Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ninive e ne e le motse o nang le mehaho e metle le liemahale

Na U ne U Tseba?

Na U ne U Tseba?

Ho ile ha etsahala’ng ka Ninive ka mor’a mehla ea Jonase?

Websaete ea British Museum e hlalosa hore hoo e ka bang ka selemo sa 670 B.C.E., Assyria e ne e se e le ’muso o moholo ka ho fetisisa lefatšeng, “e tloha Cyprase e ka bophirimela ho ea fihla Iran e ka bochabela ’me ho na le nako eo e neng e akareletsa Egepeta.” Motse-moholo oa eona Ninive, e ne e le motse o moholo ka ho fetisisa lefatšeng. E ne e khaba ka lirapa tse ngata tse ntle, matlo a borena a matle le lilaebrari tse kholo. Mengolo e hlahang maboteng a motse oa khale oa Ninive e bontša hore Morena Asnapare o ne a ipitsa “morena oa lefatše,” joaloka marena a mang a Assyria. Ka nako eo, ho ne ho bonahala eka Assyria le Ninive li ke ke tsa hloloa.

Muso o matla oa Lefatše oa Assyria e ne e le ’muso o moholo ka ho fetisisa lefatšeng ka nako eo

Leha ho le joalo, nakong eo Assyria e neng e le matla haholo, moprofeta oa Jehova e leng Sofonia o ile a profeta esale pele a re: “[Jehova] o tla timetsa Assyria. O tla etsa Ninive lesupi, sebaka se se nang metsi joaloka lefeella.” Ho ekeletsa moo, moprofeta oa Jehova Nahume le eena o ile a profeta a re: “Tlatlapang silevera; tlatlapang khauta; . . . Ho hloka letho le lefeela, le motse o fetohileng lesupi! . . . E mong le e mong ea o bonang o tla o balehela ’me ka sebele o tla re, ‘Ninive e tlatlapuoe!’ ” (Sof. 2:​13; Nah. 2:​9, 10; 3:7) Ha batho ba utloa boprofeta boo, e ka ’na eaba ba ile ba ipotsa ba re: ‘Na see se ka etsahala? Na Assyria e matla e ka hloloa?’ E ne e utloahala e le ntho eo ho leng thata ho e kholoa.

Ninive e ile ea fetoha lesupi

Ho ntse ho le joalo, e ile ea hloloa. Nakoana pele ho selemo sa 600 B.C.E., Assyria e ile ea hloloa ke Bababylona le Bamede. Ho ile ha qetella ho se ho se na batho ba lulang Ninive ’me qetellong batho ba ile ba lebala ka ho feletseng ka eona. Sengoloa se tsoang ho Metropolitan Museum of Art e New York se re, “motse oa Ninive o ne o lahliloe ebile o lebetsoe ka ho feletseng ’me batho ba ne ba o tsebella Bibeleng feela.” Biblical Archaeology Society e re maqalong a bo-1800 “ho ne ho se na motho ea tsebang hore na ehlile motse-moholo ona oa Assyria o kile oa e-ba teng kapa che.” Empa ka 1845, moepolli oa lintho tsa khale ea bitsoang Austen Henry Layard o ile a qala ho cheka lithakong tsa Ninive. Lintho tseo a ileng a li fumana li ile tsa paka hore Ninive e kile ea e-ba motse o motle haholo.

Taba ea hore boprofeta bona bo buang ka Ninive bo phethahetse hantle feela joalokaha ho ne ho boletsoe, e matlafatsa tšepo ea rona ea hore boprofeta ba Bibele bo buang ka ho felisoa ha mebuso ea lipolotiki ea mehleng ena le bona bo tla phethahala.​—Dan. 2:​44; Tšen. 19:​15, 19-21.