Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Praslin, Seychelles, where in 1881 General Gordon found his garden of Eden

Na Paradeise Lefatsheng ke Ntho e Iqapetsweng Kapa ke Ntho ya Sebele?

Na Paradeise Lefatsheng ke Ntho e Iqapetsweng Kapa ke Ntho ya Sebele?

Hangata ha re shebile dinepe tse bontshang diratswana tse ntle, re kgalla ho ba sebakeng seo se setle seo re ka se bitsang “paradeise,” moo re ka ikgathollang teng, ra boha botle ba tlhaho ra ba ra itebatsa mathata. Empa kaofela ha rona re tseba nnete ya hore, le haeba re ka ya sebakeng se jwalo, ha re kgutlela hae dintho di kgutlela setlwaeding. Re shebana le mathata a ne hape.

Le ha ho le jwalo, batho ha ba ome mathe ha ba bua ka paradeise. Ba a ipotsa hore: ‘Na ehlile “paradeise” e fela e le ntho ya sebele kapa ke ntho e iqapetsweng na.’

BOHLOKWA BA PARADEISE HO BATHO

Ho theosa le makgolo a dilemo, ha esale batho ba kgahlwa ke ho utlwa feela ka paradeise. Ba bangata ba ile ba e thahasella haholoholo ha ba utlwa hore Bibele e re ke: “serapa Edene, ka nqa botjhabela.” Keng e neng e kgahlisa hakana ka serapa seo? Bibele e re: “Jehova Modimo a medisa lefatsheng sefate se seng le se seng se lakatsehang ponong ya motho le se molemo bakeng sa dijo.” Serapa seo se ne se kgahla mahlo haholo se bile se le molemo. Ntho e kgahlang le ho feta ka sona ke hore, ho ne ho bile ho na “le sefate sa bophelo hara serapa.”​—Genese 2:8, 9.

Ho ekelletsa moo, lengolo la Genese le boetse le bua ka dinoka tse nne tse neng di phalla ho tswa serapeng seo. Hidekele le Eufrate, ke tse ding tsa dinoka tseo. (Genese 2:10-14) Hona jwale dinoka tsena tse pedi, di phallela ka hare ho lewatle la Persia.

Kahoo, ke ho utlwahalang hore ebe paradeise ke karolo ya bohlokwa ya setso sa Mapersia. Setshwantsho se ileng sa etswa dilemong tsa bo 1500 Musiamong wa Ditshwantsho o Filadelfia e Pennsylvania, U.S.A, se bontsha serapa se nang le letangwana la metsi, se bileng se potapotilweng ke difate le dipalesa. Ka Sepersia, serapa sena se bitswa “paradeise.” Setshwantsho sena se na le tlhaloso e hlahang Bibeleng, ya serapa sa Edene se neng se le setle se bile se kgahla.

Ditsong tse ngata, batho ba dipuo tse fapaneng ba atisa ho pheta dipale tse buang ka paradeise. Ha batho ba fallela dinaheng tse ding, ba ne ba tsamaya le dintho tsohle tsa bona ho akarelletsa le dibuka tse buang ka paradeise, tseo hamorao ho seng ho etswa ditshomo ka tsona. Esita le kajeno, batho ba hlalosa sebaka se seng le se seng se setle e le paradeise.

DITLALEHO KA PARADEISE

Bafuputsi ba bang, ba ile ba tlaleha hore ba fumane sebaka seo paradeise e neng e le ho sona. Ka mohlala, ka 1881 ha Charles Gordon, e leng molaodi wa lebotho la sesole sa Brithani a etetse sehlekehlekeng sa Vallée de Mai, o ile a kgahlwa ke botle bo makatsang ba sehlekehleke sena, hoo a ileng a se bitsa serapa sa Edene. Hona jwale, Vallée de Mai ke se seng sa Dibaka tsa Bohlokwa Haholo Lefatsheng. Dilemong tsa bo 1400 teng, ha Christopher Columbus wa Motaliana a fihla sehlekehlekeng sa Hispaniola eo hona jwale eleng naha ya Dominican Republic le Haiti, o ne a nahana hore o se a le haufi le ho fumana serapa sa Edene.

