Feta

Ke Eng Seo Bibele e se Buang ka Karolo ya Leshome?

Ke Eng Seo Bibele e se Buang ka Karolo ya Leshome?

Karabo e tswang ka Bibeleng

Baiseraele ba mehleng ya kgale ba ne ba laetswe hore ba ntshe karolo ya leshome a mokgolong wa bona wa selemo, e le monehelo bakeng sa ho sireletsa bodumedi ba nnete. Modimo o ile a re ho bona: “Ruri le lokela ho fana ka karolo ya leshome ya dihlahiswa tsohle tsa peo ya lona, tse tswang masimong selemo le selemo.”​—Deuteronoma 14:22.

Taelo ya hore ho patalwe karolo ya leshome e ne e hlaha Molaong wa Moshe, e leng molao oo Modimo a ileng a o fa Baiseraele ba mehleng ya pele. Bakreste ha ba tlasa Molao wa Moshe, ka hoo ha ho hlokahale hore ba ntshe karolo ya leshome. (Bakolose 2:13, 14) Ho ena le hoo, Mokreste e mong le e mong o nehela ka tjhelete “feela jwalo ka ha a entse qeto e tiileng pelong ya hae, eseng ka lekgonono kapa ka ho qobellwa, ka ha Modimo o rata ya fanang a nyakaletse.”​—2 Bakorinthe 9:7.

 Bibele e reng ka karolo ya leshome “Testamenteng ya Kgale?”

Karolo ya leshome ho buuwe ka yona ka makgetlo a mmalwa karolong ya Bibele e tsebahalang ka hore ke Testamente ya Kgale. Hangata ho buuwa ka yona ka mora hore Molao wa Moshe o fuwe Baiseraele Jehova a sebedisa Moshe. Le ha ho le jwalo, ho na le maemong a mang moo ho buuwang ka yona pele ho moo.

Pele ho Molao wa Moshe

Motho wa pele eo ho buuwang ka yena a fana ka karolo ya leshome ke Abrame (Abrahama). (Genese 14:18-20; Baheberu 7:4) Karolo ya leshome ya Abrahama e ile ya bonahala e le mpho ya ho qala ebile e le ya ho qetela ho morena wa moprista wa Saleme. Ha hona bopaki ka Bibeleng bo bontshang hore Abrahama kapa bana ba hae ba ntshitse karolo ya leshome hape.

Motho wa bobedi eo ho buuwang ka yena ka Bibeleng ya ileng a fana ka karolo ya leshome, ke setloholo sa Abrahama e leng Jakobo. O ile a tshepisa Modimo hore haeba a ka mo hlohonolofatsa, o tla mo fa karolo ya leshome ya ntho e nngwe le e nngwe eo a e fumanang. (Genese 28:20-22) Ho ya ka bafuputsi ba bang ba Bibele, ho bonahala Jakobo a patetse karolo ya hae ya leshome ka hore a etse mahlabelo ka diphoofolo. Le hoja Jakobo a ile a phetha tshepiso ya hae mme a patala karolo ya leshome, ha a ka a qobella lelapa la hae hore le lona le patale karolo ya leshome.

Tlasa Molao wa Moshe

Baiseraele ba mehleng ya pele, ba ne ba fuwe taelo ya hore ba patale karolo ya leshome e le tsela ya ho tshehetsa mesebetsi eo ba neng ba e etsa bodumeding ba bona.

  • Karolo ya leshome e ne e thusa basebetsi ba bodumedi ba nako e tletseng e leng Balevi, ho akarelletsa le baprista ba neng ba se na masimo ao ba ka kotulang ho ona. (Numere 18:20, 21) Balevi bao e seng baprista ba amohela karolo ya leshome ho tswa ho batho, e be ba fa baprista “karolo ya leshome ya karolo ya leshome” e ntlehadi.​—Numere 18:26-29.

  • Ho bonahala e ka batho ba ne ba lokela ho fana ka karolo ya leshome ya bobedi selemong, e leng se neng se tswela Balevi le batho bao e seng Balevi molemo. (Deuteronoma 14:22, 23) Malapa a Baiseraele a ne a sebedisa tokisetso ena ha mmoho le mekete e kgethehileng mme ka mora dilemo tse itseng ba ne ba arolelana le batho ba futsanehileng haholo, e le hore ba ka ba thusa ka ho fumana dijo.​—Deuteronoma 14:28, 29; 26:12.

Karolo ya leshome e ne e balwa jwang? Ka selemo, Baiseraele ba ne ba behella ka thoko karolo ya dijo thollo tseo ba neng ba di kotutse. (Levitike 27:30) Haeba ba ne ba kgetha ho patala karolo ya bona ya leshome ka tjhelete ho e na le hore ba e patale ka dijo thollo, ba ne ba tla tlameha ho e eketsa ka karolo ya yona ya bohlano kapa ka diperesente tse 20. (Levitike 27:31) Ba ne ba boetse ba fuwe taelo ya hore ba patale karolo ya leshome ya “mohlape wa dikgutshwane le mohlape wa diphoofolo tse kgolo.”​—Levitike 27:32.

