Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

O KA FUMANA THABO YA SEBELE JWANG BOPHELONG?

Kgotsofalla Seo o Nang le Sona Mme o be Seatla se Bulehileng

Kgotsofalla Seo o Nang le Sona Mme o be Seatla se Bulehileng

NA MARUO A KA O TLISETSA KATLEHO LE THABO YA SEBELE? Batho ba dimilione ba sebetsa dihora tse ngata, e le hore feela ba be le tjhelete e eketsehileng. Empa na ehlile tjhelete le maruo di ka re tlisetsa thabo ya sebele? Dipatlisiso tsona di reng ka taba ena?

Buka e nngwe e bitswang Journal of Happiness Studies, e bontsha hore hang feela ha re na le ditlhoko, ho batla tjhelete e eketsehileng ha ho na re tlisetsa thabo ya letho. Ha e le hantle, tjhelete ha se bothata. Sehlooho se seng makasineng e bitswang Monitor on Psychology, se hlalosa hore “ho batla ho ba le [tjhelete] e eketsehileng ke hona ho etsang hore motho a se ke a thaba.” Mantswe ana a tshwana hantle le keletso eo Bibele e faneng ka yona hoo e ka bang dilemo tse 2 000 tse fetileng, e reng: “Etswe lerato la tjhelete ke motso wa mefuta yohle ya dintho tse mpe, mme ka ho hahamalla lerato lena ba bang ba . . . itlhabile hohle ka bohloko bo boholo.” (1 Timothea 6:9, 10) Ebe bohloko boo ke bofe?

HO BATLA HO SIRELETSA LERUO HO BAKA MATSHWENYEHO EBILE HO ETSA HORE MOTHO A HLOBAELE. “Boroko ba ya sebeletsang bo monate, ho sa tsotellehe hore na ke ho honyenyane kapa ho hongata hoo a ho jang; empa dintho tse ngata tsa morui ha di mo dumelle ho robala.”—Moeklesia 5:12.

HA DINTHO TSEO O DI TSHEPISITSWENG DI SA PHETHAHELE. Ho batla ho ba le tjhelete e eketsehileng ke takatso e ke keng ya kgotsofatswa le ka mohla. “Ya ratang silevera a ke ke a kgotsofalla silevera, hape le ha e le ofe ya ratang leruo a ke ke a kgotsofalla tjhelete e kenang.” (Moeklesia 5:10) Ka lehlakoreng le leng, takatso ya ho batla leruo e ka etsa hore motho a hlokomolohe dintho tsa bohlokwa tse tlisang thabo ya sebele. Tse kang ho qeta nako le ba lelapa, metswalle, le ho sebeletsa Modimo hantle.

HO SARELWA LE HO FEREKANA HA MAEMO A DITJHELETE LE MATSETE A PUTLAMA. “O se ke wa sehlela ho fumana maruo. Tlohela kutlwisiso ya hao. Na o entse hore mahlo a hao a a qekotse, le hoja e se letho? Etswe ruri a iketsetsa mapheo a kang a ntsu mme a fofela mahodimong.”—Liproverbia 23:4, 5.

DINTHO TSE KA O THUSANG HORE O THABE

HO KGOTSOFALLA SEO O NANG LE SONA. “Ha re a tlisa letho lefatsheng, le ha e le hore re ka tloha le letho. Ka hoo, ha re na le dintho tsa ho iphedisa le diaparo le tshireletso, re tla di kgotsofalla.” (1 Timothea 6:7, 8) Batho ba kgotsofallang dintho tseo ba nang le tsona, ha ba belaele kapa hona ho korotla mme sena se ba thusa hore ba se ke ba ba mona. Ka ha ha ba batle dintho tse ka hodimo ho matla a bona, seo se ba thusa hore ba qobe ho ba le kgatello ya maikutlo kapa ho tshwenyeha ho sa hlokahale.

HO BA SEATLA SE BULEHILENG. “Ho fana ho tlisa thabo e kgolo ho feta ho amohela.” (Liketso 20:35) Batho ba seatla se bulehileng ba thabiswa ke ho fana, le ha e ka ba ke ho fana ka nakonyana le matlanyana a bona feela. Seo se etsa hore ba fumane dintho tseo tjhelete e ke keng ya di reka. Jwalo ka lerato, tlhompho le metswalle ya sebele eo le yona e leng seatla se bulehileng.—Luka 6:38.

BATHO PELE. “Ho ja meroho ho molemo moo ho nang le lerato ho feta ho ja poho e fepetsweng sejelong e tsamayang le lehloyo.” (Liproverbia 15:17) Hantlentle temana ena e bolelang? Ho ba le kamano e ntle le ba bang ke ntho ya bohlokwa ho feta ho ba le leruo. Jwalo ka ha re tlo bona dihloohong tse latelang, lerato ke lona le tlisang thabo ya sebele.

Mosadi e mong wa South America ya bitswang Sabina, o ile a ithuta melaomotheo ya Bibele. Ka mora hore monna wa hae a mo siye, o ile a sokola ho hlokomela baradi ba hae ba babedi. O ne a tsoha ka 4 hoseng ho hong le ho hong a ya mosebetsing o mong mme ha a qeta a ya ho o mong. Le hoja Sabina a ne a sebetsa ka thata, o ile a etsa qeto ya ho ithuta Bibele. Ditlamorao tsa seo e bile dife?

Ha se hore boemo ba hae ba ditjhelete bo ile ba ntlafala. Empa pono ya hae ka bophelo, ke yona e ileng ya fetoha ka ho felletseng. Ka mohlala, o ile a fumana thabo e tliswang ke ho ba le kamano e ntle le Modimo. (Matheu 5:3) O ile a fumana metswalle ya sebele hara badumedimmoho le yena. A ba a fumana le thabo e tliswang ke ho buisana le batho ba bang ka dintho tseo a ithutileng tsona Bibeleng.

Bibele e re: “Bohlale bo pakwa ke mesebetsi ya bona.” (Matheu 11:19) Ka hoo, ha re kgotsofalla dintho tseo re nang le tsona, re bile re nahana ka batho ba bang pele, re tla be re bontsha hore ehlile re bohlale!