Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

ilbusca/E+ via Getty Images

LULANG LE FALIMEHILE!

Bibele e re ke Hobane’ng ha Batho ba sa Khone ho Phelisana ka Khotso?

Bibele e re ke Hobane’ng ha Batho ba sa Khone ho Phelisana ka Khotso?

 Baeta-pele le mekhatlo ea lefatše ha e khone ho etsa hore ho be le khotso lefatšeng. Hona joale ho na le lintoa tse ngata ho feta tse neng li le teng pele ho Ntoa ea Bobeli ea Lefatše. Hona joale batho ba ka bang libilione tse peli, e leng kotara ea baahi ba lefatše ba phela libakeng tseo ho nang le lintoa.

 Bibele e re ke hobane’ng ha batho ba sa khone ho etsa hore ho be le khotso?

Mabaka a mararo a etsang hore ho se ke ha e-ba le khotso

  1.  1. Batho ba na le mekhoa e ba sitisang hore ba leke ho etsa hore ho be le khotso. Bibele e re mehleng ena batho “ba tla icheba bo bona, ba rate chelete, ba ithorise, ba ikhohomose, . .  ba sa tšepahaleng, . . . ba sa batleng ho lumellana le batho ba bang ka ntho efe kapa efe, . . . ba sa ithibeng, ba bohale bo tšosang, . . . ba manganga [le] ba ikakasang.”—2 Timothea 3:2-4.

  2.  2. Ha batho ba sa thusoe ke ’Mopi oa bona Jehova a Molimo, ba ke ke ba khona ho rarolla mathata a bona esita leha ba ka ikopanya. Bibele e re: “Motho ha a khone ho laola mehato ea hae.”​—Jeremia 10:23.

  3.  3. Lefatše le busoa ke motho ea khopo a bile a le matla e leng Satane Diabolose ea “khelosang lefatše lohle.” (Tšenolo 12:9) Ho tla lula ho e-na le lintoa le ho se utloane hafeela lefatše lohle le ntse le busoa ke Satane.​—1 Johanne 5:19.

Ke mang ea ka etsang hore ho be le khotso?

 Bibele e re ke Molimo ea tla etsa hore ho be le khotso eseng batho.

  •   “Jehova o re: ‘Ke tseba hantle hore na ke tla le etsetsa’ng. Ke tla le tlisetsa khotso eseng tlokotsi e le hore le be le tšepo le bokamoso bo chabileng.’”​—Jeremia 29:11.

 Molimo o tla phethahatsa tšepiso eo joang? ‘Molimo ea fanang ka khotso o tla felisa Satane.’ (Baroma 16:20) Molimo o tla sebelisa ’muso o leholimong oo Bibele e reng ke “’Muso oa Molimo,” ho etsa hore ho be le khotso lefatšeng. (Luka 4:43) Jesu Kreste, e leng Morena oa ’Muso oo, o tla ruta batho hore na ba phelisane ka khotso joang.​—Esaia 9:6, 7.

a Jehova ke lebitso la Molimo.​—Pesaleme ea 83:18.