Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 Se Tlisang Thabo ka Lapeng

Tsela ea ho Buisana le Bacha

Tsela ea ho Buisana le Bacha

“Ho buisana le mora oa ka ho ne ho ntse ho le bonolo, empa kaha joale o se a le lilemo li 16, ho thata hore ’na kapa monna oa ka re tsebe maikutlo a hae. O ikoalla ka kamoreng ea hae ’me ke ka seoelo a buang le rōna!”—MIRIAM, MEXICO.

“Ho na le nako eo ka eona bana ba ka ba neng ba thahasella ho mamela eng kapa eng eo ke neng ke ba bolella eona. Ba ne ba thea tsebe! Kajeno ba se ba hōlile, ba nahana hore ha ke ba utloisise.”—SCOTT, AUSTRALIA.

HAEBA u hōlisa ngoana ea lilemong tsa bohlankana kapa boroetsana, mohlomong u ka utloisisa boemo ba batsoali bana. Nakong e fetileng mohlomong u ne u buisana ka bolokolohi le ngoan’a hao. Hona joale ha ho sa le joalo. ’Mè e mong oa Italy ea bitsoang Angela o re: “Ha mora oa ka e sa ntse e le ngoana o ne a atisa ho nkemella ka lipotso. Hona joale ke ’na ea lokelang ho qala moqoqo. Ha ke sa o qale, ho ka feta matsatsi re sa ba le moqoqo o utloahalang.”

Joaloka Angela, mohlomong u hlokometse hore ngoana ea neng a li shoashoatha e se e le mohlankana kapa moroetsana ea hlonameng. Ka linako tsohle ha u leka ho bua le eena a ka ’na a u jajabetsa ka bohale feela. U re ho mora oa hao, “U hlotse joang?” O re feela, “Hantle.” U re ho morali oa hao, “U ile ua etsa’ng sekolong kajeno?” O sisinya mahetla o re: “Letho.” Ha u leka ho etsa hore a qoqe ’me u re ho eena “matsatsing ana ha u sa rata ho qoqa” o ithōlela joalokaha eka le ho utloa ha a utloe.

Bacha ba bang bona ha ba na bothata ba ho bua. Empa ba bua lintho tseo batsoali ba bona ba sa li lebellang. ’Mè e mong oa Nigeria ea bitsoang Edna o re: “Ha ke roma morali oa ka o ne a atisa ho re, ‘Ha ke batle.’” Ramón oa Mexico o hlokometse sona seo ka mora oa hae ea lilemo li 16. O re: “Re pheha khang hoo e ka bang letsatsi le leng le le leng. Neng kapa neng ha ke mo roma, o qala ho ipehela mabaka a mo sitisang ho etsa seo ke reng a se etse.”

Ho leka ho buisana le mocha ea se nang tšebelisano-’moho ho ka tena motsoali. Bibele e re “moo ho eletsana ho leng sieo, merero ea qhalana.” (Liproverbia 15:22, Bibele ea Sesotho) Anna oa Russia eo e leng motsoali ea se nang molekane o re: “Ho se tsebe maikutlo a mora oa ka ho nkhalefisa hoo e kang nka tlakoloha.” Ke hobane’ng ha nakong eo ho hlokahalang hore bacha le batsoali ba bona ba buisane, e le eona nako eo ba sa khoneng ho buisana?

Hlokomela Litšitiso

Ho buisana hase feela ho bua. Jesu o ile a re “molomo . . . o bua se tletseng ka pelong.” (Luka 6:45) Ha re buisana hamolemo, re ithuta ho ba bang ebile re ntša se ka lipelong tsa rōna. Ho thata hore bacha ba ntše se ka lipelong tsa bona, kaha esita le ngoana ea botsoalle ha a kena bohlankaneng kapa boroetsaneng a ka ba lihlong. Litsebi li re bacha ba na le maikutlo a hore batho bohle ba lula ba ba katile. Ho e-na le hore ba phutholohe, bacha ba lihlong ba itšehla thajana.

