Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ka Sebele Bibele ke Lentsoe la Molimo le Bululetsoeng

Ka Sebele Bibele ke Lentsoe la Molimo le Bululetsoeng

Ka Sebele Bibele ke Lentsoe la Molimo le Bululetsoeng

HA E le hantle moapostola Pauluse o ne a bolela’ng ha a ne a re Bibele e “bululetsoe ke Molimo”? (2 Timothea 3:16) Pauluse, ea ngotseng ka Segerike, o sebelisitse lentsoe leo ha e le hantle le bolelang hore e “phefumolohetsoe ke Molimo.” Ka mantsoe ao, Pauluse o ne a bolela hore Molimo o ile a tataisa bangoli ba Bibele ka moea oa hae o halalelang e le hore ba ngole feela seo A neng a batla hore ba se ngole.

Moapostola Petrose o itse bangoli bana ba Bibele “ba ile ba bua ho tsoa ho Molimo ha ba ntse ba khannoa ke moea o halalelang.” (2 Petrose 1:21) Ka hona, moapostola Pauluse le eena o ne a ka hlalosa hore libuka tsa Bibele ke “lingoliloeng tse halalelang, tse khonang ho u hlalefisetsa poloko ka tumelo mabapi le Kreste Jesu.”—2 Timothea 3:15.

Batho ba bangata ba hana ba tiile hore Molimo ke eena mongoli oa Bibele. Ba nyatsang Bibele—bao hangata ba nang le maikutlo ao moepolli oa lintho tsa khale, e leng Charles Marston, a a hlalosang e le a “nyatsang tlaleho ea Bibele ka ho se hlomphe hohle”—ba ’nile ba bua lintho tse tsoileng tseleng ka ho tšepahala ha Bibele. Ba bang ba e nka e le feela “buka ea khale e bokeletseng litšōmo le lipale tse iqapetsoeng.”

Hlahlobisisa Bopaki

Joale na Bibele e ka tšeptjoa? Ke ntho ea bohlokoa hore u etse qeto e nepahetseng tabeng ena. Hobane’ng? Hobane haeba kannete Bibele e tšoere litaba tse tsoang ho Molimo, e tla ba booatla ho iphapanyetsa eona, mohlomong ha ba ha etsa hore u lahleheloe ke bophelo. Haeba u sa e nke e Lentsoe la Molimo, u e talima e le buka feela e ngotsoeng ke batho, matla a eona a susumetsang seo u se etsang le seo u se lumelang a tla fokotseha haholo.—1 Bathesalonika 2:13.

U ka etsa qeto joang? Ha u kopana le batho, ke eng e u thusang ho etsa qeto ea hore na u ba tšepe kapa u se ke ua ba tšepa? ’Nete ke hore ho thata haholo ho tšepa motho eo u sa mo tsebeng hakaalo. Ke feela ha nako e ntse e feta ’me u tseba batho hantle moo u ithutang hore na ba fela ba tšepahala hoo u ka ba tšepang. U ka tseba Bibele ka tsela eona eo. U se ke ua lumela lintho tse inahaneloang kapa likhopolo tse sa utloahaleng tse khellang lithuto tsa Bibele fatše, pele u utloa mabaka. Iphe nako ea ho hlahloba bopaki bo tšehetsang seo Bibele e se buang ha e re e “bululetsoe ke Molimo.”

E Hlaseloa ke “Metsoalle”

U se ke ua nyahamisoa ke taba ea hore le batho ba reng ke “metsoalle” ea Bibele le bona ba hanyetsa ho nepahala ha eona le hore e ka tšeptjoa. New Dictionary of Theology, e re le hoja kajeno bahlalosi ba bangata ba Bibele ba re ke Bakreste, ba “bua ka Mangolo e le feela tlaleho ea batho.”

Litsebi tse ngata tsa thuto ea bolumeli li hanana le taba ea hore batho ba itseng ke bona ba ngotseng libuka tsa Bibele. Ka mohlala, ba bang ba re moprofeta Esaia hase eena ea ngotseng buka ea Esaia. Ba bolela hore buka ena ea Bibele e ngotsoe nako e telele ka mor’a mehla ea Esaia. Concise Bible Commentary, e ngotsoeng ke Lowther Clarke, e pheha khang ea hore e mpa e le “maikutlo a batho ba bangata ba phetseng melokong e mengata e sa tšoaneng.” Empa maikutlo ao a hanana le seo Jesu Kreste le barutuoa ba hae ba se buileng ka makhetlo ha ba re buka ena e ngotsoe ke Esaia.—Matheu 3:3; 15:7; Luka 4:17; Johanne 12:38-41; Baroma 9:27, 29.

Ntho e mpe le ho feta ke hore ba nyatsang Bibele, joaloka mohlalosi J. R. Dummelow, ba bolela hore boprofeta bo bukeng ea Daniele “ha e le hantle ke histori ea lintho tse seng li etsahetse tseo mongoli a mpang a etsa hore eke ke boprofeta.” Ho bua joalo ho boetse ho hanana le bopaki boo Jesu Kreste ka boeena a faneng ka bona. Jesu o ile a lemosa ka seo a ileng a re ke “ntho e nyonyehang e bakang lesupi, joalokaha e boletsoe ka moprofeta Daniele, e eme sebakeng se halalelang.” (Matheu 24:15) Na ke ntho e utloahalang hore Mokreste a be le maikutlo a hore Jesu Kreste le eena o ile a thetsa batho—hore o tšehelitse histori e ileng ea etsoa eka ke boprofeta? Le hanyenyane.

