Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa

Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa

U ka thusa bana ba hao joang hore ba rate Molimo?

Sebelisa lintho tseo re ka ithutang tsona pōpong hore u thuse bana ba hao ho tseba le ho rata Molimo

Bana ba hao ba ka rata Molimo ha feela ba e-na le bopaki ba hore o teng le hore oa ba rata. E le hore ba rate Molimo, ba lokela ho mo tseba. (1 Johanne 4:8) Ka mohlala, ba lokela ho tseba hore na: Ke hobane’ng ha Molimo a ile a bōpa motho? Ke hobane’ng ha Molimo a lumella hore re utloe bohloko? Ke’ng seo Molimo a tla se etsetsa batho nakong e tlang?—Bala Bafilipi 1:9.

E le hore u thuse bana ba hao hore ba rate Molimo, u lokela ho ba bontša hore ua mo rata. Ha ba bona seo, ba ka latela mohlala oa hao.—Bala Deuteronoma 6:5-7; Liproverbia 22:6.

U ka finyella lipelo tsa bana ba hao joang?

Lentsoe la Molimo le matla. (Baheberu 4:12) Ka hona, ruta bana ba hao lithuto tsa motheo tsa Bibele. E le hore Jesu a finyelle lipelo tsa batho, o ne a ba botsa lipotso, a ba mamela a bile a ba hlalosetsa Mangolo. Haeba u batla ho finyella bana ba hao pelo, u ka etsisa tsela eo Jesu a neng a ruta ka eona.—Bala Luka 24:15-19, 27, 32.

Ho phaella moo, lipale tsa Bibele tse bontšang kamoo Molimo a ’nileng a sebetsana le batho kateng li ka thusa bana ho tseba Molimo le ho mo rata. Ho na le lingoliloeng tse entsoeng ka morero oa ho thusa bana ho rata Molimo ho www.pr418.com\st.—Bala 2 Timothea 3:16.