  Ntho e ’ngoe e ka sitisang bacha ho buisana le batsoali ba bona ke hore ba batla ho lokoloha. ’Nete ea sala—ngoan’a hao oa hōla, ’me e ’ngoe ea lintho tse etsahalang ka tlhaho ha a hōla ke ho ikarola lithong tsa lelapa. Che sena ha se bolele hore ngoana oa hao oa mohlankana kapa moroetsana o se a hōlile hoo a ka ikhoantlellang. O hloka tataiso ea hao ho feta leha e le neng pele. Empa o qala ho batla ho ikemela nako e telele pele e e-ba motho e moholo. Ha ba ntse ba hōla, bacha ba bangata ba ikhethela ho ba le nako ea ho nahana moo ba leng bang pele ba bolella batho ba bang seo ba se nahanang.

Ke ’nete hore bacha ba ka ’na ba phutholoha haholoanyane ha ba e-na le lithaka tsa bona—’me ke seo ’mè e mong oa Mexico ea bitsoang Jessica a ileng a se hlokomela. O re: “Ha morali oa ka a sa le monyenyane, kamehla o ne a mpolella mathata a hae. Hona joale o se a a bolella metsoalle ea hae.” Haeba ngoana oa hao o joalo, u se ke ua etsa qeto ea hore o u lahlile. Ho fapana le hoo, lipatlisiso li bontša hore bacha ba nka keletso ea batsoali ba bona e le ea bohlokoa ho feta ea metsoalle ea bona le hoja ba sa bolele. Leha ho le joalo, ke joang u ka etsang bonnete ba hore oa lokoloha ha a buisana le uena?

Se ka U Thusang—Ho Tlosa Litšitiso

Nka hore u nka leeto le lelelele ka koloi u tsamaea tseleng e khōlō e otlolohileng. U se u tsamaile sebaka se selelele ’me u ’nile ua sotha setering hanyenyane feela. Ka tšohanyetso u fihla mothinyeng o mobe. E le hore koloi ea hao e lule ka tseleng, u tlameha ho sotha setering haholo. Hoa tšoana le ha ngoana oa hao e e-ba mohlankana kapa moroetsana. Mohlomong u nkile lilemo tse ngata ho sa hlokahale hore u etse liphetoho tse kaalo tseleng eo u mo hōlisang ka eona. Leha ho le joalo, hona joale bophelo ba ngoana oa hao bo fetohile haholo kapa bo mothinyeng o mobe, ’me u tlameha ho fetola mokhoa oo u mo hōlisang ka oona kapa ho ‘sotha setering haholo e le hore a lule tseleng.’ Ipotse lipotso tse latelang.

‘Ha mora kapa morali oa ka a batla ho buisana le ’na, na ke itokiselitse ho buisana le eena?’ Bibele e re: “Lentsoe le builoeng ka nako e nepahetseng le joaloka liapole tsa khauta ka lijaneng tse betliloeng tsa silevera.” (Liproverbia 25:11) Joalokaha lengolo lena le bontša ka ho hlaka, ho molemo ho emela nako e loketseng. Ka mohlala: Ha ho letho leo molemi a ka le etsang ho potlakisa nako ea kotulo kapa ho e chechisetsa morao. O mpa feela a etsa seo a lokelang ho se etsa ha e se e fihlile. Ho ka ’na ha e-ba le nako eo ngoana oa hao oa mohlankana kapa oa moroetsana a batlang ho bua ka eona. Sebelisa monyetla oo. ’Mè e mong oa Australia ea se nang molekane ea bitsoang Frances o re: “Morali oa ka o ne a atisa ho tla kamoreng ea ka bosiu, ka linako tse ling a qeta hora. Ke hlōloa ke boroko, kahoo ho ne ho se bonolo, empa linakong tseo tsa bosiu re ne re ee re qoqe ka lintho tse ngata.”

LEKA HO ETSA TJENA: Haeba ho bonahala hore ngoana oa hao oa moroetsana kapa oa mohlankana o leqe ho bua, etsang ntho e itseng hammoho—otlollang maoto, intšeng ka koloi, bapalang papali e itseng, kapa le etse mosebetsi o itseng lapeng. Hangata ho etsa lintho tsena ho ba thusa hore ba ikutloe ba lokolohile ho bua.

