Feta

NA E ENTSWE?

Ho Itlhatswa ha Letlalo la Leruarua le Bitswang Pilot

Ho Itlhatswa ha Letlalo la Leruarua le Bitswang Pilot

Di barnacle le dintho tse ding tse mamarelang le ho holela ka tlasa sekepe di bakela batsamaisi ba dikepe mathata a mangata. Ho mamarela ha dintho tsena ho etsa hore dikepe di tsamaye hanyane, di je peterole kapa disele e ngata le hore di hloke ho hlwekiswa ka mora dilemo tse itseng. Borasaense ba ithuta popong e le hore ba fumane tharollo.

Nahana ka sena: Dipatlisiso di bontsha hore letlalo la leruarua le bitswang pilot (Globicephala melas) le kgona ho itlhwekisa. Letlalo lena le na le di ridges tse bitswang nanoridges tse nyane haholo hoo di barnacle di sa kgoneng ho mamarela ho lona. Dipakeng tsa di ridges ho na le jele e thibelang bolele le dibaktheria ho dula letlalong. Ha letlalo la leruarua le eboha le ntsha jele e ntjha.

Borasaense ba ba tla ho etsisa tsela eo leruarua le itlhwekisang ka yona ho etsa hore sekepe se itlhwekise. Kgale ho ne ho sebediswa pente e neng e etsa hore ho se ke ha eba le dintho tse tla mamarela sekepe. Le ha ho le jwalo, pente e neng e sebediswa haholo e ile ya thibelwa ka ha e ne e le kotsi ho dintho tse neng di phela ka metsing. Ka hoo borasaense ba fumane hore tharollo ke hore ba etse masoba bokatlaaseng ba sekepe, a ntshang khemikhale e seng kotsi mme ba a kwahele ka nete ya tshepe. Metsi a lewatle ha a kopana le khemikhale ena a etsa hore e be tenya jwalo ka jele mme e kwahela bokatlaase ba sekepe. Ha nako e ntse e ya e ba botenya ba milimithara tse ka bang 0.7 mme e a eboha ebe e tloha le dintho tsohle tse mamaretseng ho yona. Ka mora moo jele e ntjha e tla tswa mme e kwahele bokatlaase ba sekepe hape.

Di barnacle di etsa hore sekepe se tsamaye hanyane mme ho thata ho di tlosa

Dipatlisiso tse ileng tsa etswa ka laboratoring e nngwe di bontsha hore sena se tla fokotsa ho mamarela ha bolele le di barnacle. E leng se tla tswela dikhampane tsa dikepe molemo ka ha ho tlosa di barnacle tse mamaretseng dikepeng ho hloka tjhelete e ngata haholo.

O nahanang ka sena? Na ho itlhwekisa ha letlalo la leruarua le bitswang pilot ho ikentse? Kapa na e entswe?