsa lebitsong la Jehova, empa e se ka morero o motle oa ho mo rapela. Ba ne ba sebelisa lebitso la Molimo ka tsela e le hlomphollang le e le nyefolang.—Genese 4:8, 23-26.

Tsela ena e silafetseng ea borapeli e ne e atile haholo mehleng ea Enoke. Ho ile ha fihla nako ea hore Enoke le eena a etse khetho. Na o ne a tla khetha ho tšoana le batho bao a neng a phela har’a bona? Kapa o ne a tla batla Molimo oa ’nete Jehova, ea entseng maholimo le lefatše? Ho ka etsahala hore ebe Enoke o ile a khahloa ke mohlala o motle oa Abele, ea ileng a shoa ka lebaka la ho rapela Jehova ka tsela e amohelehang. Enoke o ile a latela mohlala ona o motle. Lengolo la Genese 5:22 le re: “Enoke a tsoela pele ho tsamaea le Molimo oa ’nete.” Mantsoe ana a bontša hore Enoke o ne a tšaba Molimo, le hoja a ne a phela har’a batho ba neng ba sa mo tšabe. E bile eena motho oa pele eo Bibele e reng o ile a tsamaea le Molimo.

Bibele e boetse e re Enoke o ile a tsoela pele ho tsamaea le Molimo ka mor’a hore a tsoale Methusela. Kahoo Enoke e ile ea e-ba motsoali ha a le lilemo tse ka bang 65. Enoke o ne a e-na le mosali, le hoja lebitso la hae le sa boleloa ka Bibeleng. O ne a boetse a e-na le “bara le barali.” Haeba ntate oa lelapa a batla ho tsamaea le Molimo ha ka nako e tšoanang a ntse a hlokometse lelapa la hae, o lokela ho latela tataiso ea Molimo. Enoke o ne a tseba hore Jehova o lebeletse hore a tšepahalle mosali oa hae. (Genese 2:24) O ile a etsa sohle seo a neng a ka se khona ho ruta bana ba hae ka Jehova. Seo se bile le phello efe?

Bibele ha e re fe lintlha tsohle mabapi le melemo e ileng ea tlisoa ke boiteko ba Enoke. Hape ha e bue hakaalo ka mora oa hae Methusela, ea phetseng nako e telele ho feta bohle ka Bibeleng. O ile a phela ho fihlela Moroallo o fihla. Hamorao Methusela o ile a tsoala Lameke. Lameke o phetse nakong e le ’ngoe le ntat’ae moholo Enoke ka lilemo tse ka bang lekholo. Lameke o ne a e-na le tumelo e matla. Jehova o ile a mo susumetsa hore a profete ka bokamoso ba mora oa hae Noe, ’me boprofeta boo bo ile ba phethahala ka mor’a moroallo. Feela joaloka ntat’ae moholo Enoke, Noe le eena o ile a tsoela pele ho tsamaea le Molimo. Ha ho mohla Noe a kileng a kopana le Enoke. Leha ho le joalo, Enoke o ne a mo sietse mohlala o motle oo a neng a ka o latela. Ho ka etsahala hore ebe Lameke ke eena ea ileng a phetela Noe ka mohlala ona o motle oa Enoke kapa mohlomong o ne a phetetsoe ke ntat’ae moholo Methusela kapa ke Jarede, e leng ntate oa Enoke ea phetseng ho fihlela Noe a le lilemo li 366.—Genese 5:25-29; 6:9; 9:1.

Enoke o ne a fapane hole le Adama. Adama o ne a phethahetse, empa o ile a siteloa Jehova ka boomo ’me a tlisetsa eena le bana bohle ba hae mathata. Le hoja Enoke eena a ne a sa phethahala, o ile a tsamaea le Molimo ’me a siela bana bohle ba hae mohlala o motle oa ho tšepahala ho Jehova. Adama o ile a shoa ha Enoke a ne a le lilemo li 308. Na ba lelapa la Adama ba ile ba sareloa ka lebaka la lefu la ntat’a bona moholo oa moithati? Ha re tsebe. Empa seo re se tsebang ke hore Enoke o ile ‘a tsoela pele ho tsamaea le Molimo oa ’nete.’—Genese 5:24.

