Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

E+/taseffski/via Getty Images (Stock photo. Posed by model.)

DULANG LE FADIMEHILE!

Bibele e Reng ka Tsela e Tshosang eo Batjha ba Imetsweng Kelellong ka Yona?

Bibele e Reng ka Tsela e Tshosang eo Batjha ba Imetsweng Kelellong ka Yona?

 Ka Mantaha wa la 13 February 2023, mokgatlo wa Centers for Disease Control and Prevention (CDC) o ile wa lokolla tlaleho ya dipalopalo tsa batjha ba Amerika ba imetsweng kelellong. Tlaleho eo e ile ya bontsha hore hoo e ka bang halofo ya bana ba dikolong tse phahameng ba dula ba hloname mme ba se na tshepo.

 Dr. Kathleen Ethier, motsamaisi wa CDC’s Division of Adolescent and School Health (DASH) o ile a re: “Le hoja dilemong tse leshome tse fetileng dipalo tsa batjha ba imetsweng kelellong di ile tsa eketseha haholo empa mehleng ena banana ba bangata ke bona ba anngweng ke taba ena ho feta le ha e le neng pele. Ba bangata ba nahana ho ipolaya, ba bang ba rera ho etsa jwalo mme ba bang ba hle ba leke ho ipolaya.”

 Tlaleho eo e ile ya boela ya re:

  •   Ho banana ba leshome a le mong kapa ba babedi ba ile ba qobellwa ho etsa thobalano ba sa batle. Dr. Ethier o ile a re: “Ho a tshosa ho tseba hore ho banana ba leshome a le mong ho bona kapa ho feta o kile a hlekefetswa ka thobalano.”

  •   Hoo e ka bang ngwanana a le mong ho ba bararo o batla ho ipolaya.

  •   Hoo e ka bang banana ba bararo ho ba bahlano ba dula ba hloname kapa ba se na tshepo.

 Ditlaleho tsena di utlwisa bohloko haholo hobane botjha ke nako e monate bophelong eo o lokelang ho e thabela. Ke eng e ka thusang batjha ho sebetsana le stress? Bibele yona e reng ka taba ee?

Bibele e fa batjha dikeletso tse ka ba thusang

 Bibele e hlalosa nako eo re phelang ho yona hantle ha e re: “bophelo bo tla ba thata hape ho tla ba kotsi.” (2 Timothea 3:​1-5) Le ha ho le jwalo, Bibele e fana ka keletso e sa fellweng ke nako e thusang batjha ba dimilione lefatsheng lohle ho sebetsana le mathata a bona ka katleho. Nahana ka dihlooho tse latelang tse thehilweng Bibeleng.

 Se ka thusang batjha ba nang le maikutlo a ho ipolaya

 Se ka thusang batjha ba nang le kgatello ya maikutlo, ba hlonameng kapa ba nang le maikutlo a kotsi

 Se ka thusang batjha ba hloriswang ke bana ba bang kapa ba hloriswang inthaneteng

 Se ka thusang batjha ba hlekefetswang ka thobalano

Bibele e fa batswadi dikeletso tse ka ba thusang

 Bibele e boetse e fa batswadi dikeletso tseo ba ka di sebedisang ha ba thusa bana ba bona ho sebetsana le mathata a ba hlahelang. Sheba dihlooho tse latelang tse thehilweng Bibeleng.