Buka ya moraorao tjena ya histori, e bitswang Mapping Paradise e na le dimmapa tsa kgale tse fetang 190, bongata ba tsona di bontsha Adama le Eva ba le Edene. Hara tsona, ho na le mmapa o mong o sa tlwaelehang tjena o nkilweng bukeng ya Beatus wa Liébana dilemong tsa bo 1200. Hodimo mmapeng ona, ho na le letshwao le kang lebokose le nang le paradeise mahareng. Dikhoneng tsa letshwao lena le kang lebokose, ho toroilwe dinoka tse nne tse phoroselang e leng noka ya “Hidekele,” “Eufrate,” “Pishone,” le “Geon” tse emelang kamoo mebuso ya bodumedi ba Bokreste lefatsheng, e arohaneng kateng. Ditlaleho tsena kaofela di bontsha hore le hoja sebaka seo Paradeise e neng e le ho sona se sa tsebahale, ho bonahala menahano ya sona e sa tlohe dikelellong tsa batho.

Dilemong tsa bo 1600, mongodi wa dithothokiso ya bitswang John Milton, o tsejwa haholo ka thothokiso ya hae e bitswang Paradise Lost. E bua ka lengolo la Genese moo hothweng Adama o ile a etsa sebe mme a lelekwa serapeng sa Edene. Paleng ena, o buile haholo ka tshepiso e bolellang batho hore: “Lefatshe lohle e tla ba paradeise.” Nakwana ka mora moo, Milton o ile a boela a ngola pale e bitswang Paradise Regained.

TSHEPISO YA HO PHELA PARADEISENG

Ho hlakile hore taba ya paradeise ha e sale e le ntho e ka sehloohong ho batho ho theosa le histori. Empa ke hobaneng ha batho ba se ba sa e tsotelle tje matsatsing aa? Buka ya Mapping Paradise eo re buileng ka yona pejana, e bontsha hore, “ditsebi tsa thuto ya bodumeli, ha di sa na thahasello ya ho tseba ka taba ena.”

Batho ba bangata ba kenang kereke, ba rutwa hore ba ilo phela lehodimong eseng paradeiseng lefatsheng. Empa lengolong la Pesaleme ya 37:29 Bibele e re: “Ba lokileng ba tla rua lefatshe. Ba tla dula ho lona ka ho sa feleng.” Re kgodiswa keng hore tshepiso ena e tla fela e phethahale? *

BOPHELO PARADEISENG

Jehova Modimo o tshepisa hore o tla boela a etse lefatshe Paradeise, jwalo ka ha a ne a e entse serapeng sa Edene. Ebe o tla etsa see jwang? Hopola hore Jesu o ile a re ruta hore ha re rapele re re: “Mmuso wa hao o ke o tle. Thato ya hao e ke e etsahale lefatsheng, jwalo ka ha e etsahala lehodimong.” (Matheu 6:10) Mmuso ona, oo morena wa ona e tla beng e le Jesu Kreste, o tla tlosa mebuso ena e teng hona jwale. (Daniele 2:44) Ha Mmuso ona o busa, thato ya Modimo e tla “etsahala lefatsheng.”

Moprofeta Esaia o ile a budulelwa hore a hlalose hore na bophelo bo tla ba jwang Paradeiseng, moo dintho tsohle tse utlwisang batho bohloko di tla beng di fedile. (Esaia 11:6-9; 35:5-7; 65:21-23) Re o kgothalletsa hore o ipalle mangolo ana a bontshitsweng ka hodimo. Haeba o etsa jwalo, o tla tseba hore na ke ditlhohonolofatso dife tse ding tseo Modimo a di boloketseng batho ba mo mamelang.​—Tšenolo 21:3.

Re ka kgodiswa keng hore paradeise ke ntho ya sebele eseng e iqapetsweng? Bibele e re bolella hore: “Ha e le mahodimo, ke mahodimo a Jehova, empa lefatshe o le file bara ba batho.” Bophelo bo sa feleng Paradeiseng lefatsheng ke boo “Modimo, ya ke keng a bua leshano, a ileng a bo tshepisa pele ho dinako tse tshwarellang halelele.” (Pesaleme ya 115:16; Tite 1:2) Ruri ho nahana ka tshepiso ena, ho re tsosa molota!

^ par. 15 Taba e thabisang ke hore esita le Koran temana ya 105 ya sura 21, Al-Anbiya’ [Moprofeta] o re: “Ba lokileng hara bahlanka Ba Ka ba tla phela lefatsheng ka ho sa feleng.”