Haeba u na le boikarabelo ba ho hlokomela lelapa, ho na le ho hongata hoo u ka ithutang hona mohlaleng oa Enoke. Ke ’nete hore u lokela ho hlokomela ba lelapa la hao ka lintho tseo ba li hlokang bophelong. Leha ho le joalo ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ke ho ba thusa hore ba be le kamano e ntle le Jehova. (1 Timothea 5:8) U ka khona ho ba ruta hantle haeba feela u phelela seo u se rutang. Haeba u khetha ho tsamaea le Molimo, feela joalokaha Enoke a ile a etsa, le uena u ka siela ba lelapa la hao letlotlo la bohlokoa, e leng mohlala o motle oa ho sebeletsa Jehova ka botšepehi.

ENOKE ‘O ILE A PROFETA KA BONA’

Ho ka etsahala hore ka linako tse ling Enoke o ne a jeoa ke bolutu kaha o ne a le mong har’a batho ba khopo. Empa na Molimo oa hae Jehova o ne a mo khathalla? Haholo. Nako ea hore Jehova a buisane le mohlanka enoa oa hae ea tšepahalang e ile ea fihla e sa hane. Molimo o ile a fa Enoke mosebetsi oa hore a fetisetse molaetsa oa hae ho batho ba mehleng eo. Kahoo o ile a etsa hore Enoke e be moprofeta oa hae, ’me ke eena oa pele eo boprofeta ba hae bo senotsoeng ka Bibeleng. Re tseba sena hobane Juda, e leng mor’abo Jesu, o ile a susumetsoa ke moea o halalelang hore a ngole mantsoe a boprofeta ba Enoke lilemong tse makholo hamorao. *

Boprofeta ba Enoke bo ne bo re’ng? Bo ne bo re: “Bonang! Jehova o ile a tla ka limiriade tsa hae tse halalelang, ho phethisa kahlolo khahlanong le bohle, le ho paka hore bohle ba se nang bomolimo ba molato malebana le liketso tsohle tsa bona tse se nang bomolimo tseo ba ileng ba li etsa ka tsela e se nang bomolimo, le malebana le lintho tsohle tse tšosang tseo baetsalibe ba se nang bomolimo ba ileng ba li bua khahlanong le eena.” (Juda 14, 15) U tla hlokomela hore mona, Enoke o bua ka lintho tseo a neng a profeta ka tsona joalokaha eka li se li etsahetse. Ena ke tsela eo boprofeta bo bongata bo ileng ba latela ka mor’a moo bo ileng ba ngoloa ka eona. Ho tloha ka nako eo, boprofeta bo ile ba bua ka lintho tseo Molimo a tla li phethahatsa joalokaha eka li se li ntse li phethahetse!—Esaia 46:10.

U nahana hore Enoke o ne a ikutloa joang ha a ne a lokela ho bolela molaetsa oa kahlolo ho batho ba mehleng ea hae? Hlokomela kamoo molaetsa oo a neng a o bolela o neng o le matla kateng. O ile a sebelisa polelo e reng, “ba se nang bomolimo,” ka makhetlo a mane ha a ne a khalema batho ba etsang bokhopo. Boprofeta bona bo ne bo lemosa batho bohle hore tsela eo ba itšoereng ka eona e ne e mpefetse haholo ho tloha ka mor’a borabele ba Edene. Batho ba mehleng eo ba ne ba le haufi le ho timetsoa ha Molimo a tlisa “limiriade tsa hae tse halalelang,” e leng mangeloi a matla a neng a tla felisa lefatše. Enoke o ile a iteta sefuba, eaba o bolella batho bohle molaetsa o tsoang ho Jehova, ’me Jehova o ile a fela a mo tšehetsa! Ho ka etsahala hore Lameke o ile a khahloa haholo ke sebete sa ntat’ae moholo.

