Feta

Na Lefatshe le Tla Fediswa?

Na Lefatshe le Tla Fediswa?

Karabo ya Bibele

 Tjhe, Lefatshe le ke ke la fediswa, la tjheswa kapa la fetolwa. Bibele e ruta hore Modimo o bopile lefatshe hore re dule ho lona ka ho sa feleng.

  •   “Ba lokileng ba tla rua lefatshe, ba tla dula ho lona ka ho sa feleng.”​—Pesaleme ya 37:29.

  •   “[Modimo] o thehile lefatshe hodima dibaka tsa lona tse tiisitsweng, le ke ke la sisinngwa ho isa nakong e sa lekanyetswang, kapa ka ho sa feleng.”​—Pesaleme ya 104:5.

  •   “Lefatshe le eme esita le ho isa nakong e sa lekanyetswang. “​—Moeklesia 1:4.

  •   “Mmopi wa lefatshe le Moetsi wa lona, yena ya le tiisitseng ka thata, ya sa kang a le bopela lefeela, ya le etseditseng hore le be le baahi.”​—Isaiah 45:18.

Na batho ba tla senya lefatshe?

 Modimo a ke ke a dumella batho hore ba senye lefatshe ka ho le silafatsa, ka dintwa kapa ka mokgwa le ha e le ofe. Ho e na le hoo, o tla “fedisa ba senyang lefatshe.” (Tšenolo 11:18) O tla etsa see jwang?

 Modimo o tla fedisa mebuso ya batho e sitilweng ho sireletsa lefatshe mme sebakeng sa yona a hlome Mmuso wa hae o phethahetseng wa lehodimo. (Daniele 2:​44; Matheu 6:​9, 10) Morena wa Mmuso oo e tla ba Mora wa Modimo, Jesu Kreste. (Esaia 9:​6, 7) Ha Jesu a ne a le lefatsheng, o ile a sebedisa matla a hae ka mohlolo ho laola dintho tsa tlhaho. (Mareka 4:​35-​41) Jwalo ka Morena wa Mmuso wa Modimo, Jesu o tla sebedisa matla a hae ho laola lefatshe le dihlodilweng tsa lona. O tla lokisa lefatshe le ho le ntjhafatsa, a le etse hore le tshwane hantle le ka moo serapa sa Edene se neng se le ka teng.​—Matheu 19:28; Luka 23:43.

Na Bibele e ruta hore lefatshe le tla fediswa ka mollo?

 Tjhe, hangata batho ba ba le maikutlo ana a fosahetseng ka lebaka la ho se utlwisise 2 Petrose 3:7, e reng: “Mahodimo le lefatshe tse teng hona jwale di boloketswe mollo.” Bona dintlha tse pedi tsa bohlokwa tse re thusang ho utlwisisa moelelo wa mantswe ana:

  1.   Ha Bibele e sebedisa mantswe ana “lehodimo,” “lefatshe” le “mollo” ha e bolele ntho e le nngwe. Mohlala, Genese 11:1 e re: “Lefatshe lohle la tswela pele le e na le puo e le nngwe.” Mona “lefatshe” le bolela batho.

  2.   2 Petrose 3:7 e bontsha hore na lehodimo, lefatshe le mollo di bolela eng moo di sebedisitsweng. Temana ya 5 le 6 di bontsha ho tshwana ha Morwallo wa mehleng ya Noe. Ho na le nako eo mehleng ya pele, lefatshe le ileng la fediswa empa polanete ya rona yona ha ya ka ya fediswa. Ho e na le hoo, Morwallo o ile wa fedisa batho ba kgopo kapa “lefatshe.” (Genese 6:​11) O ile wa boela wa fedisa “mahodimo” e leng mademona a neng a busa lefatshe ka nako yo. Sena se bolela hore ho ile ha fediswa batho ba kgopo eseng polanete ya rona. Noe le lelapa la hae ba ile ba pholoha ha ho ne ho fediswa lefatshe mme ka mora Morwallo ba ile ba dula hona lefatsheng.​—Genese 8:​15-18.

 Feela jwalo ka Morwallo wa metsi, timetso kapa “mollo” oo ho buuwang ka wona ho 2 Petrose 3:7 o tla fedisa batho ba kgopo, eseng polanete ya rona. Modimo o re tshepisa “mahodimo a matjha le lefatshe le letjha” tseo “ho loka ho tla aha ho tsona.” (2 Petrose 3:​13) “Lefatshe le letjha” e leng batho, ba tla buswa ke “mahodimo a matjha” e leng Mmuso wa Modimo. Ha lefatshe le buswa ke Mmuso wa Modimo le tla etswa paradeise.​—Tšenolo 21:​1-4.