Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

AspctStyle/stock.adobe.com

LETŠOLO LA SEHOPOTSO

Jesu o Tl’o Felisa Lintoa Lefatšeng

Jesu o Tl’o Felisa Lintoa Lefatšeng

 Ha Jesu a le lefatšeng, o ile a bontša hore o rata batho hoo a ileng a ba a tela bophelo ba hae bakeng sa bona. (Matheu 20:28; Johanne 15:13) Haufinyane o tla boela a bontša hore o rata batho ka hore a sebelise matla a hae joaloka Morena oa ’Muso oa Molimo ho “felisa lintoa lefatšeng lohle.”—Pesaleme ea 46:9.

 Utloa seo Bibele e reng Jesu o tla se etsa:

  •   “O tla pholosa ea futsanehileng ea llang ho kopa thuso le ea maemong a tlase le mang kapa mang ea se nang mothusi. O tla qenehela ba maemong a tlase le ba futsanehileng ebile o tla pholosa bafutsana. O tla ba pholosa ho ba ba hatellang le ho ba ba loantšang.”—Pesaleme ea 72:12-14

 Re ka bontša joang hore re ananela lintho tseo Jesu a re etselitseng tsona le tseo a tla re etsetsa tsona haufinyane? Ho Luka 22:19, Jesu o ile a bolella balateli ba hae hore ba lule ba hopola lefu la hae. Ke kahoo Lipaki Tsa Jehova li kopanang hanngoe selemo le selemo ho ikhopotsa lefu la hae. Re u memela hore u tl’o ba le rona Sehopotsong sa lefu la Jesu ka la 24 March 2024.

Fumana Moo u ka Eang Sehopotsong