Feta

Ha e le Hantle ke Mang ya Busang Lefatshe?

Ha e le Hantle ke Mang ya Busang Lefatshe?

Na o nahana hore ke . . .

  • Modimo?

  • batho?

  • motho e mong ya itseng?

BIBELE YONA E RENG?

E re:“Lefatshe lohle le pusong ya E Mobe.”—1 Johanne 5:19, Bibele Phetolelo e Ncha.

“Mora wa Modimo o tletse . . . ho fedisa mosebetsi wa diabolose.”—1 John 3:8, New Century Version.

HO TSEBA SEE HO KA O THUSA JWANG?

Ho ka o thusa hore o utlwisise ka ho hlakileng hore na mathata a lefatshe a bakwa ke eng.—Tšenolo 12:12.

Ho ka o thusa hore o be le mabaka a ho dumela hore maemo a lefatshe a tla loka.—1 Johanne 2:17.

NA KA SEBELE RE KA DUMELA SEO BIBELE E SE BUANG?

E, bonyane ka mabaka a mararo:

  • Puso ya Satane e tla fediswa. Jehova o ikemiseditse ho fedisa bolaodi ba Satane hodima lefatshe. O tshepisa hore o tla ‘etsa Diabolose lefeela’ a be a tlose ka ho feletseng tshenyo yohle e bakilweng ke Satane.—Baheberu 2:14, Phetolelo ea Lefatše le Lecha.

  • Modimo o kgethile Jesu Kreste hore a buse lefatshe. Jesu o fapane ka ho feletseng le mmusi wa hona jwale wa lefatshe ya sehloho le ya nang le moya wa boithati. Ha Modimo a bua ka puso ya Jesu, o tshepisa hore ‘o tla utlwela ya tlase le ya futsanehileng bohloko . . . O tla lopolla meya ya bona kgatellong le pefong.’—Pesaleme ya 72:13, 14.

  • Modimo a ke ke a bua leshano. Bibele e bolela ka ho hlaka hore: ‘Ho ke ke ha kgoneha hore Modimo a bue leshano.’ (Baheberu 6:18) Ha Jehova a tshepisa hore o tla etsa ntho e itseng, ho tshwana leha eka e se e etsahetse! (Esaia 55:10, 11) “Mmusi wa lefatshe lena o tla lahlelwa ntle.”—Johanne 12:31.

O KA NNA WA IPOTSA

Lefatshe le tla ba jwang ha mmusi wa lona a se a tlositswe?

Bibele e araba potso ena ho PESALEME YA 37:10, 11 le ho TŠENOLO 21:3, 4.