Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Le ba bohlokoa ho feta.”​—MATHEU 10:31

Na re ba Bohlokoa ho Molimo?

Na re ba Bohlokoa ho Molimo?

POPO E RE RUTA’NG?

Hora ka mor’a hore ngoana a hlahe, ho bohlokoa haholo hore ’mè oa hae a be haufinyane haholo le eena. Haeba a etsa joalo, o tla mo thusa hore a hole hantle. *

Ke’ng e susumeletsang ’mè ho hlokomela lesea la hae hantle? Moprofesa Jeannette Crenshaw o ile a araba potso ena makasineng ea The Journal of Perinatal Education. O ile a re ha ’mè a ntse a tšoara lesea la hae, a le antša a bile a le sheba, ho na le lero le bang lengata ’meleng oa hae le etsang hore a rate lesea la hae a be a le hlokomele. O boetse o hlalosa hore lero le leng le bang teng ’meleng oa ’mè ha lesea le qeta ho hlaha le thusa ’mè ho tseba hore na lesea le hloka’ng le hore a le rate le ho feta. Ke’ng e ikhethang ka taba ee?

Ke Jehova Molimo  * ea entseng hore ’mè a rate lesea la hae ka tsela ena. Morena Davida o ile a re Molimo ke eena ea mo ntšitseng ka popelong a ba a re o ile a etsa hore a ikutloe a sireletsehile ha a le sefubeng sa ’mè oa hae. O ile a re: “Ke lahletsoe ho uena ho tsoa ka pōpelong; u bile Molimo oa ka ke sa le ka mpeng ea ’Mè.”—Pesaleme ea 22:9, 10.

NAHANA: Haeba Molimo o bopile motho oa ’mè ka tsela e tjee e le hore a rate le ho hlokomela lesea la hae le sa tsoa hlaha feela, e tlameha ebe le rona oa re rata, haholo hobane ‘re bana ba hae.’—Liketso 17:29.

BIBELE E RE MOLIMO OA RE TSOTELLA

Motho ea tsebang Molimo ho feta mang kapa mang, e leng Jesu Kreste, o ile a re: “Na lirobele tse peli ha li rekisoe ka chelete ea tšepe ea bohlokoa bo bonyenyane? Empa leha ho le joalo ha ho le se seng sa tsona se tla oela fatše kantle le hore Ntat’a lōna a tsebe. Empa moriri oa lihlooho tsa lōna o baliloe kaofela. Ka hona le se ke la tšaba: le ba bohlokoa ho feta lirobele tse ngata.”—Matheu 10:29-31.

Batho ba bangata ha ba na taba le linonyana, ebile ha ba hlokomele le ho hlokomela leha nonyana e le ’ngoe e ka oela fatše. Empa Molimo oa rona eena oa li bona kaofela. Hape ho eena ha ho mohla linonyana li leng bohlokoa ho feta motho. Taba ena ea re ruta hore ha rea lokela ho nahana hore Molimo ha a na taba le rona. Ha e le hantle, o re rata haholo.

Molimo o tsotella motho e mong le e mong. O amehile ka rona ’me oa re tsotella

Bibele e re:

  • “Mahlo a Jehova a sebakeng se seng le se seng, a lula a talimile ba babe le ba molemo.”—LIPROVERBIA 15:3.

  • “Mahlo a Jehova a talimile ba lokileng, O sekehela mohoo oa bona o kōpang thuso tsebe.”—PESALEME EA 34:15.

  • “Ke tla thaba ’me ke nyakalle ka lebaka la mosa oa hao o lerato, ka hore ebe u bone mahloreho a ka; u tsebile ka mahlomola a moea oa ka.”—PESALEME EA 31:7.

“KE NE KE UTLOA EKA JEHOVA HA A NTHATE”

Ho tseba hore Molimo oa re rata le hore oa re tsotella ho ka re thusa bophelong ba rona. Pale ea Hannah  * oa naha ea Engelane e tiisa taba ena.

O re: “Ka makhetlo a mangata ke ne ke utloa eka Jehova ha a nthate ebile ha a mamele lithapelo tsa ka. Ke ne ke nahana hore o etsa joalo hobane ke haelloa ke tumelo. Ke ne ke bile ke nahana hore ho na le ntho eo a nkotlelang eona, hore ha a na taba le ’na hobane a bona ke se na thuso le hore o ntahlile.”

Leha ho le joalo, hona joale Hannah ha aa sa nahana joalo. Ke’ng e mo thusitseng ho fetola maikutlo a hae? Ha a hlalosa o re: “Maikutlo ao ke neng ke e-na le ’ona ka Molimo a ile a fetoha butle-butle. Ke hopola puo e ’ngoe ea Bibele eo ke neng ke e mamele lilemo tse ngata tse fetileng, e neng e bua ka hore Jesu o re shoetse. Puo eo e ile ea nkama maikutlo haholo, ea ba ea nkholisa hore Jehova oa nthata. Hape, hangata ha ke bona Jehova a arabela lithapelo tsa ka, ke thaba hoo ke bileng ke sekang meokho hobane ke hlokomela hore o fela a ntsotella. Ntho e ’ngoe hape e nthusang ke ho ithuta Bibele le ho phutheha le Bakreste-’moho le ’na ho rapela Jehova. Ho etsa joalo ho nthusa ho tseba haholoanyane hore na Jehova ke Molimo ea joang le hore na o ikutloa joang ka rona. Hona joale ke bona ka ho hlaka hore Jehova o re tšehelitse, oa re rata ebile o ikemiselitse ho hlokomela e mong le e mong oa rona.”

Mantsoe ana a Hannah a re tiisa ’moko. Empa re ka kholisoa ke’ng hore Molimo oa tseba ebile oa utloisisa hore na re ikutloa joang? Karabo ea potso ena e tla hlaha sehloohong se latelang.

^ ser. 3 Bo-’mè ba bang ba ba le bokulo ba ho tepella maikutlo ka mor’a ho pepa ’me ho ba thata hore ba be haufi haholo le masea a bona. Empa ha baa lokela ho ipeha molato ka lebaka la bothata bona. Mokhatlo oa Naha oa Mafu a Kelello (National Institute of Mental Health [NIMH]) oa Amerika o re bokulo bona ha bo be teng ka lebaka la phoso eo ’mè a e entseng. Empa bo bakoa ke lintho tse etsahalang ’meleng le maikutlong. U ka sheba sehlooho se reng “Ke Hlōtse ho Tepella Maikutlo ha ka Mor’a ho Pepa” se hlahang ho Tsoha! ea August 8, 2002 e le hore u bale haholoanyane ka taba ena.

^ ser. 5 Bibele e re Jehova ke lebitso la Molimo.—Pesaleme ea 83:18.

^ ser. 15 Mabitso a mang a hlahang makasineng ena a fetotsoe.