‘Na ke utloisisa seo a lekang ho mpolella sona?’ Jobo 12:11 e re: “Na tsebe ha e leke mantsoe joalokaha mahalapa a latsoa lijo?” Nakong ena ho feta leha e le neng pele, ho hlokahala hore u “leke mantsoe” a mora kapa morali oa hao. Hangata bahlankana kapa baroetsana ba feteletsa litaba. Ka mohlala, mora kapa morali oa hao a ka ’na a re, “Nako ena kaofela u nketsa ngoana!” kapa “Ha ho mohla u mamelang seo ke se buang!” Ho e-na le ho pheha khang ka hore na ebe lintho tseo li etsahala “nako ena kaofela” kapa “ha ho mohla” li etsahalang, hlokomela hore mohlomong ngoana oa hao ha a bolele seo a se buang. Ka mohlala, ha a re “Nako ena kaofela u nketsa ngoana” e ka ’na eaba ha e le hantle o re, “Ke bona eka ha u ntšepe,” ’me ha a re, “Ha ho mohla u mamelang seo ke se  buang” e ka ’na eaba o re “Ke batla ho u bolella hore na ke ikutloa joang.” Leka ho utloisisa seo a u bolellang sona.

LEKA HO ETSA TJENA: Ha ngoana oa hao oa mohlankana kapa oa moroetsana a bua ka bohale, u ka ’na ua re: “Kea bona hore u utloile bohloko, ’me nka thabela ho utloa maikutlo a hao. Ak’u mpolelle hore na ke hobane’ng ha u bona eka ke u etsa ngoana.” Ebe u mamela u sa mo kene hanong.

‘Na ke sa hlokomele ke koala ngoana oa ka oa mohlankana kapa oa moroetsana molomo ka ho mo qobella ho bua?’ Bibele e re: “Litholoana tsa ho loka peō ea tsona e jaloa tlas’a maemo a khotso bakeng sa ba etsang khotso.” (Jakobo 3:18) Ka lipuo le liketso, etsa hore ho rene “khotso” e le hore ngoana oa hao oa mohlankana kapa oa moroetsana a lokolohe ho bua. Hopola hore ke uena ea lokelang ho thusa ngoana oa hao. Kahoo ha le buisana ka taba e itseng, u leke ka matla hore u se ke ua mo fa maikutlo a hore u mochochisi eo morero oa hae e leng ho mo shanofatsa. Ntate e mong oa Korea ea bitsoang Ahn o re: “Motsoali ea bohlale ha a re, ‘U tla hōla neng?’ kapa, ‘Ho neng ke u bolella?’ Ka mor’a ho etsa liphoso tsa mofuta ona, ke ile ka hlokomela hore bashemane ba ka ha ba halefisoe ke tsela eo ke ba buisang ka eona feela, empa ba halefisoa le ke seo ke se buang.”

LEKA HO ETSA TJENA: Haeba ngoana oa hao oa mohlankana kapa oa moroetsana a thōla ha u mo botsa lipotso, fetola maoa. Ka mohlala, ho e-na le ho botsa morali oa hao hore na o hlotse joang, mo bolelle hore na uena u hlotse joang ’me u bone hore na eena o tla re’ng. Kapa e le hore u tsebe maikutlo a ngoana oa hao tabeng e itseng, mo botse lipotso tse sa mo tobang. Mo botse hore na motsoalle oa hae o ikutloa joang ka taba eo. Ebe u mo botsa hore na a ka fa motsoalle oa hae keletso efe.

U ka khona ho buisana le ngoana oa hao oa moroetsana kapa oa mohlankana. Fetola tsela eo u hōlisang bana ba hao ka eona ho latela se hlokahalang. Buisana le batsoali ba bang ba atlehileng ho etsa joalo. (Liproverbia 11:14) Ha u buisana le mora oa hao kapa morali ‘potlakela ho utloa, u liehe ho bua, u liehe ho halefa.’ (Jakobo 1:19) Ka holimo ho tsohle, tsoela pele ho sebetsa ka thata ho hōlisa ngoana oa hao oa moroetsana kapa oa mohlankana “ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova.”—Baefese 6:4..

IPOTSE . . .

  • Ke hlokometse liphetoho life ngoaneng oa ka esale e e-ba mohlankana kapa moroetsana?

  • Nka ntlafatsa mokhoa oo ke buisanang le eena ka oona joang?