Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE KA NTLE | LEBAKA LA HORE U TŠEPAHALE!

Molemo oa ho Tšepahala

Molemo oa ho Tšepahala

“Re tšepa hore re na le matsoalo a tšepahalang, kaha re lakatsa ho itšoara ka botšepehi linthong tsohle.”—Baheberu 13:18.

Ka Bibeleng, lentsoe la Segerike leo ka linako tse ling le fetoleloang e le “botšepehi,” le bolela ntho e molemo kahohle-hohle. Hape le ka bolela ntho e khahlisang ha motho a e shebile, litabeng tse amang le boitšoaro.

Bakreste ba nka ka ho teba mantsoe ana a bululetsoeng a moapostola Pauluse, a reng: “Re lakatsa ho itšoara ka botšepehi linthong tsohle.” Seo se akarelletsa eng?

HO LOANA LE MAIKUTLO A RŌNA

Batho ba bangata ba icheba ka seiponeng hoseng ho hong le ho hong pele ba tloha lapeng. Hobane’ng? Ke hobane ba batla ho shebahala hantle. Empa ho na le ntho e ’ngoe ea bohlokoa ho feta hore na re kutile joang kapa hore na re apere liaparo tsa feshene. Ha e le hantle, motho eo re leng eena ka hare a ka ntlafatsa kapa a theola seriti tsela eo re shebahalang ka eona ka ntle.

Lentsoe la Molimo le bolela ka ho toba hore batho ba sekametse bobeng. Genese 8:21 e re: “Tšekamelo ea pelo ea motho e mpe ho tloha bocheng ba hae.” Kahoo, hore re lule re tšepahala, re tlameha ho loantša tšekamelo ea ho etsa lintho tse mpe eo re tsoetsoeng re e-na le eona. Moapostola Pauluse o ile a hlalosa ka ho hlaka boiteko ba hae ba ho loantša sebe, ha a re: “Ka sebele ke thabela molao oa Molimo ho ea ka motho eo ke leng eena ka hare, empa lithong tsa ka ke bona molao o mong o loanang khahlanong le molao oa kelello ea ka le o nkisang ke holehiloe molaong oa sebe o lithong tsa ka.”—Baroma 7:22, 23.

Ka mohlala, ha lipelo tsa rōna li re susumelletsa ho etsa bobe ’me re tleloa ke maikutlo a matla a ho etsa bolotsana, ha ho hlokahale hore re be makhoba a lipelo tsa rōna. Re ntse re e-na le boikhethelo tabeng eo. Haeba re khetha hore re hanele monahano oo o mobe, re ka lula re tšepahala ho sa tsotellehe hore ebe batho ba bangata bao re phelang le boha ha ba tšepahale.

U KA HLŌLA NTOENG ENA

Hore re be batho ba tšepahalang, re lokela ho phela ka melao e phahameng ea boitšoaro. Empa ka bomalimabe, batho ba bangata ba qeta nako e ngata ba nahana ka melao ea ho apara ho feta ea boitšoaro. Ka lebaka leo, ba lokafatsa ho se tšepahale hafeela ho ba tsoela molemo maemong ao ba leng ho ’ona. Buka e bitsoang The (Honest) Truth About Dishonesty e ile ea re: “Bonneteng, batho ba etsa bolotsana hoo ba seng ba sa nahane hore seo ba se etsang ke bolotsana.” Empa na ho na le molao o tšepahalang o ka re thusang ho tseba hore na bolotsana e ka ba ntho e amohelehang? Ka lehlohonolo o teng.

Lefatšeng lohle, batho ba limilione ba hlokometse hore Bibele e na le molao o joalo. Ha ho letho le ka bapisoang le molao oa boitšoaro o ka Bibeleng. (Pesaleme ea 19:7) Molao oo o fana ka tataiso eo re ka e tšepang litabeng tsa lelapa, tsa mosebetsi esita le tsa borapeli. Ebile ha o felloe ke nako. Melao le melaoana ea Bibele e sebetsa bathong ba lichaba tsohle, merabe le meloko. Re ka koetlisa lipelo tsa rōna hore li tšepahale li be li rate ho loka ka hore re ithute Bibele re be re nahanisise ka seo e se buang.

Empa hore re hlōle ntoeng ena ea ho lula re tšepahala, ha hoa lekana hore re be le tsebo e nepahetseng ea Bibele, kaha re phela lefatšeng la batho ba boitšoaro bo bobe le ba re hatellang hore re amohele mekhoa ea bona e silafetseng. Ke ka lebaka leo ho hlokahalang hore re rapele Molimo hore a re thuse le ho re tšehetsa. (Bafilipi 4:6, 7, 13) Ha re etsa joalo, re tla ba le sebete sa ho emela se nepahetseng ’me re lule re tšepahala linthong tsohle.

