Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

POTSO EA 1

Na Kea Itseba?

Na Kea Itseba?

KE HOBANE’NG HA E LE HABOHLOKOA?

Ho tseba hore na u batla’ng bophelong, ho tla u thusa hore u etse liqeto tse bohlale ha u tobane le khatello.

U NE U TLA ETSA’NG?

Nahana ka sena: Karen ha e-s’o qete le metsotso e leshome a le phathing, joale o se a utloa lentsoe leo a le tsebang ka mor’a hae.

“U emetse’ng moo?”

Ha Karen a hetla, o bona motsoalle oa hae Jessica a tšoere libotlolo tse peli. Karen oa hlokomela hore ke libotlolo tsa joala. Jessica o fa Karen botlolo e ’ngoe ’me o re, “U se ke ua mpolella hore u sa le monyane hore u ka noa joala!”

Karen o batla ho hana, empa joale o tšaba motsoalle oa hae Jessica. Ebile ha a batle hore Jessica a nahane hore oa bora. Ho feta moo Jessica ke e mong oa banana ba itšoereng hantle. Kahoo, Karen a ka ’na a batla ho noa joala hobane Jessica a bo noa. Ebile a ka ’na a ipehela mabaka a re, ‘ho tšoana le ha motho a noa seno-mapholi feela. Ha ho tšoane le ho sebelisa lithethefatsi.’

Haeba e ne e le uena , u ne u tla etsa’ng?

NAHANISISA HANTLE!

E le hore u etse qeto e bohlale boemong bona, u lokela ho tseba seo u leng sona. Ho tseba seo u leng sona ho bolela ho tseba melao ea boitšoaro eo u e latelang le seo u se lumelang. Seo se tla u thusa hore u khone ho iketsetsa liqeto ho e-na le hore batho ba bang ba laole bophelo ba hao.—1 Bakorinthe 9:26, 27.

Empa u ka etsa’ng hore u be le bokhoni boo? U ka thusoa ke ho araba lipotso tse latelang.

1 KE IPABOLA LINTHONG LIFE?

Ho tseba bokhoni ba hao le makhabane a hao ho tla u thusa hore u itšepe haholoanyane.

MOHLALA O KA BIBELENG: Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Esita le haeba ke se kheleke puong, ka sebele ha ke joalo tsebong.” (2 Bakorinthe 11:6) Kaha Pauluse o ne a utloisisa Mangolo hantle, seo se ile sa mo thusa hore a lule a tiile le ha batho ba mo soma. Ha aa ka a lumella hore lintho tse mpe tseo ba neng ba li bua ka eena li mo nyahamise.—2 Bakorinthe 10:10; 11:5.

ITLHAHLOBE: Ka tlaase mona, ngola talenta kapa bokhoni boo u nang le bona.

Hlalosa bokhabane boo u nang le bona. (Ka mohlala, na u motho ea tsotellang? ea fanang? ea ka tšeptjoang? kapa ea tšoarang nako?)

2 KE FOKOLA LINTHONG LIFE?

Feela joalokaha ketane e ka khaoha habobebe moo e sa tieang hantle, u tla felloa ke matla haeba u lula u nahana ka mefokolo ea hao.

MOHLALA O KA BIBELENG: Pauluse o ne a tseba mefokolo ea hae. O ile a re: “Ka sebele ke thabela molao oa Molimo ho ea ka motho eo ke leng eena ka hare, empa lithong tsa ka ke bona molao o mong o loanang khahlanong le molao oa kelello ea ka le o nkisang ke holehiloe molaong oa sebe.”—Baroma 7:22, 23.

ITLHAHLOBE: Ke bofokoli bofe boo u lokelang ho bo loantša?

3 KE LINTHO LIFE TSEO KE BATLANG HO LI FINYELLA?

Na u ka palama tekesi, ebe u kōpa mokhanni hore a pota-pote sebakeng se le seng ho fihlela koloi e felloa ke peterole? Seo e ka ba booatla le tšenyo ea chelete!

U ithuta’ng ho see? Ho tseba seo u batlang ho se finyella ho tla u thusa hore u be le morero bophelong.

MOHLALA O KA BIBELENG: Pauluse o ile a ngola a re: “Tsela eo ke mathang ka eona hase ka ho se nepisise.” (1 Bakorinthe 9:26) Pauluse o ne a sa iphelele feela tjee, o ne a tseba lintho tseo a batlang ho li finyella ’me o ile a phela ka tsela e ileng ea mo thusa hore a li finyelle.—Bafilipi 3:12-14.

ITLHAHLOBE: Ngola lintho tse tharo tseo u batlang ho li finyella selemong sena.

4 KE LINTHO LIFE TSEO KE LI LUMELANG?

Ha u khomarela melao ea boitšoaro le seo u se lumelang, u tla tšoana le sefate se nang le metso e tiileng se ke keng sa fefoloa ke meea e matla

Haeba u sa tsebe seo u se lumelang, u ke ke ua khona ho iketsetsa liqeto. Ho e-na le hoo, u tla tšoana le lempetje ’me u lule u batla ho etsa seo lithaka tsa hao li se etsang.

Empa haeba u etsa lintho u itšetlehile ka seo u se lumelang, u tla khomarela melao ea boitšoaro ho sa tsotellehe hore na ba bang ba etsa’ng.

MOHLALA O KA BIBELENG: Ha moprofeta Daniele e sa le mocha, o ile “a etsa qeto ka pelong ea hae” ea hore o tla mamela molao oa Molimo, le hoja a ne a le hōle le lelapa labo. (Daniele 1:8) Ka ho etsa joalo, o ile a tšepahalla qeto ea hae. Daniele o ile a phela ho ea ka seo a se lumelang.

ITLHAHLOBE: Ke lintho life tseo u li lumelang? Ka mohlala: Na u lumela ho Molimo? Haeba ho joalo, hobane’ng? Ke’ng e u kholisang hore Molimo o teng?

Na u lumela hore melao ea Molimo e ka u tsoela molemo? Haeba ho joalo, ke hobane’ng?

Qetellong, na u ka rata ho tšoana le lekhasi le fefoloang ke moea kapa le sefate se tiileng se sa sisinngoeng ke meea e matla? Haeba u tseba seo u se lumelang, u tla tšoana le sefate seo. Kahoo u tla khona ho araba potso e reng, Na kea itseba?