Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 PUISANO | DAVEY LOOS

Setsebi sa Tšebetso ea Lik’hemik’hale Linthong Tse Phelang se Hlalosa Tumelo ea Sona

Setsebi sa Tšebetso ea Lik’hemik’hale Linthong Tse Phelang se Hlalosa Tumelo ea Sona

Dr Davey Loos ke setsebi sa tšebetso ea lik’hemik’hale linthong tse phelang, Belgium. Nakong e fetileng o ne a sa lumele hore ho na le ’Mōpi, ’me a lumela hore lintho li ikentse. Hamorao o ile a fetola maikutlo. Ke’ng e ileng ea etsa hore setsebi see se boele se hlahlobe seo se se lumelang ka qaleho ea bophelo? Tsoha! e ile ea buisana le Dr. Loos ka thuto ea saense eo a ithutetseng eona le ka seo a se lumelang.

Ke’ng e entseng hore u ithutele saense?

Ha ke le univesithing, ke ile ka khetha ho etsa thuto ea k’hemistri. Ke ile ka khahloa haholo ke liprotheine le limolek’hule tsa DNA le tsa RNA, e leng tsona tse rarahaneng ka ho fetisisa lefatšeng. Ha nako e ntse e ea, ke ile ka hlolloa ke se etsahalang limolek’huleng tse ling ha li le letsatsing.

Na u ne u lumela hore Molimo o teng?

Ha ke sa le monyenyane, ke ne ke lumela hore o teng. Empa hamorao ha ke le Univesithing ea K’hatholike e Leuven, ke ile ka rutoa hore lintho tse phelang li bile teng ka ho iphetola ha lintho. Baprofesa ba ne ba hlalosa taba ena ka tsela e rarahaneng. E ne e le bo-rasaense ba nang le phihlelo, kahoo ka lumela seo ba se buang. Ha nako e ntse e ea, ke ile ka thatafalloa ho lumela hore Molimo o teng.

Ke’ng e ileng ea etsa hore u boele u hlahlobe hore na bophelo bo qalile joang?

Ka 1999, ke ile ka kopana le motsoalle e mong oa ka eo ke neng ke kena sekolo le eena ’me e se e le e mong oa Lipaki Tsa Jehova, eaba ke ea le eena sebokeng sa tsona. Hona nakong eo, Paki e ’ngoe ea Jehova e ile ea re etela ’me ea re siela buka ea Is There a Creator Who Cares About You? *

U ile ua nahana’ng ka buka eo?

Ke ile ka khahloa ke kamoo ho entsoeng lipatlisiso kateng ho  eona. Eaba ke qala ho ipotsa hore na khopolo ea ho iphetola ha lintho e ne e hlile e hlalosa boqapi bo bonahalang linthong tsa tlhaho.

Ke’ng e ileng ea u khahla ka tsela eo lintho tsa tlhaho li qapiloeng ka eona?

E ’ngoe ea lintho tseo ke ileng ka batlisisa ka tsona ke limolek’hule tsa libaktheria tse fumanehang leoatleng, tse sa fumaneng lijo linthong tse ling tse phelang. Bo-rasaense ba bang ba nahana hore libaktheria tsena e bile tsona lintho tsa pele tse phelang polaneteng ea rōna. Libaktheria tsena li sebelisa khanya ea letsatsi ho kopanya lik’hemik’hale ka tsela e rarahaneng haholo, eo bo-rasaense ba ntseng ba sa e utloisise ka ho feletseng, ho fetola metsi le carbon dioxide lijo. Ke ile ka boela ka hlolloa ke tsela e babatsehang eo li tsomang khanya ka eona.

Makhasi le ’ona a sebelisa khanya ea letsatsi ho etsa lijo. Joale, ke’ng e ikhethang ka libaktheria tsee?

Ha u ntse u theohela tlaase leoatleng, khanya e ea fokotseha. Kahoo, libaktheria tseo li lokela ho sebelisa khanya leha e ka ba e kae e fihlang moo, ’me li thusoa ke manakana a tsona a sebetsang ka tsela e rarahaneng. Manakana ao a fetisetsa khanya karolong e hlahisang lijo, ’me a etsa seo ka tsela e hlollang. Tsela e babatsehang eo li tsomang khanya ka eona e khahlile baetsi ba mechine e sebelisang matla a letsatsi. Empa mechine eo ha e sebelise matla a letsatsi hantle joaloka libaktheria tsena.

U ile ua etsa qeto efe ka lebaka la seo?

Ke ile ka nahana ka baenjiniere ba lekang ho etsisa tsela e babatsehang eo lintho tse phelang li sebetsang ka eona, ’me ka etsa qeto ea hore e tlameha ebe li entsoe ke Molimo

Ke ile ka nahana ka baenjiniere ba lekang ho etsisa tsela e babatsehang eo lintho tse phelang li sebetsang ka eona, ’me ka etsa qeto ea hore e tlameha ebe li entsoe ke Molimo. Empa tumelo ea ka e ne e sa itšetleha ka seo ke ithutileng sona saenseng feela. E ne e boetse e thehiloe ho seo ke ithutileng sona ka Bibeleng.

Ke eng e ileng ea u kholisa hore Bibele e tsoa ho Molimo?

Har’a tse ling tse ngata, ke ile ka kholisoa ke ho phethahala ha boprofeta ba Bibele. Ka mohlala, Esaia o ile a bolela ka ho hlaka hore na Jesu o ne a tla shoa le ho patoa joang lilemo tse makholo pele seo se etsahala. Rea tseba hore boprofeta bona bo ile ba ngoloa pele ho lefu la Jesu hobane Moqolo oa Esaia o ileng oa fumanoa Qumran, o ne o ngotsoe lilemo tse ka bang lekholo pele Jesu a tsoaloa.

Boprofeta boo bo re: “O tla etsa sebaka sa hae sa lepato hammoho le ba khopo, le sehlopha sa barui lefung la hae.” (Esaia 53:9, 12) Ha e le hantle, Jesu o ile a bolaoa le batlōli ba molao empa a patoa lebitleng la lelapa le ruileng. Ona e mpa e le mohlala feela har’a lintho tse ngata tse profetiloeng tse ileng tsa nkholisa hore Bibele e bululetsoe ke Molimo. (2 Timothea 3:16) Ka mor’a nako ke ile ka ba e mong oa Lipaki Tsa Jehova.

Ke hobane’ng ha u thabela ho ba e mong oa Lipaki Tsa Jehova?

Ha re lumele lintho feela tjee re se na mabaka ebile ha re hlokomolohe bopaki ba saense

Ha re lumele lintho feela tjee re se na mabaka ebile ha re hlokomolohe bopaki ba saense. Hape, melao-motheo e re tataisang e thehiloe Bibeleng. Kaha ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova, ke thabela ho bolella ba bang molaetsa o khothatsang oa Bibele le ho ba thusa hore ba fumane likarabo tsa lipotso tsa bona.

^ ser. 9 E hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.