Dipesaleme 72:1-20

  • Morena ya kgethilweng ke Modimo o busa ka kgotso

    • “Ba lokileng ba tla eketseha” (7)

    • Batho ba buswang ho tloha lewatleng le leng ho ya ho le leng (8)

    • Ho pholoswa ntweng (14)

    • “Dijo tse ngata lefatsheng” (16)

    • Lebitso la Modimo le roriswa ka ho sa feleng (19)

Mabapi le Solomone. 72  Modimo, o fe morena dikahlolo tsa hao,O rute mora wa morena diketso tsa ho loka.+   E se eka a ka buella nyewe ya batho ba hao ka ho lokaLe ya batho ba hao ba maemong a tlase ka toka.+   Dithaba di ke di tlisetse batho kgotsoLe maralla a ke a tlise ho loka.   A ke a buelle* batho ba maemo a tlase,A pholose bara ba ba futsanehileng,A be a silakanye molotsana.+   Ba tla o tshaba ha feela letsatsi le ntse le le tengLe ha feela kgwedi e ntse e le teng,Molokong o mong ka mora o mong.+   O tla ba jwalo ka pula e nelang jwang bo kutilweng,A be jwalo ka dipula tsa medupe tse nosetsang lefatshe.+   Ha a busa, ba lokileng ba tla eketseha,+Kgotso e tla ba ngata+ ha feela kgwedi e ntse e le teng.   O tla ba le batho bao a ba busang ho tloha lewatleng le leng ho ya ho le lengLe ho tloha Nokeng* ho ya dikarolong tse hole tsa lefatshe.+   Batho ba dulang lehwatateng ba tla mo inamela,O tla hlola dira tsa hae.*+ 10  Marena a Tarshishe le a dihlekehlekeng a tla patala lekgetho.*+Marena a Sheba le a Seba a tla tlisa dimpho.+ 11  Marena ohle a tla mo inamela,Ditjhaba tsohle di tla mo sebeletsa. 12  O tla pholosa ya futsanehileng ya llang ho kopa thusoLe ya maemong a tlase le mang kapa mang ya se nang mothusi. 13  O tla qenehela ba maemong a tlase le ba futsanehilengEbile o tla pholosa bafutsana. 14  O tla ba pholosa ho ba ba hatellang le ho ba ba lwantshang,Madi a bona e tla ba a bohlokwa mahlong a hae. 15  A ke a phele mme a fuwe kgauta ya Sheba.+ A ke a rapellwe ka mehla,E se eka a ka hlohonolofatswa ka dinako tsohle. 16  Ho tla ba le dijo* tse ngata lefatsheng.+ Di tla ba ngata le hodima dithaba. Masimo a morena a tla hlahisa dijalo tse ngata jwalo ka tsa Lebanone,+Batho ba metseng ba tla ba bangata jwalo ka dimela tsa lefatshe.+ 17  E se eka lebitso la hae le ka ba teng ka ho sa feleng,+Le dule le le teng jwalo ka letsatsi. E se eka batho ba ka hlohonolofatswa ka lebaka la hae.+ Ditjhaba tsohle di ke di phatlalatse hore o thabile. 18  Ho ke ho roriswe Jehova Modimo, Modimo wa Iseraele,+Eo e leng yena feela ya etsang dintho tse hlollang.+ 19  Lebitso la hae le kganyang le ke le roriswe ka ho sa feleng+Le kganya ya hae e tlale lefatsheng lohle.+ Amen le Amen. 20  Dithapelo tsa Davida mora wa Jese di fella mona.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “ahlolele.”
E leng ya Eufrate.
Ka Seheberu: “Dira tsa hae di tla nyeka lerole.”
Kapa: “sethabathaba.”
Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.