Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

BONTŠA TUMELO E TŠOANANG LE EA BONA | JOSEFA

“Nka Etsa Bobe Bona bo Boholo Joang?”

“Nka Etsa Bobe Bona bo Boholo Joang?”

HA Josefa a ntse a tsamaea moeeng o futhumetseng, o ile a utloa monko o monate oa lipalesa tse melang metsing. O ne a latela sehlopha sa bahoebi ba neng ba haola haufi le nōka ea Nile. Nahana u bona sehlopha sa banna se tšelisa likamele nōkeng se lebile motseng o mong oa Egepeta, ’me se bona kokolofitoe e qaputsa ka metsing kapa lengangane le fofa. E tlameha ebe Josefa o ne a hopotse hae, motseng oa Hebrone oo joale a leng hōle haholo le oona.

Nahana a utloa lerata la litšoene tse ntseng li tlōlaka lifateng tsa palema le tsa feiga. O ne a sa tsebe puo ea batho bao ba neng ba kopana le bona tseleng. Mohlomong o ne a leka ho tšoara mantsoe a mabeli a mararo. O ne a se na boikhethelo haese ho ithuta puo eo. A kholisehile hore ha a sa tla khutlela habo.

Ha Josefa a le limelo li 17 kapa 18 o ile a tobana le mathata a neng a ka imela banna. Banab’abo ba neng ba mo jela mōna hobane ntate oa bona a mo rata, ba ne ba batla ho mo bolaea. Empa ba ile ba mo rekisetsa bahoebi. (Genese 37:2, 5, 18-28) Ka mor’a libeke ba le tseleng, e tlameha ebe bahoebi bana ba ile ba thaba ha ba ea ba lebile motse-moholo moo ba neng ba ikemiselitse hoa rekisa Josefa le thepa ea bona ea bohlokoa ’me ba etse bokhothokhotho ba chelete. Ke’ng se ileng sa thusa Josefa hore a se ke a nyahama? Kajeno re ka etsa’ng hore mathata a se ke a re nyahamisa? Re ka ithuta ho hongata ho Josefa.

“JEHOVA A BA LE JOSEFA”

“Ha e le Josefa, a theoleloa Egepeta, ’me Potifaro, molaoli oa lekhotla oa Faro, mookameli oa balebeli, Moegepeta, a mo reka matsohong a Baishmaele ba neng ba mo tlisitse moo.” (Genese 39:1) Mantsoe ao a seng makae a Bibele a re thusa ho bona kamoo Josefa a neng a ikutloa a tlotlolohile kateng ha a boela a rekisoa. E ne e le lekhoba! U ka inahanela Josefa a setse mong’a hae oa Moegepeta morao ba tsamaea literateng tse phetheselang ba lebile moo a seng a tla lula teng.

Qetellong o ile a fihla moo a neng a il’o lula teng, empa ho ne ho fapane hōle le habo. O ne a hōletse lelapeng le lulang le falla e le hore le hlokomele mehlape ea linku. Empa mona moo a neng a se a lula teng, Baegepeta ba ruileng ba kang Potifaro ba ne ba lula matlong a matle a mebala-bala. Baepolli ba lintho tsa khale ba tlaleha hore Baegepeta ba boholo-holo ba ne ba rata liratsoana tsa lipalesa tse nang le lifate le matamo a ho lema lipalesa tse melang metsing. Matlo a mang a ne a le ka har’a liratsoana tsa lipalesa, a e-na le liforanta tseo motho a ka lulang ho tsona e le hore a hahloe ke moea, a e-na le lifensetere tse khōlō le likamore tse ngata ho akarelletsa le likamore tse khōlō tsa ho jela le matlo a basebetsi ba lapeng.

