Feta

NA E ENTSWE?

Glue e Thata ya Barnacle

Glue e Thata ya Barnacle

E se e le nako ditsebi tsa diphoofolo di hlokometse hore di barnacle di kgona ho mamarela majwe le dikepe nako e telele. Hape ba hlokometse hore glue ya barnacle e mamarela ho feta glue e entsweng ke batho. Ke hona jwale borasaense ba fumanang hore na ke jwang barnacle e kgonang ho mamarela dinthong tse metsi.

Nahana ka sena: Dithuto tse ding di ile tsa bontsha hore barnacle e sesang ka metsing e sheba sebaka se loketseng ka hloko seo etla mamarela ho sona. Borasaense ba re ka mora hore e fumane sebaka se loketseng, hona le dintho tse pedi tse e thusang hore e kgone ho mamarela dintho. Ya pele, e ntsha mafura a etsang hore metsi a tlohe sebakeng seo e tlo dulang ho sona. Ka mora hore e ntshe mafura ao, e tlabe e ntsha di protein tse bitswang phosphoproteins.

Ka mora sena, dintho tsena di a kopana mme di etsa glue e thata eo le di bacteria di sa kgoneng ho e qhaqha. Ke ha bohlokwa hore glue ya yona e be thata hobane barnacle e tlo qeta bophelo bohle ba yona e mamaretse moo.

Setshwantsho se bontshang glue e thata ya di barnacle

Glue ya barnacle e thata ho feta ka moo borasaense ba neng ba nahana ka teng. Setsebi se seng se ileng sa hlokomela taba ena se re: “Ke ntho e hlollang ho bona hore dintho tsa tlhaho di ka re thusa hore re kgone ho etsa glue e tla kgona le ho mamarela le dinthong tse metsi.” Bafuputsi ba fumane hore ho ka kgoneha ho etsa glue e ka mamaretsang dintho tse ka tlasa metsi, tsa elektronike le dintho tse ka thusang dingaka.

Wena o nahanang ka taba ee? Na glue e thata ya barnacle e ikentse? Kapa na e entswe?