Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE KANTLE

Na U Lula U Phathahane?

Na U Lula U Phathahane?

Makasine e bitsoang The Economist e re: “Hoo e batlang e le motho e mong le e mong o ikutloa a phathahane.” Mohlomong le uena u ikutloa ka tsela e tšoanang.

KA 2015 ho ile ha etsoa liphuputso linaheng tse robeli, ’me ho ile hoa fumanoa hore batho ba sebetsang ba thatafalloa ho etsa mosebetsi oa bona oa letsatsi le letsatsi hape ba bile ba ntse ba lokela ho etsa oa lelapa. Amang a mabaka a etsang hore ho be thata, ke hore mosebetsi oa lelapa o mongata, theko ea lintho ea nyoloha le hore ba lokela ho qeta nako e telele ba le mosebetsing. Mohlala oa sena ke hore naheng ea Amerika batho ba sebetsang ba qeta lihora tse ka bang robong ka letsatsi ba le mosebetsing. Ba bang ba re ka letsatsi ba sebetsa lihora tse 12 kapa ho feta.

Phuputsong e ’ngoe hape e entsoeng linaheng tse 36, batho bao ho builoeng le bona ba re ba lula ba phathahane le nakong eo ba sa eang mosebetsing. Bana le bona ba ka lula ba phathahane haeba ba e-na le lintho tse ngata tseo ba lokelang ho li etsa.

Haeba re lula re etsa lintho tse ngata le hoja nako e sa re lumelle, re ka lula re khathetse. Empa na ho ka etsahala hore u be le nako ea ho phomola? Na lintho tseo u li lumelang, tseo u khethang ho li etsa le tseo u batlang ho li etsa nakong e tlang li ka u thusa ho ba le nako ea ho phomola? Na lintho tsee li ka hla tsa etsa hore u lule u phathahane?

1 HO BATLELA BANA BOKAMOSO

Ntate e mong eo lebitso la hae e leng Pule o re: “Ke ne ke sebetsa matsatsi a supileng ka beke hobane ke ne ke batla hore bana ba ka ba be le lintho tseo ’na ke neng ke se na tsona ha ke ntse ke hola.” Le hoja batsoali ba etsa lintho ka sepheo se setle, ba lokela ho tseba hore na ke eng eo e leng ea bohlokoa bophelong. Liphuputso li bontša hore bana le batho ba baholo ba sa rateng ho ba barui, baa thaba, ba lula ba khotsofetse ebile ha se hangata ba kulang ha ba bapisoa le ba lumelang hore motho o lokela ho ba le chelete e ngata kapa ho rua.

Bana ba holisitsoeng ba tseba hore motho ha a hloke lintho tse ngata hore a thabe, ba thabile ho feta ba rutiloeng se fapaneng

Malapa a mangata a lula a phathahane hobane batsoali ba leka ho batlela bana ba bona bokamoso bo molemo. Buka ea Putting Family First ha e bua ka batsoali ba joalo e re: “Sena se etsa hore bohle ka lapeng ba lule ba khathetse.”

2 HO NAHANA HORE U KA THABA HA U E-NA LE LINTHO TSE NGATA

Barekisi ba etsa hore re ikutloe re hloka ho ba le lintho tseo ba li rekisang e le hore re thabe. Buka e bitsoang The Economist e re: “Ho na le lintho tse ngata tseo bareki ba ka li rekang empa ha ba na nako ea ho li sheba le ho li reka kaha ba lula ba phathahane.”

Ka 1930 setsebi se seng sa moruo se ile sa re, theknoloji e tla thusa batho ba sebetsang ho fumana nako ea ho phomola. Mantsoe a Elizabeth Kolbert ea ngollang makasine ea New Yorker a bontša hore setsebi seo se ne se fositse, kaha o ile a re: “Ho e-na le hore batho ba chaise ka nako mosebetsing, ba qeta nako e telele ba sebetsa hobane ba batla lintho tse ngata.” Sena se ba hloka nako le chelete.

3 HO KHAHLISA BATHO

Batho ba bang ba sebetsa lihora tse ngata ka letsatsi hore feela ba khahlise bahiri ba bona. Ha ba bang bona ba etsa se tšoanang hore feela ba khahlise basebetsi-’moho le bona. Likhoebo tse ngata li qobelleha ho fokotsa basebetsi ka lebaka la moruo o sa tsitsang, ’me seo se etsa hore ba bang ba sebetse lihora tse ngata e le hore ba se ke ba felloa ke mosebetsi.

Batsoali le bona ba sebetsa ka thata hore ba phele bophelo bo tšoanang le ba malapa a mang. Ha ba sa etse joalo, ba ikutloa eka ba hanela bana ba bona ka lintho tse molemo.

4 HO IKUTLOA U LE MOTHO OA BOHLOKOA

Tim oa Amerika o re: “Ke ne ke rata mosebetsi oa ka haholo ’me ke lula ke sebetsa ka thata. Ke ne ke utloa eka ke hloka ho sebetsa hore ke felloe.”

