Feta

Na Mathata a Tla ke a Fele?

Na Mathata a Tla ke a Fele?

O ka araba potso ee jwang? O ka re . . .

  • e?

  • tjhe?

  • mohlomong?

BIBELE YONA E RENG?

E re: “Modimo . . . o tla hlakola meokgo yohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le eba teng, mme ho siama [maswabi] kapa ho bokolla kapa bohloko ha di sa tla hlola di eba teng.”—Tšenolo 21:3, 4, Phetolelo ea Lefatše le Lecha.

SEE SE KA O TSWELA MOLEMO JWANG?

Se ka o kgodisa hore hase Modimo ya re bakelang mathata.—Jakobo 1:13.

Se ka o fa matshediso a ho tseba hore Modimo o re utlwela bohloko ha re na le mathata.—Zakaria 2:8.

Se ka o fa tshepo ya hore mathata ohle a tla fela.—Pesaleme ya 37:9-11.

NA KA SEBELE RE KA DUMELA SEO BIBELE E SE BUANG?

E, bonyane ka mabaka a mabedi:

  • Modimo ha a rate ha re hlahelwa ke mathata le ha re kgethollwa. Nahana kamoo Jehova Modimo a ileng a ikutlwa kateng ha batho ba hae ba ne ba tshwarwa hampe nakong ya ha ho ne ho ngolwa Bibele. Bibele e re o ne a utlwa bohloko ka lebaka la “ba neng ba ba tshwenya.”—Baahloli 2:18, Phetolelo ea Lefatše le Lecha.

    Modimo o hloile batho ba hlorisang ba bang. Ka mohlala, Bibele e bolela hore Modimo o nyonya “matsoho a tshollang madi a hlokang molato.”—Liproverbia 6:16, 17.

  • Modimo o kgathalla e mong le e mong wa rona. Jehova o tseba bohloko ba e mong le e mong wa rona, feela jwalokaha motho ‘e mong le e mong a tseba lefu la hae le bohloko ba hae’!—2 Likronike 6:29, 30.

    Haufinyane Jehova o tla sebedisa Mmuso wa hae ho fedisa mathata a motho e mong le e mong. (Matheu 6:9, 10) Empa hona jwale, ka mosa o tshedisa ba mo batlang ka tiyo.—Liketso 17:27; 2 Bakorinthe 1:3, 4.

O KA NNA WA IPOTSA

Ke hobaneng ha Modimo a dumeletse hore ho be le mathata?

Bibele e araba potso ena ho BAROMA 5:12 le ho 2 PETROSE 3:9.