MELEMO EA HO TŠEPAHALA

Hitoshi, eo ho builoeng ka eena sehloohong se qalang, o ile a rua molemo ka lebaka la ho tsejoa e le mosebetsi ea tšepahalang. Hona joale o sebeletsa mohiri ea ananelang hore ebe oa tšepahala. Hitoshi o re: “Kea leboha hore ebe ke ile ka fumana mosebetsi o ntumellang hore ke lule ke e-na le letsoalo le hloekileng.”

Batho ba bang le bona ba hlokometse seo. Ak’u nahane ka mehlala ea batho ba bang ba ruileng molemo ha ba latela molao oa Bibele oa ho “itšoara ka botšepehi linthong tsohle.”

  • Letsoalo le Hloekileng

    “Ha ke le lilemo li 13, ke ile ka tlohela sekolo e le hore ke il’o sebetsa le masholu. Ka lebaka leo, boholo ba chelete eo ke neng ke e fumana, e ne e le ea bolotsana. Hamorao ke ile ka nyaloa ’me ’na le mohats’aka ra qala ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova. Re ile ra ithuta hore Jehova * Molimo o hloile mekhoa ea bolotsana, kahoo re ile ra etsa qeto ea ho fetola tsela eo re phelang ka eona. Ka 1990 re ile ra inehela ho Jehova ’me ra kolobetsoa re le Lipaki Tsa Jehova.”—Liproverbia 6:16-19.

    “Nakong e fetileng ntlo ea ka e ne e tletse thepa ea bosholu, empa hona joale ha e sa le eo; ’me sena se etsa hore ke be le letsoalo le hloekileng. Ha ke hopola lilemo tse ngata tse fetileng tseo ke li phetseng ka bolotsana, ruri ke leboha Jehova hore ebe o nkhauhetse. Bosiu bo bong le bo bong ke robala ke khotsofetse kaha kea tseba hore ke khahlisa Jehova.”—Cheryl, oa Ireland.

    “Ha mookameli oa ka a utloa hore ke hanne ha moreki e mong a mpha tjotjo, o ile a re ho ’na: ‘Molimo oa hao ke eena ea etsang hore u be motho ea tšepahalang hakana! K’hamphani ea rōna e hlohonolofalitsoe ka ho ba le motho ea tjena.’ Ho tšepahala linthong tsohle ho nthusa hore ke be le letsoalo le hloekileng ka pel’a Jehova Molimo. Ebile ho mpha monyetla oa hore ke thuse ba lelapa la ka le batho ba bang hore le bona ba tšepahale.”—Sonny, oa Hong Kong.

  • Ho ba le Khotso Kelellong

    “Ke sebetsa bankeng e ’ngoe ea machaba ’me ke ’na motlatsi oa mookameli e moholo. Khoebong ena, batho ba bangata ha ba na taba le ho tšepahala, ba shebile ho rua feela. Ba bangata ba na le maikutlo a hore, ‘Phoso e kae ha motho a etsa bolotsananyana haeba seo se tla mo thusa hore a rue ’me a phahamise moruo?’ Empa ho tšepahala ho nthusa hore ke be le khotso kelellong. Ke ikemiselitse ho lula ke tšepahala esita le ho tobana le litla-morao leha e le life tse ka ntlhahelang. Bahiri ba ka baa tseba hore nke ke ba thetsa kapa ka thetsa motho leha e le ofe molemong oa k’hamphani.”—Tom, oa United States.

  • Boitlhompho

    “Mookameli oa ka o ile a nkhothalletsa hore ke bue leshano mabapi le thepa e ’ngoe e neng e nyametse mosebetsing, empa ke ile ka hana. Eitse ha masholu a fumanoa, mohiri oa ka o ile a nteboha hore ebe ke buile ’nete. Motho o lokela ho ba sebete hore a tšepahale lefatšeng lena le sa tšepahaleng. Empa qetellong batho ba bang ba tla re tšepa ba be ba re hlomphe.”—Kaori, oa Japane.

Ho ba le letsoalo le hloekileng, ho ba le khotso kelellong hammoho le boitlhompho ke melemo e bontšang hore ehlile ho tšepahala ho re ruisa molemo. Na ha ho joalo?

^ ser. 18 Jehova ke lebitso la Molimo le hlahang ka Bibeleng.