Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

panitan/stock.adobe.com

LETSHOLO LA SEHOPOTSO

Jesu o Tla Fedisa Bofutsana

Jesu o Tla Fedisa Bofutsana

 Jesu ha a ne a le lefatsheng o ile a bontsha batho lerato le tebileng, haholoholo ba futsanehileng le ba mahlomoleng. (Matheu 9:36) O ile a boela a tela bophelo ba hae bakeng sa batho ba bangata. (Matheu 20:28; Johanne 15:13) Haufinyane, o tla fedisa bofutsana bo teng lefatsheng lohle mme sena se tla netefatsa hore o rata batho e le ka nnete le hore o na le matla jwalo ka Morena Mmusong wa Modimo.

 Bibele e re bolella dintho tse monate tseo Jesu a tlo di etsa:

  •   “A ke a buelle batho ba maemo a tlase, a pholose bara ba ba futsanehileng.”—Pesaleme ya 72:4.

 Re ka bontsha jwang hore re ananela dintho tseo Jesu a re etseditseng tsona le tseo a tla di etsa? Lengolong la Luka 22:19, Jesu o ile a bolella barutuwa ba hae hore ba nne ba hopole lefu la hae. Ke ka hoo selemo le selemo Dipaki Tsa Jehova di bokanang hammoho ho ikgopotsa lefu la Jesu. Re o memela Sehopotsong sa lefu la Jesu se tla ba ka Sontaha sa la 24 March 2024.

Fumana Moo o ka Yang Sehopotsong