Na Josefa o ne a khotsofalletse ho lula lelapeng leo le ruileng? Ha ho bonahale joalo. E tlameha e be o ne a ikutloa a selebaletsoe. O ne a sa tloaela puo, moaparo, boitlhopho le bolumeli ba Baegepeta. Ba ne ba rapela melimo e mengata, ba sebelisa boselamose le bonohe ’me ba tšaba hore na ho tla etsahala’ng ha ba e-shoa. Leha ho le joalo, ho na le ntho e neng e thusa Josefa hore a se ke a bolaoa ke bolutu. Bibele e re: “Jehova a ba le Josefa.” (Genese 39:2) Josefa o ile a phetlela Jehova sefuba. Bibele e re “Jehova o haufi le bohle ba ipiletsang ho eena.” (Pesaleme ea 145:18) Ke tsela efe e ’ngoe eo ka eona Josefa a ileng a atamela ho Molimo?

O ile a leka ka hohle hore a se ke a nyahama, empa a ikemisetsa ho etsa mosebetsi oa hae ka bokhabane. Kahoo Jehova o ne a ka hlohonolofatsa mosebetsi oa hae, ’me mong’a hae o ile a mo rata. Potifaro o ile a hlokomela hore Molimo oa Baiseraele e leng Jehova o hlohonolofatsa Josefa, ’me ntle ho tikatiko litlhohonolofatso tseo li ile tsa atlehisa lelapa la hae. Josefa o ile a phahamisoa mosebetsing ho fihlela Potifaro a mo abela ho hlokomela ntho e ’ngoe le e ’ngoe.—Genese 39:3-6.

Josefa o behetse bacha ba sebeletsang Molimo kajeno mohlala o motle. Ka mohlala, ha ba le sekolong ba kopana le batho ba etsang lintho tse ba makatsang, tse kang boselamose, ba bileng ba se nang tšepo bophelong. Haeba u boemong bo joalo, hopola hore Jehova ha a e-s’o fetohe. (Jakobo 1:17) O sa ntse a le haufi le bahlanka ba hae ba lulang ba tšepahala ho eena ’me ba mo khahlisa. O ba hlohonolofatsa haholo ’me le uena o tla u hlohonolofatsa.

Ho sa le joalo, Josefa o ne a ntse a hōla. Ea e-ba mohlankana ea “sebōpeho se setle le ponahalo e ntle.” Mantsoe ao a bontša hore mathata a ne a larile ka pel’a hae kaha hangata botle bo memela motho mahlo.

Mosali oa Potifaro o ne a lula a shebile Josefa

“HA HO MOHLA A ILENG A MO MAMELA”

Josefa o ne tšepahala empa mosali oa Potifaro o ne a sa tšepahale. Bibele e re: “Mosali oa mong’a hae a qala ho phahamisetsa mahlo ho Josefa ’me a re: ‘Robala le ’na.’” (Genese 39:7) Na Josefa o ile a lekeha hore a lumele ho hokahokoa ke mosali eo? Bibele ha e bontše hore Josefa o ne a se na litakatso tsa bocha kapa hore mosali enoa oa molaoli oa lekhotla ea iketsetsang seo a se ratang o ne a sa ratehe. Na Josefa o ne a ka ipolella hore mong’a hae a ke ke a tseba ka taba eo? Na o ne a ka ithetsa ka hore kamano ea hae le mosali eo e tla mo tlisetsa maruo?

Ke ’nete hore re ke ke ra tseba lintho tsohle tseo Josefa a neng a li nahana. Empa re utloisisa hore na o ne a ikutloa joang. Re bona seo ha a mo araba a re: “Mong’a ka ha a tsebe seo ke nang le sona ka tlung, ’me o behile ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a nang le eona letsohong la ka. Ha ho e moholo ho mpheta ka tlung ena, ’me ha aa nkhanela ka letho haese uena, hobane u mosali oa hae. Kahoo nka etsa bobe bona bo boholo joang ’me ka siteloa Molimo?” (Genese 39:8, 9) E tlameha ebe Josefa o ne a tiisitse ka hanong ha a bua mantsoe ao. O ne a utloa bohloko ha a nahana ka seo mosali enoa a batlang hore a se etse. Hobane’ng?

