Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

MONEHELO WA HAO O SEBEDISWA JWANG?

Ho Hlokomela Diholo Tsa Mmuso

Ho Hlokomela Diholo Tsa Mmuso

LA 1 APRIL 2024

 Moradi wa bo rona Nicole ya dulang Colombia o re: “Ke rata holo ya rona ya Mmuso hobane ke moo ke kgonang ho ba le bara le baradi babo rona teng.” Na le wena o ikutlwa ka tsela e tshwanang?

 Lefatsheng lohle Dipaki Tsa Jehova di kopanela Diholong Tsa Mmuso tse ka bang 63 000. Diholo tsena tsa Mmuso di etsa ho fetang feela hore re rapele Modimo re sireletsehile. Morabo rona David ya dulang Colombia eo e leng pulamadiboho o re: “Diholo tsa rona tsa Mmuso di etsa hore molaetsa oo re o bolelang o kgahle batho. Batho bao re ba memang dibokeng ba a hlollwa ha ba bona ka moo re tshwereng diholo tsena tsa rona tsa Mmuso ka teng.” Sena ha se iketsahalle feela hobane re sebetsa ka thata ho hlokomela diholo tsena tsa rona tsa Mmuso. Empa re kgona jwang ho etsa see?

Ho Hlokomela Diholo Tsa Mmuso ho Etswa Jwang?

 Diphutheho tsohle tse sebedisang Holo ya Mmuso ke tsona tse lokelang ho e hlokomela. Sena se bolela hore bara le baradi babo rona ba lokela ho dula ba hlwekisa holo ya bona ya Mmuso. Ba boetse ba hlokomela holo ya bona ka hore ba etse dintho tse tla etsa hore e se ke ya senyeha kapele le ho lokisa dintho tse nyane tse senyehileng.

 Ho thusa diphutheho hore di hlokomele diholo tsa tsona tsa Mmuso, lefapha la kaho (LDC) le kgetha bara ba bo rona ba tla ruta bahweletsi ho hlokomela Diholo Tsa Mmuso. Morabo rona ya rutang batho ho hlokomela Diholo Tsa Mmuso o ikarabella Diholong Tsa Mmuso tse tsheletseng ho ya ho tse leshome. O boetse o etela diholo tsena tsa Mmuso mme o ruta bahweletsi hore na ba ka di hlokomela jwang. Ka mora dilemo tse ding le tse ding tse tharo, morabo rona o hlahloba Diholo Tsa Mmuso mme o sheba hore na ho na le dintho tse hlokang ho lokiswa kapa tse ka behang maphelo a batho kotsing.

Bara ba bo rona ba rutang ho hlokomela Diholo Tsa Mmuso ba re thusa ho di boloka di le maemong a matle

 Ka nnete bara le baradi ba bo rona ba ananela kwetliso eo ba e fumanang ho bara ba bo rona ba rutang ho hlokomela Diholo Tsa Mmuso. Ka mohlala, moradi wa bo rona Indhumathi ya dulang India o re: “Re thabetse kwetliso eo re e fumaneng ya ka moo re ka bolokang diholo tsa rona di le maemong a matle ka teng.” Morabo rona Evans ya dulang Kenya o re: “Re ile ra ithuta ho boloka tjhelete ka ho lokisa dintho tse senyehileng hanyane pele di ka baka mathata a maholo.”

Ka Moo Ditshenyehelo di Patallwang ka Teng

 Ka selemo ho sebediswa tjhelete e ngata a ho hlokomela Diholo Tsa Mmuso le ho di lokisa, ho itshetlehilwe ka hore na holo eo e hokae, e na le nako e kae e le teng le hore na ke diphutheho tse kae tse e sebedisang. Feela re kgona jwang ho kwala ditshenyehelo tsee kaofela?

 Re ntsha menehelo e le hore re tshehetse mosebetsi wa ho hlokomela Diholo Tsa Mmuso. Morabo rona Alexander ya dulang Kazakhstan o re: “E meng ya menehelo e sebediswa ho patalla inthanete le dintho tse ding tsa bohlokwa jwalo ka metsi le motlakase. Ha e meng ya yona e sebediswa ho reka dintho tse kang di paper towel, di glove, dintho tse sebediswang ha ho hlwekiswa le pente.” Tjhelete e setseng e iswa monehelong wa mosebetsi wa lefatshe lohle ho thusa diprojekeng tse kgolo tsa ho lokisa meaho tse hlokang tjhelete e ngata.

