Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Modimo o o Utlwela Bohloko?

Na Modimo o o Utlwela Bohloko?

SEO POPO E RE RUTANG SONA

Kutlwelo bohloko ke “bokgoni ba ho ikenya dieteng tsa motho e mong.” Dr. Rick Hanson e leng setsebi sa mafu a kelello, o hlalosa hore “re bopelletswe le bokgoni ba ho bontsha kutlwelo bohloko.”

NAHANA KA SENA: Ke hobaneng ha batho ba na le kutlwelo bohloko e fetang ya dibopuwa tse ding tsohle? Hobane Bibele e bontsha ho re Modimo o bopile batho ka setshwantsho sa hae. (Genese 1:26) Ka ha re bopuwe ka setshwantsho sa Modimo, re kgona ho bontsha botho le makgabane a hae. Ka hoo, ha batho ba bontsha kutlwelo bohloko ka hore ba thuse ba bang, ba etsisa Mmopi wa rona Jehova Modimo.—Liproverbia 14:31.

BIBELE E RE MODIMO O RE UTLWELA BOHLOKO

Modimo o re utlwela bohloko ebile ha a rate ho bona re e na le mathata. Ha Bibele e bua ka Baiseraele ba boholoholo ba ileng ba mamella ho tshwarwa hampe e le makgoba Egepeta mme ha morao ba qeta dilemo tse 40 ba le lefeelleng, e re: “Nakong ya mahlomola ohle a bona le yena o ile a hlomoha.” (Esaia 63:9) Hlokomela hore Modimo o ne a sa bone feela mathata a bona, empa o ne a utlwa bohloko boo ba bo utlwang. O ile a re: “Ke tseba hantle bohloko boo se bo utlwang.” (Exoda 3:7) Modimo o re: “Ya le amang o ama leihlo la ka.” (Zakaria 2:8) Ha ba bang ba re utlwisa bohloko, le yena o utlwa bohloko.

Le hoja re ka utlwa e ka ha re tshwanelwe ke mohau wa Modimo, Bibele e re tiisetsa hore “Modimo o moholo ho dipelo tsa rona mme o tseba dintho tsohle.” (1 Johanne 3:19, 20) Modimo o re tseba ho feta ka moo re itsebang ka teng. O tseba mathata, menahano le maikutlo a rona. O re utlwela bohloko.

Re ka batla matshediso, bohlale le tshehetso ho Modimo, re tseba hore o thusa batho ba nang le mathata

Mangolo a re kgodisa hore

  • “Le tla howa, mme Jehova o ne a tla araba; le tla hweletsa ho kopa thuso, mme o tla re, ‘Ke nna enwa!’”—ESAIA 58:9.

  • “‘Etswe ke tseba hantle menahano eo ke e nahanang ka lona,’ ho bolela Jehova, ‘menahano ya kgotso, eseng ya tlokotsi, ho le fa bokamoso le tshepo. Ka sebele le tla mpitsa mme le tlo nthapela, mme ke tla le mamela.’”—JEREMIA 29:11, 12.

  • “O tshele meokgo ya ka ka lekukeng la hao. Na ha e bukeng ya hao?”—PESALEME YA 56:8.

MODIMO O A RE BONA, O A RE UTLWISISA EBILE O RE UTLWELA BOHLOKO

Na ho tseba hore Modimo o re utlwela bohloko ho ka re thusa ho sebetsana le mathata? Nahana ka se ileng sa hlahela Maria:

“Mora wa ka ya nang le dilemo tse 18 o ile a hlokahala ka mora hore a tshwarwe ke kankere ka dilemo tse pedi, ke ile ka utlwa bohloko haholo hoo ke neng ke utlwa e ka nka shwa. Ke ne ke kwatetse Jehova, ke ipotsa hore na ke hobaneng ha a sa ka a fodisa mora wa ka.”

“Dilemo tse 6 hamorao, motswalle wa ka o ile a mamela ka hloko ha ke ne ke mo bolella hore Jehova ha a nrate. Ka mora dihora tse ngata a mmametse a sa nkene hanong, o ile a nqotsetsa lengolo le ileng la nkama maikutlo la 1 Johanne 3:19, 20, le reng: ‘Modimo o moholo ho dipelo tsa rona mme o tseba dintho tsohle.’ O ile a nhlalosetsa hore Modimo o utlwisisa mathata a rona.”

“Ho sa tsotellehe sena, ho ne ho le boima ho kgoba matshwafo. Le ha ho le jwalo, ke ile ka bala lengolo la Pesaleme ya 94:19, le reng: ‘Ha menahano ya ka e hlokisang botsitso e ngatafala ka hare ho nna, matshediso a hao a ile a qala ho hlabolla moya wa ka.’ Ke ne ke utlwa e ka ditemana tsena di ngolletswe nna. Ka hoo, ke ile ka utlwa e le ho kgothatsang ho tseba hore Jehova o a mmamela ha ke mo bolella mathata a ka ebile o a a utlwisisa.”

Ke ho kgothatsang hakaakang ho tseba hore Modimo o a re utlwisisa ebile o re utlwela bohloko! Jwale, ke hobaneng ha re ena le mathata a mangata hakaale? Na ke hobane Modimo o re otlela dibe tsa rona? Na Modimo o tla fedisa mathata ohle? Ho tla arajwa dipotso tsena dihloohong tse latelang.