Tumelo ea Enoke e ka re thusa ho itlhahloba hore na re talima lefatše leo re phelang ho lona ka tsela eo Jehova a le talimang ka eona. Molaetsa oa kahlolo oo Enoke a neng a o bolela o ntse o sebetsa le mehleng ena, ha oa siuoa ke nako. Jehova o ile a fela a phethahatsa mantsoe ao a neng a a buile ka moprofeta oa hae Enoke, eaba o tlisa Moroallo lefatšeng. Empa seo e ne e se letho ha se bapisoa le seo Molimo a tla se etsa lefatšeng haufinyane ho batho ba sa mo mameleng. (Matheu 24:38, 39; 2 Petrose 2:4-6) Feela joaloka mehleng eo, le kajeno Jehova le mangeloi a hae ba se ba ntse ba itokiselitse ho ahlola lefatše lena la batho ba sa mameleng. E mong le e mong o lokela ho nka ka ho teba keletso ea Enoke ’me a bolelle ba bang molaetsa oo. Ho ka etsahala hore beng ka rona ba re fetohele. Ka linako tse ling re ka ikutloa eka re lahliloe kherehloa. Jehova ha aa ka a lahla Enoke, ’me le uena a ke ke a u lahla haeba u lula u tšepahala!

“O ILE A FALLISOA E LE HORE A SE KE A BONA LEFU”

Enoke o ile a fella kae? O ile a shoa ka tsela ea mohlolo, le e monate ho feta liketsahalo tsohle bophelong ba hae. Lengolo la Genese le re: ‘Enoke o ile a tsamaea le Molimo oa ’nete. Joale ha aa ka a hlola a e-ba teng, etsoe Molimo o ile a mo nka.’ (Genese 5:24) Molimo o ile a nka Enoke joang? Hamorao moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Ka tumelo Enoke o ile a fallisoa e le hore a se ke a bona lefu, ’me ha aa ka a fumanoa leha e le kae hobane Molimo o ne a mo fallisitse; kaha pele a fallisoa o ne a e-na le bopaki ba hore o ne a khahlisitse Molimo.” (Baheberu 11:5) Pauluse o ne a bolela’ng ha a re Enoke “o ile a fallisoa e le hore a se ke a bona lefu”? Bafetoleli ba bang ba Bibele ba re Molimo o ile a nkela Enoke leholimong. Empa sena ha se ’nete. Bibele e re Jesu ke eena motho oa pele ea ileng a shoa ’me a tsosetsoa ho ea phela leholimong.—Johanne 3:13.

Joale ke joang Enoke a ileng a “fallisoa” e le hore a se ke a “bona lefu”? Ho ka etsahala hore Jehova o ile a fallisa Enoke ka tsela e monate ’me a mo tlosa bophelong le ho mo robatsa lefung ka tsela e neng e sa mo utloise bohloko. Empa pele ho moo, Enoke o ile a bontšoa “bopaki ba hore o ne a khahlisitse Molimo.” Ka tsela efe? Nakoana pele a robala borokong ba hae ba ho qetela, Enoke o ile a bontšoa pono e thabisang e tsoang ho Molimo, mohlomong a bontšoa lefatše le lecha la paradeise. Ka mor’a ho bona pono eo e hlakileng e neng e bontša hore Jehova o mo amohetse, Enoke o ile a robala lefung. Ha moapostola Pauluse a ne a ngola ka banna le basali bohle ba ileng ba bontša tumelo ho Jehova o ile a re: “Ka tumelo bana kaofela ba ile ba shoa.” (Baheberu 11:13) Ho ka etsahala hore nakoana ka mor’a moo lira tsa Enoke li ile tsa sala li batlana le setopo sa hae, empa “ha aa ka a fumanoa,” kaha Jehova o ile a pata setopo sa hae e le hore batho ba se ke ba se sebelisa hampe kapa ho se rapela. *

