Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KENG E KA RE THUSANG HO MAMELLA MATHATA?

2 | Boloka Tjhelete ya Hao le Dintho Tsohle Tseo o Nang le Tsona

2 | Boloka Tjhelete ya Hao le Dintho Tsohle Tseo o Nang le Tsona

SEO E LENG SA BOHLOKWA

Letsatsi le letsatsi batho ba bangata ba sokola ho fumana dintho tseo ba di hlokang. Ka maswabi, mathata a etsahalang mona lefatsheng a ka etsa hore seo se be thata le ho feta. Hobaneng?

  • Ha ho ena le mathata sebakeng se itseng, theko ya dintho tse kang dijo le bodulo e a phahama.

  • Mathata a ka etsa hore batho ba lahlehelwe ke mosebetsi le hore ba fumane tjhelete e nyenyane.

  • Dikoduwa di ka etsa hore batho ba lahlehelwe ke dikgwebo, matlo le dintho tse ding tseo ba nang le tsona mme sena se ka etsa hore ba sotlehe.

Seo o Lokelang ho se Tseba

  • Haeba o sebedisa tjhelete ya hao ka bohlale, o tla kgona ho mamella mathata.

  • Hopola hore mokgolo wa hao, tjhelete eo o e bolokileng le dintho tse ding tseo o nang le tsona di ka lahlehelwa ke boleng ba tsona.

  • Ho na le dintho tseo tjhelete e ke keng ya di reka tse kang thabo le lelapa le momahaneng.

Seo o ka se Etsang Hona Jwale

Seo Bibele e se buang: “Ha re ena le dintho tsa ho iphedisa le diaparo le tshireletso, re tla di kgotsofalla.”​—1 Timothea 6:8.

Ha o kgotsofalla dintho tseo o nang le tsona o a thaba. Sena se bohlokwa haholo haeba o ena le tjhelete e nyenyane.

E le hore o kgotsofale, o lokela ho ithuta ho sebedisa tjhelete e nyenyane. Haeba o leka ho reka dintho tseo o ke keng wa kgona ho di patalla, o tla ba le mathata a mangata.