Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE KA NTLE | U KA KHONA HO UTLOISISA BIBELE

Lebaka Leo U Lokelang ho Utloisisa Bibele ka Lona

Lebaka Leo U Lokelang ho Utloisisa Bibele ka Lona

“Bibele ke buka e tsebahalang ea bolumeli. Empa Machaena ha a e sebelise ebile ha a e nke e le ea bohlokoa.” —LIN, CHAENA.

“Ke sitoa ho utloisisa libuka tse halalelang tsa bolumeli ba ka ba Bohindu. Joale nka utloisisa Bibele e Halalelang joang?”—AMIT, INDIA.

“Ke hlompha Bibele hobane ke buka ea khale ebile batho ba re e rekoa haholo, empa ha ke e-s’o e bone.” —YUMIKO, JAPANE.

Batho ba bangata lefatšeng lohle ba hlompha Bibele. Empa e ka ’na eaba ha ba tsebe hore na e bua ka eng. Sena ke sona se etsahalang ka batho ba bangata ba Asia le ba libakeng tse ling moo Bibele e fumanehang habonolo.

Leha ho le joalo, u ka ’na ua re, ‘Na hoa hlokahala hore ke utloisise Bibele?’ Ho utloisisa buka ena e halalelang, ho ka u thusa lintlheng tsena tse latelang:

  • Ho khotsofala le ho thaba bophelong

  • Ho rarolla mathata a lelapa

  • Ho mamella matšoenyeho

  • Ho ntlafatsa likamano tsa hao le batho ba bang

  • Ho sebelisa chelete ka bohlale

Ka mohlala, Yoshiko oa Japane o ne a ipotsa hore na Bibele e na le molaetsa ofe, kahoo a etsa qeto ea hore a ipalle eona. Eaba ho etsahala’ng? O re: “Bibele e nthusitse hore ke tsebe hore na ke phelela’ng le hore ke be le tšepo ea hore lintho li tla loka nakong e tlang.” Amit, eo ho buuoeng ka eena pejana, le eena o ile a etsa qeto ea ho ipalla Bibele. O re: “Ke ile ka makala ha ke hlokomela hore Bibele e ka tsoela batho bohle molemo.”

Bibele e fetotse bophelo ba batho ba limilione. E ka ba hantle hore u ipalle eona e le hore u bone kamoo e ka u tsoelang molemo kateng.