Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

RE KA ETSANG HORE RE HLOLE LEHLOYO?

1 | O se ke wa ba Leeme

1 | O se ke wa ba Leeme

Seo Bibele e se Rutang:

“Modimo ha a leeme, empa setjhabeng se seng le se seng motho ya mo tshabang le ya sebetsang ho loka wa amoheleha ho yena.”​LIKETSO 10:​34, 35.

Seo Temana Ena e se Bolelang:

Jehova * Modimo ha a re ahlole ho ya ka morabe wa rona, mmala, setso kapa hore na re tswa hokae. Ho ena le hoo, o ela hloko dintho tseo re di labalabelang le dintho tseo re di nahanang. Ke nnete hore “motho o bona se bonahalang mahlong, empa ha e le Jehova, o bona seo pelo e leng sona.”​—1 Samuele 16:7.

Seo o ka se Etsang:

Le hoja re ke ke ra tseba seo batho ba nahanang, re ka leka ho etsisa Jehova ka hore re se ke ra ba leeme. Leka ho bona batho ka bomong eseng e le sehlopha. Haeba o utlwa o ena le maikutlo a fosahetseng ka batho ba merabe e meng, rapela Modimo hore a o thuse ho lwantsha maikutlo ao. (Pesaleme ya 139:​23, 24) Haeba o kopa Jehova hore a o thuse hore o tlohelle ho ba leeme, o ka kgodiseha hore o tla mamela thapelo ya hao mme a o thuse.​—1 Petrose 3:⁠12.

^ par. 6 Jehova ke lebitso la Modimo.​—Pesaleme ya 83:⁠18.

“Ke ne ke eso ka ke dula fatshe le motho ya mosweu ka kgotso . . . Jwale ke ne ke le setho sa mokgatlo wa nnete wa bara ba motho.”​—TITUS