Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE KA NTLE

O Sebedisa Nako ya Hao Jwang?

O Sebedisa Nako ya Hao Jwang?

Na o ye o ikutlwe eka ka nako e nngwe o phathahane haholo? Haeba ho jwalo, tseba hore ha o mong. Makasine e nngwe e bitswang The Economist, e re: “Batho bohle hohle mona, ba bonahala ba phathahane.”

PATLISISO e nngwe e entsweng dinaheng tse 8 ka 2015, e bontsha ha basebetsi ba bangata, ba fumane ho le thata ho finyella se hlokahalang mesebetsing le malapeng a bona. Lebaka la seo ke hore boikarabelo bo a eketseha mesebetsing kapa lapeng, theko ya dintho e phahame le hore ba sebetsa dihora tse telele. Ka mohlala, United States kwana, basebetsi ba tlaleha hore ba sebetsa dihora tse ka bang 47 ka beke. Ho bonahala ha ba bang, ba bile ba sebetsa dihora tse 60 kapa ho feta. Sena se etsa hore re nahane ka rona mona South Africa.

Patlisisong e nngwe hape e ileng ya etswa dinaheng tse 36, yona e bontsha hore, hoo e ka bang halofo ya basebetsi, ba ile ba re esita le dinakong tsa bona tsa phomolo, ba ikutlwa ba le tlasa kgatello. Ka lehlakoreng le leng, mesebetsi e thibang letsatsi e ka qetelletse e imeditse bana maikutlong le mmeleng.

Haeba re dula re leka ho etsa se fetang seo re ka se kgonang, re ka qetelletse re fetohile diphofu tsa kgatello ya maikutlo. Empa na ebe ho bonolo ho phela bophelo bo itekanetseng? Dintho tseo re di dumelang, diqeto tseo re di nkang le dintho tseo re batlang ho di finyella bophelong, di ka re ama jwang? A re qaleng ka ho tshohla mabaka a mane a etsang hore batho ba bangata ba se ke ba sebedisa nako ya bona hantle.

1 HO BATLA HO HLOKOMELA LELAPA

Ntate e mong ya bitswang Gary o re: “Ke ne ke sebetsa matsatsi a 7. Ke ne ke batla ho hlokomela bana ba ka beterenyana. Ke batla hore ba be le dintho tseo nna ke sa kang ka ba le tsona.” Ho sa tsotellehe sepheo seo se setle, batswadi ba hloka hore ba ke ba hlahlobe hore na hantle keng se lokelang ho tla pele bophelong. Dipatlisiso tse ding di supa hore batho ba baholo le bana, ba ka iphumana ba sa thaba ba bile ba sa kgotsofala ho hang bophelong, ba ka ba ba fokola mmeleng haeba ba kenya hlooho tjheleteng le maruong.

Bana ba hodiswang ba phela hara mabothobotho a maruo, ha ba fumane thabo eo ba neng ba e lebelletse bophelong

Batswadi ba bang ba batlang hore bana ba bona ba atlehe ka moso, ba sebetsa ka thata le ho kgothalletsa bana ba bona hore le bona ba ikitlaetse. Batswadi ba jwalo, ba qetella ba sa o besa wa tuka mererong eo ya bona, mme sena se fella ka maswabi ho bona le bana.

2 HO DUMELA HORE ‘HA O IKITLAETSA O TLA ATLEHA’

Baphatlalatsi ba leka ho re hokahoka ka hore re tla tswa fesheneng haeba re sa reke dintho tsa bona tsa moraorao. Makasine ya The Economist eo re buileng ka yona qalong, e re: “Boholo ba dintho tse teng, di senyetsa batho nako” hoo “ba hlolehang ho etsa kgetho e nepahetseng mabapi le ho reka, hore na ba tla shebellang kapa ba jeng.”

