Feta

Halloween e Simolohile Hokae?

Halloween e Simolohile Hokae?

Karabo ya Bibele

 Bibele ha e bue ka Halloween e leng letsatsi la phomolo le ketekwang ka la 31 October selemo se seng le se seng. Le ha ho le jwalo, ditlwaelo tse simolohileng ho Halloween ha di dumellane le dithuto tsa Bibele.

Sehloohong sena

 Histori ya Halloween le ditlwaelo tsa yona

  •   Samhain: Halloween e simolohile “moketeng wa bohetene o neng o ketekwa ke Macelt dilemong tse fetang 2 000 tse fetileng,” ho latela The World Book Encyclopedia. “Macelt a ne a dumela hore bafu ba teng hara batho ba phelang ka nako eo. Ka nako ya Samhain, batho ba phelang ba ne ba ka hlwela bafu.”​—Sheba sehloohwana se reng “ Ke Hobaneng ha e Bitswa Halloween?

  •   Diaparo tsa Halloween, dipompong le papadi ya ho kopa dimpho: Ho ya ka mohlodi o mong, Macelt a mang a ne a apara diaparo tse etsang eka ke baloi e le hore meya e kgopo “e se ke ya bona hore ke batho ba phelang” ebe ya ba tlohela. Ba bang ba ne ba fa meya ena dimpho e le hore e se ke ya ba hlahisa kotsi. a

     Mehleng ya kgale khonthinenteng ya Europe, baruti ba kereke ya Khatholike ba ile ba etsisa mokgwa ona wa bohetene ka hore batho ba kereke ya bona ba ye ka ntlo le ntlo ba apere diaparo tsa Halloween ba kopa batho dimpho.

  •   Dithotsela, dinwamadi le baloi: Ho tloha kgale, esale dintho tsena di amahanngwa le meya e kgopo. Buka ya Halloween Trivia ha e bua ka dintho tsena e re: “Di sebedisa matla a fetang a tlhaho. Dintho tsena di amahanngwa le lefu, bafu kapa ho tshaba lefu.”

  •   Mekopu ya Halloween: Mehleng ya kgale naheng ya Brithani, batho “ba ne ba tsamaya ka ntlo le ntlo ba rapella bafu ebe ba kopa ho lefuwa ka dijo,” ba ne ba tsamaya ba nkile “dikotola tsa moroho wa rapa tse ntshuweng ntho e ka hare tse kentseng kerese e le ho tshwantshetsa meya e tshwasehileng pelekatoring.” (Halloween​—From Pagan Ritual to Party Night) Borahistori ba bang ba re dikerese tsena di ne di sebediswa ho tebela meya e kgopo. Dilemong tsa bo 1800 Amerika leboya, ho ile ha sebediswa mekopu ho ena le dikotola tsa moroho wa rapa hobane mekopu e ne e le mengata ho bile ho le bonolo ho e ntsha dithootse ebe ho kenngwa dikerese ka hare.

 Na ho a tsotelleha hore ebe Halloween e simolohile boheteneng?

 Ho jwalo. Le hoja batho ba bang ba nka Halloween e le boithabiso bo se nang taba, ditlwaelo tse amanang le yona di hanana le dithuto tsa Bibele ka ho toba. Halloween e thehilwe dithutong tse fosahetseng tse buang ka bafu, meya e kgopo le bademona.

 Hlokomela ditemana tse latelang mme o bone hore na Modimo o ikutlwa jwang ka ditumelo tse amanang le Halloween:

  •   “Hara lona ho se ke ha eba le motho le ha e le ofe . . . ya batlang keletso ho mang kapa mang ya reng o buisana le badimo, ya reng o bolela diketsahalo esale pele kapa ya botsang bafu.”​—Deuteronoma 18:10-12.

     Tlhaloso: Modimo ha a batle ha re bua le bafu kapa ha re etsa eka re na le ditshebedisano le bona.

  •   “Ba shweleng ha ba tsebe letho ho hang.”​—Moeklesia 9:5.

     Tlhaloso: Hobane bafu ha ba tsebe letho, ba ke ke ba kgona ho buisana le batho ba phelang.

  •   “Ha ke batle hore le etse ntho le ha e le efe e le kopanyang le bademona. Le ke ke la nwa senwelong sa Jehova le senwelong sa bademona.”​—1 Bakorinthe 10:20, 21.

     Tlhaloso: Batho bohle ba batlang ho ba metswalle ya Modimo ba lokela ho qoba ho sebedisana le bademona.

  •   ‘Emang le tiile maqiting a Diabolose. Re lwana le bademona ba lehodimong.’​—Baefese 6:11, 12.

     Tlhaloso: Bakreste ba lokela ho hana ho sebedisana le bademona. Ba se ke ba etsa eka ba keteka le bona.

a Sheba buka ya Halloween: An American Holiday, an American History, leqephe 4.