Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

AspctStyle/stock.adobe.com

LETSHOLO LA SEHOPOTSO

Jesu o Tlo Fedisa Dintwa Lefatsheng

Jesu o Tlo Fedisa Dintwa Lefatsheng

 Ha Jesu a le lefatsheng, o ile a bontsha hore o rata batho hoo a ileng a ba a tela bophelo ba hae bakeng sa bona. (Matheu 20:​28; Johanne 15:​13) Haufinyane o tla boela a bontsha hore o rata batho ka hore a sebedise matla a hae jwalo ka Morena wa Mmuso wa Modimo ho “fedisa dintwa lefatsheng lohle.”​—Pesaleme ya 46:9.

 Utlwa seo Bibele e reng Jesu o tla se etsa:

  •   “O tla pholosa ya futsanehileng ya llang ho kopa thuso le ya maemong a tlase le mang kapa mang ya se nang mothusi. O tla qenehela ba maemong a tlase le ba futsanehileng ebile o tla pholosa bafutsana. O tla ba pholosa ho ba ba hatellang le ho ba ba lwantshang.”​—Pesaleme ya 72:​12-14

 Re ka bontsha jwang hore re ananela dintho tseo Jesu a re etseditseng tsona le tseo a tla re etsetsa tsona haufinyane? Ho Luka 22:​19, Jesu o ile a bolella balatedi ba hae hore ba dule ba hopola lefu la hae. Ke ka hoo Dipaki Tsa Jehova di kopanang hanngwe selemo le selemo ho ikgopotsa lefu la hae. Re o memela hore o tlo ba le rona Sehopotsong sa lefu la Jesu ka la 24 March 2024.

Fumana Moo o ka Yang Sehopotsong