Na ho Etsa Phapang?

U ka ’na ua ipotsa, “Empa na ho hlile ho etsa phapang hore na libuka tsa Bibele li ngotsoe ke bo-mang?” Ka sebele ho etsa phapang e khōlō. Na u ne u tla tšepa tokomane eo ho thoeng ke ea motsoalle oa hao e ngotseng thato ea mofu le hore na mafa a hae a abuoe joang haeba u ne u ka fumana hore ha e le hantle ha e ea ngoloa ke eena? A re re ka mohlomong litsebi li u bolella hore ke ntho e ngotsoeng ka bolotsana ke metsoalle e meng ea hae, eo ka sepheo se setle e ngotseng seo e nahanang hore e ne e le thato ea motsoalle oa hao. Seo se ne se tla etsa hore tokomane eo e se be ea bohlokoa. Ka sebele u ne u ke ke ua tšepa hore e fela e boletse thato ea motsoalle oa hao.

Ho joalo le ka Bibele. Hase feela batho ba bangata—esita le ba ipolelang hore ke Bakreste—ba sa tsotelleng se boleloang ke Bibele litabeng tse amanang le ho tšepahala, boitšoaro ba ho kopanela liphate le tse joalo. Ke hangata hakae u eeng u utloe batho ba phoqa ka ho bua ntho e kang, “Ao, empa taba eo e hlaha Testamenteng ea Khale!”—joalokaha eka ha e molemo hakaalo? Ntho e makatsang ke hore ba iphapanyetsa seo moapostola Pauluse a se buileng ha a hlalosa hore Testamente e ncha ke “lingoliloeng tse halalelang” tse neng li “bululetsoe ke Molimo.”

Empa u ka ’na ua re: “Ha ho bolele hore re lokela ho iphapanyetsa bopaki ba litsebi kaofela.” Moo u tiisitse. Ka mohlala, re lokela ho leboha litsebi tse tšepahalang tse re thusitseng hore re tsebe ho khetholla mangolo a boholo-holo a ha Bibele e ne e ngoloa. Ho hlakile hore liphoso tse seng kae li ile tsa kenella Bibeleng ha e ntse e kopitsoa hangata-ngata ho theosa le lilemo. Empa hopola sena: Ho na le phapang e khōlō ha motho a lemoha liphoso tse seng kae tse bileng teng ha Bibele e ntse e kopitsoa, le ha motho a re Bibele kaofela ke ntho e iqapetsoeng ke batho.

Lula U E-na le Tumelo ho “Lingoliloeng Tse Halalelang”

Nakoana pele Pauluse a re Bibele e bululetsoe ke Molimo, o ile a bolella Timothea hore na ke hobane’ng ha tlaleho eo e bululetsoeng e le ea bohlokoa. O ile a re: “Matsatsing a ho qetela . . . batho ba khopo le baikhakanyi ba tla tsoela pele ho tloha bobeng ho ea bobeng bo fetisisang, ba khelosa ebile ba ntse ba khelosoa.” (2 Timothea 3:1, 13) Hona mehleng eo ea Pauluse, ho bonahala ‘banna ba bohlale le ba nang le kelello’ ba ne ba sebelisa “likhang tse susumetsang” e le hore ba qhekelle le ho fokolisa tumelo ea batho ho Jesu Kreste. (1 Bakorinthe 1:18, 19; Bakolose 2:4, 8) Ha a mo sireletsa tšusumetsong ea bona e mpe, moapostola Pauluse o ile a khothalletsa Timothea hore a ‘tsoele pele linthong tseo a ileng a ithuta tsona ho tloha boseeng lingoliloeng tse halalelang’ tseo Molimo a neng a fane ka tsona.—2 Timothea 3:14, 15.

Ke habohlokoa hore le uena u etse joalo ‘matsatsing ana a ho qetela.’ U se ke ua halala kotsi ea ho khelosoa ke seo hangata e leng “likhang tse susumetsang” haholo tse fanoang ke batho ba bohlale. Ho e-na le hoo, joaloka Bakreste ba lekholong la pele la lilemo, itšireletse ka ho itšetleha ka ho feletseng ho seo u ithutang sona Bibeleng—eo ruri e leng Lentsoe la Molimo le bululetsoeng.

Lipaki Tsa Jehova li tla thabela ho u thusa hore u be le tumelo Bibeleng. Ka mohlala, li ka u bontša hore na melao-motheo ea Bibele e ’nile ea e-ba e ka tšeptjoang joang ho theosa le histori; hore na Bibele e lumellana le saense hakae ha e bua ka lintho tsa saense; hore na e lumellana ka ho feletseng joang ho tloha qalong ho fihlela qetellong; hore na boprofeta ba eona bo ’nile ba phethahala joang ntle ho tika-tiko—le tse ling tse ngata. Haeba u batla, u ka lokoloha ho ngolla bahatisi ba makasine ena bakeng sa hore u fumane boitsebiso bo thusitseng batho ba limilione ba ratang litaba tse molemo hore ba bone hore ka sebele Bibele ke Lentsoe la Molimo.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 5]

Ke eng e u thusang ho etsa qeto ea hore na u tšepe batho bao u kopanang le bona kapa u se ke ua ba tšepa?

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]

Re lokela ho leboha litsebi tse tšepahalang tse re thusitseng hore re tsebe ho khetholla mangolo a boholo-holo a ha Bibele e ne e ngoloa