Diprojeke Tse Kgolo Tsa ho Lokisa Meaho

 Ha mosebetsi wa ho lokisa Diholo Tsa Mmuso o ka feta dikgwedi tse pedi kapa tse tharo mme o batla tjhelete e ngata, baholo ba tla bua le morabo rona wa LDC ya ikarabellang ka ho ruta ho hlokomela Diholo Tsa Mmuso. Haeba lefapha la LDC le dumella hore projeke eo e etswe, ho sebediswa tjhelete e tswang monehelong wa mosebetsi wa lefatshe lohle. Ka selemo sa tshebeletso sa 2023 ho ile ha etswa diprojeke tse 8 793 mme ho ile ha sebediswa tjhelete e kaalo ka didolara tse 76.6 milione. A re ke re shebeng diprojeke tse pedi ho tsena.

 Naheng ya Angola, Holo ya Mmuso e nang le dilemo tse 15 e hahilwe e ne e na le mathata a mangata. Ka mohlala, ho ne ho lokela hore ho kenngwe dithapo tsa motlakase tse ntjha, mabota a ne a petsohile mme baahisane ba ne ba re metsi a tswang holong a ne a kena majareteng a bona. Lefapha la LDC le ile la dumella hore projeke ena e etswe mme ho ile ha sebediswa tjhelete e kaalo ka didolara tse 9 285. Ka nnete baahisane ba ne ba thabile haholo mme ba ne ba hlolletswe ke tsela eo mosebetsi o entsweng ka yona.

Holo ya Mmuso e lokisitsweng naheng ya Angola

 Naheng ya Poland, marulelo a Holo ya Mmuso ya moo a ne a nela mme mmete o ne o senyehile hoo o ke keng wa kgona ho lokiswa. Lefapha la LDC le ile la dumella projeke ya hore marulelo a lokiswe le hore ho kenngwe mmete o motjha mme ho ile ha sebediswa tjhelete e kaalo ka didolara tse 9 757. Sena se ne se tla etsa hore ho se ke ha hlokeha hore ho etswe mosebetsi o moholo wa ho lokisa holo ena ya Mmuso ka dilemo tse ngata tse tlang.

Holo ya Mmuso e ntseng e lokiswa naheng ya Poland

Ho Lokiswa ha Diholo Tsa Mmuso ho Halaletsa Lebitso la Jehova

 Ho lokiswa ha Diholo Tsa Mmuso ha ho boloke menehelo feela empa ho boetse ho halaletsa lebitso la Jehova. Ka mohlala, morabo rona Shaun ya dulang Tonga o re: “Mosebetsi wa rona wa ho lokisa Diholo Tsa Mmuso o etsa hore re kgone ho rapela Jehova ka hara diholo tse hlwekileng le tse hlophisehileng mme sena se etsa hore batho ba kgone ho rorisa lebitso la Jehova. Sena se etsa hore re be motlotlo ha re mema batho diholong tsa rona tsa Mmuso.”

O ka Thusa Jwang?

 Kaofela ha rona re ka thusa ka hore re hlwekise le ho hlokomela diholo tsa rona tsa Mmuso. Morabo rona Marino ya rutang ho hlokomela Diholo Tsa Mmuso ya dulang Australia o re: “Kaofela ha rona re na le boikarabelo bo thabisang ba ho hlokomela diholo tsa rona tsa Mmuso. Ha re etsa jwalo, re boloka menehelo mme sena se etsa hore e sebediswe moo e hlokwang haholo.”

 Morabo rona Joel ya dulang India o thabela ho hlwekisa holo ya habo ya Mmuso. O re: “Ho sebetsa le bara ba bo rona ho etsa hore ke nahane ka se tla etsahala ha re se re le lefatsheng le letjha.” Moradi wa bo rona Nicole eo re buileng ka yena qalong o re: “Ha bara ba bo rona ba ne ba lokisa ntlwana e dutlang, ke ile ka ba thusa ho koropa metsi a neng a le fatshe. Le hoja ke ne ke sa lokisa bothata ke ile ka thusa ho qoba kotsi e neng e ka hlaha.”

 Haeba o ka rata ho thusa ha ho lokiswa holo ya heno ya Mmuso, ka kopo bua le baholo. O ka boela wa thusa ka ho fana ka monehelo mme o tla sebediswa ha ho lokiswa holo ya heno ya Mmuso kapa diholo tse ding lefatsheng lohle. O ka ntsha monehelo o sebedisa mabokose a monehelo holong ya heno ya Mmuso kapa ho donate.pr418.com. Ka nnete re ananela moya wa lona o motle wa ho fana.

Kaofela ha rona re ka thusa ho hlokomela diholo tsa rona tsa Mmuso

a Tjhelete eo ho buuwang ka yona sehloohong sena ke ya didolara tsa Amerika.