E le hore a tsebe hore na o tla fana ka phoofolo efe e le karolo ya leshome Moiseraele o ne kgetha phoofolo ya bo leshome e tswang ka lesakeng. Moalo o ne o bolela hore ha a lokela ho hlahloba kapa ho fapanyetsana phoofolo eo a e kgethileng le hona hore ha a lokela ho fapanyetsana phoofolo eo a e kgethileng ka tjhelete. (Levitike 27:32, 33) Le ha ho le jwalo, karolo ya leshome e neng e ntshwa lekgetlong la bobedi e neng e sebediswa meketeng ya selemo le selemo, ho ne ho dumelletswe hore e ka fapanyetsana ka tjhelete. Tokisetso ena e ne e tswela Baiseraele ba neng ba lokela ho tsamaya nako e telele molemo e le hore ba ye moketeng.​—Deuteronoma 14:25, 26.

Baiseraele ba ne ba fana ka karolo ya leshome neng? Ba ne ba fana ka yona selemo le selemo. (Deuteronoma 14:22) Le ha ho le jwalo, selemo se seng le se seng sa bosupa e ne e ba selemo se kgethehileng. Selemo seo se ne se bitswa Sabatha kapa selemo sa ho phomola mme Baiseraele ba ne ba sa lokela ho lema dijalo ka selemo seo. (Levitike 25:4, 5) Ka lebaka la boemo bona bo kgethehileng ho ne ho sa lebellwa hore motho a fane ka karolo ya leshome nakong ya kotulo. Selemong se seng le se seng sa boraro le sa bo tshelela pele ho selemo sa Sabatha, Baiseraele ba ne ba fana ka karolo ya bona ya leshome ya bobedi ho batho ba futsanehileng le ho Balevi.​—Deuteronoma 14:28, 29.

Haeba motho a ne a sa patale karolo ya leshome ho ne ho etsahalang ka yena? Molao wa Moshe o ne o sa bolele hore na ho ne ho tla etsahalang haeba motho a ne a sa patale karolo ya leshome. Batho ba ne fana ka karolo ya leshome hobane ba ne ba tseba hore ke ntho e ntle eo ba ka e etsang, eseng hobane ba ne ba tla fumana kotlo haeba ba sa fane ka yona. Baiseraele ba ne ba bolela ho Modimo hore ba fane ka karolo ya leshome mme ba ne ba kopa tlhohonolofatso ka lebaka la seo. (Deuteronoma 26:12-15) Modimo o ne a nka ho se batle ho fana ka karolo ya leshome e le ho mo utswetsa.​—Malakia 3:8, 9.

Na ho ntsha karolo ya leshome e ne e le morwalo o boima? Tjhe. Modimo o ne a tshepisitse setjhaba hore haeba se fana ka karolo ya leshome, o tla se hlohonolofatsa mme ha hona letho leo se tla le hloka. (Malakia 3:10) Ka lehlakoreng le leng, setjhaba se ne se sokola haeba se ne se hana ho fana ka karolo ya leshome. Ba ne ba sa fumane tlhohonolofatso ya Modimo, hape Baprista le Balevi ba ne ba lokela ho sebetsa e le hore ba fumane dijo mme seo se ne se etsa hore ba se ke ba kgona ho thusa Baiseraele hore ba rapele Modimo.​—Nehemia 13:10; Malakia 3:7.

 Bibele e reng ka karolo ya leshome “Testamenteng e Ntjha?”

Le nakong eo Jesu a neng a phela lefatsheng, ho ntsha karolo ya leshome e ne e ntse e le ntho eo barapedi ba Modimo ba lokelang ho e etsa. Le ha ho le jwalo, molao ona o ile wa fela ka mora lefu la Jesu.

Mehleng ya Jesu

Karolong e tsejwang ka hore ke Testamente e ntjha, Bibele e bontsha hore Baiseraele ba ile ba tswela pele ho fana ka karolo ya leshome nakong eo Jesu a ntseng a le lefatsheng. O ne a tseba hore ho ntsha karolo ya leshome e ne e le boikarabelo ba bona, empa o ne a nyatsa baetapele ba badumedi bao ka botshepehi ba neng ba ntsha karolo ya leshome empa ba ‘hlokomoloha ditaba tse toma haholo tsa Molao, e leng, toka le mohau le botshepehi.”​—Matheu 23:23.

Ka mora lefu la Jesu

Ho ne ho se ho sa hlokahale hore batho ba ntshe karolo ya leshome ka mora lefu la Jesu. Lefu la Jesu le ile la hlakola Molao wa Moshe ho akarelletsa le “taelo ya ho bokella dikarolo tsa leshome.”​—Baheberu 7:5, 18; Baefese 2:13-15; Bakolose 2:13, 14.

a Karolo ya leshome “ke karolo ya mokgolo o behelletsweng ka thoko bakeng sa ho sebedisetswa ntho e itseng. . . . Karolo ya leshome eo ho buuwang ka yona ka Bibeleng e amana le bodumedi.”​—⁠Harper’s Bible Dictionary, leqephe 765.