Joalokaha Josefa a boletse, mong’a hae o ne a mo tšepa. Potifaro ne a behile lintho tsohle taolong ea Josefa haese mosali oa hae. Josefa o ne a ke ke a mo tsoa tlaase. O ne a sa batle le ho nahana ntho e joalo. Empa ho hobe le ho feta e ne e ka ba hore Josefa a siteloe Jehova Molimo. O ne a ithutile ho hongata ho batsoali ba hae mabapi le pono ea Molimo ka ho tšepahala lenyalong. Jehova ke eena ea qapileng lenyalo ’me a hlakisa maikutlo a hae ka lona. Monna le mosali ba ne ba lokela ho khomarelana ’me e be “nama e le ’ngoe.” (Genese 2:24) Molimo o oa halefa ha batho ba tlōla molao oo. Ka mohlala, banna ba neng ba leka ho beta beng ka Josefa ba haufi e leng mosali oa Abrahama le oa Isaka, ba ile ba batla ba kena mathateng. (Genese 20:1-3; 26:7-11) Josefa o ne a ikemiselitse ho sebelisa seo a ithutileng sona tabeng eo.

Mosali oa Potifaro ha aa ka a rata karabo ea Josefa. U ka inahanela hore na o ile a ikutloa joang ha lekhoba lena le mo khalemela ’me le re seo a le kōpang sona ke ‘bobe bo boholo’! Leha ho le joalo o ile a mo phehella. Mohlomong o ile a ikutloa a tlotlolohile hoo a ileng a ikemisetsa hore o tla susumelletsa Josefa hore a fetole mohopolo. Ka hona, o ile a bontša boikutlo bo kang ba Satane, ea ileng a leka Jesu. Satane le eena o ile a hlōleha, empa ho e-na le hore a tele, o ile “a mo tlohela ho fihlela nakong e ’ngoe e loketseng.” (Luka 4:13) Kahoo, batho ba tšepahalang ba lokela ho ikemisetsa ho ema ba tiile. Ke sona seo Josefa a ileng a se etsa. Le hoja a ne a lekoa “letsatsi le letsatsi,” ha aa ka a inehela. Bibele e re: “Ha ho mohla a ileng a mo mamela.” (Genese 39:10) Empa mosali oa Potifaro o ne a le leqoophe.

O ile a nka monyetla ha makhoba a mang a le sieo. O ne a tseba hore Josefa o lokela ho kena ka tlung e le hore a etse mosebetsi oa hae. Ha Josefa a kena o ile a mo chehela leraba. O ile a mo tšoara ka seaparo ’me a mo leka la ho qetela a re: “Robala le ’na!” Josefa o ile a tlōla matjato. O ile a leka ho monyola empa mosali oa Potifaro a tiisa. O ile a chophola ’me seaparo sa hae sa sala matsohong a mosali eo. Eaba o tšola tlhako morong!—Genese 39:11, 12.

Sena se ka ’na sa re hopotsa keletso e bululetsoeng ea moapostola Pauluse e reng: “Balehelang bohlola!” (1 Bakorinthe 6:18) Ruri Josefa o behetse Bakreste bohle ba ’nete mohlala o motle! Re ka ’na ra iphumana re sebelisana haufi le batho ba sa hlompheng melao ea Molimo ea boitšoaro, empa seo ha se bolele hore re lokela ho inehela tšusumetsong ea bona e mpe. Re lokela ho balehela bobe, ho sa tsotellehe hore na batho ba tla re’ng.

Josefa o ile a tobana le boemo bo thata le ho feta. Mosali oa Potifaro o ne a batla ho iphetetsa. O ile a hoeletsa ’me a bitsa makhoba a mang. O ile a re Josefa o ne a leka ho mo beta empa a baleha ha a hoeletsa. A boloka seaparo seo e le bopaki ho fihlela monna oa hae a fihla. Ha Potifaro a fihla, mosali oa hae o ile a bua leshano lona leo, a mo sola ka hore o kentse lekhoba la Moheberu ka tlung ea bona. Potifaro o ile a etsa’ng? Bibele e re: “Bohale ba hae ba tuka”! O ile a isa Josefa teronkong.—Genese 39:13-20.