Ka 1930, setsebi se seng sa moruo se ile sa bontsha hore theknoloji e ntseng e tswela pele, e tla tlisetsa basebetsi nako e ngata ya ho ikgatholla. Bonneteng o ne a fositse! Mongodi e mong wa makasine ya New Yorker ya bitswang Elizabeth Kolbert, o re: “Ho ena le ho dihela kapele mosebetsing, batho ba iphumanela dintho tseo ba nahanang hore ba tla di hloka.” Empa taba ke hore dintho tsena di hloka nako le tjhelete.

3 HO LEKA HO KGAHLISA BATHO

Basebetsi ba bangata, ba iphumana ba sebetsa dihora tse ngata ho tlola e le hore feela ba kgahlise bahiri ba bona. Basebetsimmoho le bona ba fana ka kgatello ho ba sa sebetseng ka mora dihora tsa mosebetsi. Maemo a moruo a sa tsitsang, le ona a susumelletsa batho hore ba sebetse dihora tse ngata kapa ba sebetse ka thata le ka nako eo e seng ya mosebetsi.

Ka tsela e tshwanang, batswadi le bona ba ka ithola ba hamela letanteng haeba ba batla ho qothisana lehlokwa le malapa a mang. Haeba ba sa kgone, ba ikutlwa ba le molato hore ebe ba phoqile bana ba bona.

4 HO BATLA MAEMO LE HO IKGOTSOFATSA

Ntate e mong ya bitswang Tim ya dulang United States, o re: “Ke rata mosebetsi wa ka mme ke sebetsa hore ho kgaohe moo ho kgwehlang ka dinako tsohle. Ke ne ke utlwa hore ke tlameha ho iponahatsa.”

Jwalo ka Tim, batho ba bangata le bona ba ipepeta le ho feta e le hore feela ba ikgotsofatse. Ditlamorao e ba dife? Elizabeth Kolbert eo re buileng ka yena pejana o re: “Motho ya phathahaneng haholo o a hlahella setjhabeng.” O ile a ekelletsa ka hore: “Ho bonahala ha motho a phathahane, ke hona ha a nkuwa e le motho wa bohlokwa.”

ITHUTE HO LEKALEKANYA DINTHO

Ke nnete hore Bibele e kgothalletsa ho ba mafolofolo le ho sebetsa ka thata. (Liproverbia 13:4) Empa e boetse e kgothalletsa ho lekalekanya dintho. Lengolo la Moeklesia 4:6 le re: “Phomolo e tletseng letsoho e molemo ho feta mosebetsi o boima o tletseng matsoho a mabedi le ho lelekisa moya.”

Ho phela bophelo bo itekanetseng, ho tla re thusa hore re phele hantle maikutlong le mmeleng. Empa na ho bonolo ho lekalekanya dintho? Ee. Nahana ka ditlhahiso tse nne tse latelang:

1 TSEBA DINTHO TSEO O BATLANG HO DI FINYELLA

Ke ntho e tlwaelehileng ho batla ho ema hantle ditjheleteng. Empa na re tla ke re re re na le tjhelete e lekaneng? Katleho ya sebele e bolelang? Na re ka re motho o atlehile haeba feela a kenakene ditjheleteng kapa a na le dinthontho? Ka lehlakoreng le leng, ho phomola ho tlola kapa ho qeta nako e ngata o ikgatholla, ho ka eketsa kgatello ya maikutlo.

Tim yane eo re buileng ka yena pejana o di beha tjena: “Nna le mosadi wa ka, re ile ra hlahloba bophelo ba rona mme ra etsa qeto ya ho bo nolofatsa. Re ile ra etsa tjhate e bontshang maemo a rona a ka nako eo le dintho tseo re batlang ho di finyella. Yaba re buisana ka ditlamorao tsa diqeto tseo re ileng ra di etsa nakong e fetileng mme ra shebisana hore na jwale ho tloha moo re ya pele jwang.”