Ha u ntse u nahana ka liketsahalo tseo tse tlalehiloeng ka Mangolong, leka ho iketsetsa setšoantšo sa kamoo e ka ’nang eaba bophelo ba Enoke bo feletse kateng. Nahana ka ketsahalo ena joalokaha eka ehlile e etsahetse e le joalo. Enoke o ne a sa ipatle ke mokhathala ha a ntse a baleha. Lira tsa hae li ne li mo behile merebele, li tuka ke bohale ka lebaka la molaetsa oo a neng a sa tsoa li bolella oona oa kahlolo. Enoke o ile a fumana sebaka sa ho khefutsa ho se hokae, leha ho le joalo o ne a ke ke a khona ho ipata moo halelele. Lefu le ne le mo tjametse. Ha a ntse a ipatile moo, o ile a rapela Molimo. Ka mor’a moo, Enoke o ile a utloa eka ho na le ntho e tlohileng mahetleng a hae, ha re kokololo! O ile a bona pono e hlollang, e hlakileng joalokaha eka o ne a hlile a le moo.

Inahanele a bona pono ea lefatše le hlollang ka botle, le nang le khotso le bile le fapane hole le leo a phetseng ho lona. Lefatše leo Enoke a ileng a le bontšoa le ne le le letle joaloka serapa sa Edene, empa lona le ne le sa sireletsoa ka thata ke mangeloi. Ho ne ho e-na le banna le basali ba phetseng hantle le ba mahlahahlaha lefatšeng leo. Ho ne ho rena khotso. Batho ba phelang moo ba ne ba ratana ’me kaofela ba lumela ho Molimo a le mong. Enoke o ne a kholisehile hore Jehova o ne a mo rata. O ne a kholisehile hore le eena oa tšoaneleha ho ba sebakeng seo se setle. Ha a sa ntse a ile le toro ena e thabisang, o ile a utloa khotso e mo aparela, ’me ha aa ka a hlola a tsoha borokong bona ba hae bo monate, o ile a roballa ruri.

Enoke o sa ntse a robetse lefung ho fihlela lena le holimo ’me Jehova ha a e-s’o mo lebale! Jesu o ile a re ka letsatsi le leng batho bohle ba mohopolong oa Molimo ba tla utloa lentsoe la hae ’me ba tsoe mabitleng moo ba robetseng teng, ebe ba phela lefatšeng le lecha le nang le khotso.—Johanne 5:28, 29.

Na le uena u ka rata ho ba teng moo? Nahana hore na e tla ba ntho e thabisang hakaakang ho kopana le Enoke. Nahana a se a re phetela litaba tse monate tsa bophelo ba hae! A ka re bolella hore na lintho tseo re nahanang hore o li bone ponong ke ’nete hakae. Ho na le ntho e ’ngoe hape eo re ka ithutang eona mohlaleng oa hae. Ha Pauluse a qeta ho bua ka mohlala oa Enoke, o ile a boela a re: ‘Kantle ho tumelo ho ke ke ha khoneha ho khahlisa Molimo.’ (Baheberu 11:6) Re na le mabaka a mangata hakaakang a ho tsamaea mohlaleng oa Enoke le ho bontša tumelo e matla joaloka eena!

^ ser. 14 Litsebi tse ling tsa Bibele li bolela hore Juda o ile a qotsa buka e iqapetsoeng e neng e bitsoa Buka ea Enoke empa buka eo e ngotsoe lintho tse inahaneloang ’me mohloli oa eona ha o tsejoe. E bua ka boprofeta ba Enoke boo e ka ’nang eaba bo nkiloe libukeng tsa boholo-holo tse sa tsebahaleng. E ka ’na eaba Juda o sebelisitse e ’ngoe ea libuka tsena kapa mohlomong o ithutile boprofeta bona ho Jesu kaha o ne a phetse leholimong ’me o ne a tseba Enoke hantle.

^ ser. 20 Ka ho tšoanang, Jehova o ile a etsa bonnete ba hore setopo sa Moshe le sa Jesu ha li fumanehe e le hore li se ke tsa sebelisoa hampe.—Deuteronoma 34:5, 6; Luka 24:3-6; Juda 9.