BA MO TLAMA MAOTO KA LITŠEPE

Ha re tsebe hakaalo ka hore na batšoaruoa ba Egepeta ba ne ba tšoaroa joang mehleng eo. Baepolli ba lintho tsa khale ba fumane mesaletsa ea mehaho e meholo ea chankana e nang le lisele le teronko e ka tlas’a lefatše. Hamorao Josefa o ile a re o ne a le “sekoting sa chankana,” e leng se bolelang sebaka se lefifi, seo ho sona ho se nang tšepo. (Genese 40:15) Lengolo la Pesaleme le re bolella hore Josefa o ile a hlorisoa le ho feta: “Ba mo hlōkōfatsa ka ho mo tlama maoto ka litšepe, ba ’mofa ka mahlaahlela.” (Pesaleme ea 105:17, 18, BPN) Ka linako tse ling Baegepeta ba ne ba fasa batšoaruoa litsoeng; ba bang ba fasoa molaleng. E tlameha e be Josefa o ile a utloa bohloko ha a tšoaroa ka tsela eo le hoja a sa etsa letho!

Ho hobe le ho feta ke hore ha aa ka a tšoaroa joalo ka nakoana. Tlaleho e re Josefa “a hlola moo ntlong ea chankana.” O ile a lula moo lilemo tse ngata! * Josefa o ne a sa tsebe hore na o tla lokolloa neng. O ile a etsa’ng hore a se ke a nyahama ha a bona lilemo li ntse li feta?

Bibele e re tiisa ’moko ka ho re: “Jehova a ’na a ba le Josefa ’me a ’na a mo bontša mosa o lerato.” (Genese 39:21) Jehova a ke ke a sitisoa ke letho hore a bontše bahlanka ba hae mosa o lerato. (Baroma 8:38, 39) E tlameha e be Josefa o ne a tšollela matšoenyeho a hae ho Jehova ka thapelo ’me a fumana khotso le botsitso tse fanoang feela ke “Molimo oa matšeliso ’ohle.” (2 Bakorinthe 1:3, 4; Bafilipi 4:6, 7) Ke’ng hape seo Jehova a ileng a se etsetsa Josefa? Bibele e re o ile a etsa hore a “fumane kamohelo mahlong a molaoli ea ka sehloohong oa ntlo ea chankana.”

Ho hlakile hore batšoaruoa ba ne ba lokela ho sebetsa, ’me le lekhetlong lena Jehova o ile a hlohonolofatsa mosebetsi oa Josefa. O ne ikitlaetsa ho etsa mosebetsi o mong le o mong oo a o fuoang, ’me lintho tse ling a li beha matsohong a Jehova. Ka lebaka la tlhohonolofatso ea Jehova, Josefa o ile a tšeptjoa a ba a hlomphuoa ho tšoana le ha a ne a lula ha Potifaro. Bibele e re: “Kahoo molaoli ea ka sehloohong oa ntlo ea chankana a beha batšoaruoa bohle ba ntlong ea chankana letsohong la Josefa; sohle seo ba se etsang moo ke eena ea neng a re se etsoe. Molaoli ea ka sehloohong oa ntlo ea chankana o ne a sa hlokomele letho ho hang le letsohong la hae, hobane Jehova o ne a e-na le Josefa ’me a atlehisa seo a se etsang.” (Genese 39:22, 23) E tlameha e be ho ile ha khothatsa Josefa haholo ho tseba hore Jehova oa mo tsotella!

Josefa o ile a sebetsa ka thata chankaneng, ’me Jehova a mo hlohonolofatsa

Ka linako tse ling re ka tobana le mathata a mangata bophelong, esita le ho tšoaroa ka leeme, empa re ithuta ho hong mohlaleng oa Josefa. Haeba re lula re le haufi le Jehova ka thapelo, re tšepahalla litaelo tsa hae, ’me re ikitlaelletsa ho mo khahlisa, o tla re hlohonolofatsa. Tabeng ea Josefa, Jehova o ne a tla mo hlohonolofatsa le ho feta, ’me re tla bona hore na joang sehloohong se latelang sa Bontša Tumelo e Tšoanang le ea Bona.

^ ser. 23 Bibele e bontša hore Josefa o ne a ka ba lilemo li 17 kapa 18 ha a fihla ha Potifaro, ’me o ile a lula nako e telele—mohlomong lilemo tse ’maloa. O ile a lokolloa chankaneng ha a le lilemo li 30.—Genese 37:2; 39:6; 41:46.