2 FOKOTSA HO REKA HAHOLO

Bibele e re eletsa hore re laole “takatso ya mahlo.” (1 Johanne 2:15-17) Dipapatso di ka tshela parafine le ho feta takatsong ya rona ya mahlo. Di ka ba tsa etsa hore motho a sebetse jwalo ka lehlanya e le hore feela a be le dintho tse ntjha. Di ka boetse tsa etsa hore batho ba senye tjhelete boithabisong bo fetelletseng. Ke nnete hore ka dinako tse ding ho ka se kgonahale ho qoba dipapatso tsena kaofela. Empa o ntse o ka kgona ho ithiba. O lokela hore o hlahlobisise hore na hantle keng eo o hlileng o e hlokang.

Ntho e nngwe eo o sa lokelang ho e tlodisa mahlo hodimo, ke nnete ya hore metswalle ya hao e ka o susumetsa. Haeba e o kgothalletsa hore o dule o reka haholo kapa mohlomong e nka hore ha motho a hafa ka nkatana o atlehile bophelong, eo ke pontsho ya hore ha se metswalle ya bohlokwa. Kahoo, e ka ba bohlale hore o batle metswalle e nkang hantle, e leng e tsebang se lokelang ho tla pele bophelong. Hopola hore Bibele e re: “Ya tsamayang le batho ba bohlale o tla hlalefa.”—Liproverbia 13:20.

3 IPEHELE MEEDI MABAPI LE MOSEBETSI

Bua le mohiri wa hao, o mo bolelle hore na ke dintho di fe tse tlang pele bophelong ba hao. Le ka mohla o se ke wa ikutlwa o le molato ha o sa ya mosebetsing. Buka e nngwe e bitswang Work to Live e re: “Batho ba ipehelang meedi ha ho tluuwa tabeng ya mosebetsi le ho ba le nako le lelapa, ba fumane nnete ena: Le ha o le siyo, mosebetsi o ntse o tla tswela pele.”

Gary eo re buileng ka yena pejana, o ne a hafa ka nkatana, kahoo, o ile a etsa qeto ya ho fokotsa dihora tsa mosebetsi. O re: “Ke ile ka buisana le lelapa la ka mme ka ba bontsha hore re ka nolofatsa bophelo ba rona. Yaba hanyane ka hanyane re nka mehato e loketseng. Ke ile ka ba ka atamela mohiri wa ka ka mo kopa hore a mphokoletse matsatsi a mosebetsi mme a dumela.”

4 NAKO YA HO BA LE LELAPA LA HAO E LOKELA HO TLA PELE

Banna le basadi ba lokela ho qeta nako ba le mmoho, le bana le bona ba hloka nako e jwalo le batswadi ba bona. Ka hona, qobang ho ipapisa le malapa a mang a ikgonang. Gary o re: “Ipeheleng nako ya ho ikgatholla le ho phomola. Le se ke la senya nako ka ho etsa dintho tse senang thuso.”

Ha le dutse mmoho le le lelapa, le se ke la dumella television, founo kapa ntho le ha e ka ba efe ho le sitisa. Bonyane etsang hore le je mmoho le ha e se e ka ba hanngwe letsatsi le leng le le leng, jwale ka nako eo, qoqang hamonate. Ha batswadi ba mamela keletso ena e sebetsang, bana ba bona ba tla thabela bophelo ba be ba pase le sekolong.

Nakong ya ha le ja mmoho le le lelapa, qoqang hamonate

Ha re phethela, re o kgothalletsa hore o ko eme hanyane mme o ipotse: ‘Ke batlang bophelong? Keng seo ke se batlelang lelapa la ka?’ Haeba ehlile o lakatsa ho thabela bophelo, keletso ya Bibele e tla o thusa hore o sebedise nako ya hao ka bohlale.

Bana ba hodiswang ba phela hara mabothobotho a maruo, ha ba fumane thabo eo ba neng ba e lebelletse bophelong