Feta

Mosebetsi wa Dipaki Tsa Jehova o Tshehetswa Jwang ka Tjhelete?

Mosebetsi wa Dipaki Tsa Jehova o Tshehetswa Jwang ka Tjhelete?

 Mosebetsi wa rona wa lefatshe lohle o tshehetswa ka monehelo wa baithaopi bao e leng Dipaki Tsa Jehova. a Diholong tsa rona tsa Dipaki Tsa Jehova ho na le mabokose a monehelo ao batho ba ka ithaopelang ho ntsha monehelo ka ho ona, hape hona le ditsela tse ding tsa ho nehela tse hlahang websaeteng ya rona ya monehelo. Motho e mong le e mong o iketsetsa qeto ya hore na o batla ho ntsha monehelo bakeng sa ditshenyehelo tsa phutheho kapa monehelo bakeng sa mosebetsi wa rona wa lefatshe lohle kapa wa tsona di le pedi.

 Ha ho a lebellwa hore Dipaki Tsa Jehova di ntshe karolo ya leshome kapa di bolellwe hore na di lokela ho ntsha tjhelete e kae mokgolong wa tsona. (2 Bakorinthe 9:7) Ha re nke koleke kapa tjhelete ya ho kena diholong tsa Dipaki Tsa Jehova, kapa hona hore baholo ba phutheho ba batle tjhelete ya kolobetso, mafu, manyalo kapa ditshebeletso tse ding tsa bodumedi. Ha re etse tjhelete ka ho pheha, ho bula mabenkele, ho bapala dipapadi tsa bingo, boithabiso, ho pheha dijo tsa motshehare, ho rekisa di rafole, kapa diketsahalo tse tshwanang le tseo le ho kopa menehelo. Ba ntshang monehelo ha ba bolelwe ka mabitso. (Matheu 6:2-4) Websaete le dingolwa tsa rona ha di na dipapatso.

 Diphuthehong ho fanwa ka tlaleho ya ditjhelete kgwedi le kgwedi e le hore phutheho e tsebe. Tlaleho ya ditjhelete e shebuwa nako le nako phuthehong ka nngwe ho bona hore na menehelo e ntse e sebediswa hantle kapa jwang.—2 Bakorinthe 8:20, 21.

Mekgwa ya ho ntsha monehelo

  •   Lebokose la monehelo: O ka tshela monehelo wa tjhelete kapa cheke mabokoseng a monehelo Diholong tsa Dipaki Tsa Jehova, Diholong Tsa Kopano kapa dibakeng tse ding tseo re kopanelang ho tsona.

  •   Ho fana ka monehelo ka Inthanete: Dinaheng tse ngata o ka sebedisa websaete ya rona “Donate to Jehovah’s Witnesses” ho ntsha monehelo o sebedisa credit cards, debit cards, bank transfers kapa mekgwa e meng ya elektronike. b Dipaki tse ding di kgetha ho ‘behella ka thoko’ tjhelete ya monehelo o tla hulwa kgwedi le kgwedi ba sebedisa e nngwe ya ditsela tsena.—1 Bakorinthe 16:2.

  •   Menehelo e rerwang esale pele: Mekgwa e meng ya ho nehela e hloka ho rerwa esale pele kapa e hloka keletso e tswang molaong. Ho etsa jwalo ho ka etsa hore o fumane melemo ya lekgetho ya sebakeng sa heno. Batho ba bangata ba fumane melemo ka hore ba tsebiswe hore ba tla etsetswa dintho tse itseng hona jwale ha ba ntse ba phela kapa ba tla thuswa ka dintho tse itseng ha ba ka hlokahala. Re kopa o bue le ofisi ya lekala ya Dipaki Tsa Jehova haeba o batla ho tseba haholwanyane ka ho fana ka monehelo o sebedisa dintho tse latelang:

    •   diakhaonte tsa banka

    •   inshorense

    •   setsha se nang le mohaho

    •   distock le dibond

    •   mangolo a kabo ya lefa le matlole

 Ho fumana tlhahiso leseding mabapi le hore na ke mekgwa efe ya ho nehela e sebediswang sebakeng sa heno sheba karolo ya “Donate to Jehovah’s Witnesses.”

a Batho ba bang bao eseng Dipaki le bona ba thabela ho fana ka monehelo bakeng sa ho tshehetsa mosebetsi wa rona.

b Shebella video yaKamoo o ka Ntshang Monehelo o Sebedisa Sesebediswa sa Elektronike bakeng sa ho ithuta haholwanyane.