Batho ba bangata ba utloa eka ke ba bohlokoa ha ba lula ba e-na le lintho tse ngata tseo ba li etsang. Elizabeth Kolbert eo ho builoeng ka eena pejana o re batho ba ikutloa tjena hobane “ho phathahana ho nkoa e le ntho ea bohlokoa.”

IPHE NAKO EA HO PHOMOLA

Bibele e khothalletsa batho ho sebetsa ka thata. (Liproverbia 13:4) Empa e boetse e re eletsa hore re se ke ra ikimetsa ka mosebetsi ho sa hlokahale, kaha Moeklesia 4:6 e re: “Phomolo e tletseng letsoho e molemo ho feta mosebetsi o boima o tletseng matsoho a mabeli le ho lelekisa moea.”

Motho o hloka ho leka-lekanya lintho e le hore a lule a phetse hantle. Empa na motho a ka khona ho phela a sa phathahana? Sehlooho sena se tla re bontša hore na re ka etsa sena joang.

1 KE’NG EO U E BATLANG BOPHELONG?

Motho e mong le e mong o hloka chelete e le hore a tsoele pele a phela. Empa na ho na le mohla e lekaneng? Na ha motho a e-na le eona e le ngata ke hona ha a atlehile? Le teng haeba motho a qeta nako e ngata a phomotse a ka ba le nako e khutšoanyane ea ho phetha mabaka a bohlokoa, kahoo a lula a phathahane.

Tim eo ho builoeng ka eena pejana o re: “’Na le mohatsa’ka re ile ra buisana ka hore na re ka etsa’ng e le ho fokotsa lintho tseo re sa li hlokeng. Re ile ra ngola lintho tseo re li etsang hona joale le tseo re batlang ho li etsa nakong e tlang. Ra bua ka hore na liqeto tseo re ileng ra li etsa li ile tsa re ama joang le hore na re ka etsa’ng e le hore re phethe merero eo re nang le eona.”

2 QOBA HO REKA LINTHO TSEO U SA LI HLOKENG

Bibele e re eletsa hore re laole “takatso ea mahlo.” (1 Johanne 2:15-17) Barekisi ba ka etsa hore motho a utloe a batla ho ba le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e bapatsoang, e leng se ka etsang hore a batle ho lula a sebetsa e le hore a be le chelete. Ho ka ba bohlale hore u qobe ho sheba lipapatso le hoja ka linako tse ling ho ka ba thata ho etsa joalo. U ka boela oa qoba ho reka lintho tseo u sa li hlokeng.

Taba e ’ngoe ea bohlokoa ke ho leka ho qoba ho tloaelana le batho ba ratang ho reka le ha ho sa hlokahale. Haeba u tloaelana le bona, u ka qetella u ba le maikutlo a tšoanang le a bona. Bibele e re: “Ea tsamaeang le batho ba bohlale o tla hlalefa.”—Liproverbia 13:20.

3 IPHE NAKO EA HO PHETHA MABAKA A MANG

Bua le mohiri oa hao ka mosebetsi oa hao le ka lintho tseo u li nkang e le tsa bohlokoa. U se ke oa utloa eka u tlameha ho sebetsa lihora tse ngata haholo ka letsatsi. Buka e bitsoang Work to Live e re: “Ha se hore ke bofelo ba lefatše ha motho a tloha mosebetsing ka nako e le hore a be le nako ea ho phomola le ea ho etsa mesebetsi ea lelapa.”

Pule eo ho builoeng ka eena pejana, o ne a e-na le lintho tseo a li hlokang hore a phelise lelapa la hae, kahoo, a fokotsa lihora tseo a neng a li qeta a le mosebetsing. O re: “Ke ile ka kopa lelapa la ka hore re leke ho fokotsa lintho tseo re sa li hlokeng, ka morao ho moo ka kopa mong’aka hore ke theohele ka matsatsi a mang eaba oa ntumella.”

4 NAKO EA LELAPA KE EA BOHLOKOA HAHOLO

Banyalani ba hloka ho ba le nako ba le ’moho, bana le bona ba hloka nako ea ho ba le batsoali ba bona. Ka lebaka lena malapa ha aa lokela ho ipapisa le malapa a lulang a phathahane. Pule o re: “Iphe nako ea ho phomola le ea ho ba le lelapa la hao.”

Ha le le ’moho le le lelapa, le se ke la lumella lintho tse kang lifono kapa thelevishene ho le jella nako, kapa ho le sitisa ho qoqa. Lekang ka matla hore le je ’moho, bonyane hanngoe ka letsatsi e le hore ka nako eo le ka ba le monyetla oa ho qoqa. Ha batsoali ba ipha nako ea ho etsa joalo, ba thusa bana ba bona hore ba lule ba khotsofetse ’me sena se ka ba sa ba thusa hore ba pase sekolong.

Nakong ea lijo lelapa le lokela ho qoqa hamonate

Ka mor’a ho bala sehlooho sena, leka ho fumana hore na ha e le hantle u batla’ng bophelong, le hore na u batlela lelapa la hao eng. Haeba u batla ho thaba, ikemisetse ho mamela keletso ea Bibele.