Feta

Ke Hobaneng ha Dipaki Tsa Jehova di sa Keteke Matsatsi a Tswalo?

Ke Hobaneng ha Dipaki Tsa Jehova di sa Keteke Matsatsi a Tswalo?

 Re le Dipaki Tsa Jehova, ha re keteke matsatsi a tswalo hobane re dumela hore mekete e jwalo ha e kgahlise Modimo. Le hoja ho se moo ka ho toba Bibele e buang ka hore re se ke ra keteka matsatsi a tswalo, e re thusa ho bontsha batho mabaka ka dintlha tse ka sehloohong tsa diketsahalo tsena le ho utlwisisa tsela eo Modimo a di tadimang ka yona. Hlokomela dintlha tsena tse nne le melaomotheo ya Bibele e di tshehetsang.

  1.   Mekete ya matsatsi a tswalo e simolohile boheteneng. Ho latela buka ya Funk & Wagnalls Standard Dictionary of Folklore, Mythology, and Legend, mekete ena e simolohile thutong ya hore ka letsatsi la motho la tswalo, “meya e mebe le ditshusumetso tse mpe di fumana monyetla wa ho mo hlasela” le hore “ha metswalle e le teng mme e mo lakaletsa dintho tse molemo, seo se tla mo sireletsa.” Buka ya The Lore of Birthdays e re mehleng ya boholoholo, ditlaleho tsa matsatsi a tswalo di ne di “hlokahala bakeng sa ho lokisetsa ho noha bophelo ba motho ka dinaledi.” Buka ena e boetse e re “dikerese tsa letsatsi la tswalo tse sebediswang bodumeding ba boholoholo, di na le boselamose ba ho fa motho seo a se batlang.”

     Le ha ho le jwalo, Bibele e nyatsa boselamose, bonohe, tshebedisano le meya kapa “dintho tse jwalo ka tsena.” (Deuteronoma 18:​14; Bagalata 5:​19-21) Ha e le hantle, le leng la mabaka a neng a etsa hore Modimo a nyatse motse wa Babylona ya boholoholo ke hore baahi ba wona ba ne ba sebedisa bolepi ba dinaledi, e leng mofuta o mong wa bonohe. (Esaia 47:​11-15) Dipaki Tsa Jehova ha di tshwenyehe haholo ka tshimoloho ya moetlo o mong le o mong; empa haeba Mangolo a fana ka ditaelo tse tobileng tabeng eo, re a di latela.

  2.   Bakreste ba pele ba ne ba sa keteke matsatsi a tswalo. Buka ya The World Book Encyclopedia e re “ba ne ba nka ho keteka letsatsi la motho la tswalo e le moetlo wa bohetene.” Bibele e bontsha hore baapostola le batho ba bang ba ileng ba rutwa ke Jesu ka ho toba, ba ile ba beha mohlala oo Bakreste bohle ba lokelang ho o latela.​—2 Bathesalonika 3:6.

  3.   Ketsahalo e le nngwe feela eo Bakreste ba lokelang ho ikgopotsa yona ke lefu la Jesu. (Luka 22:​17-​20) Sena ha se a lokela ho re makatsa ka ha Bibele e re “letsatsi la ho shwa le molemo ho feta letsatsi la ho tswalwa ha motho.” (Moeklesia 7:1) Qetellong ya bophelo ba hae ba lefatsheng, Jesu o ne a se a iketseditse lebitso le letle ho Modimo mme a etsa hore letsatsi la ho shwa ha hae le be bohlokwa ho feta la ho tswalwa ha hae.​—Baheberu 1:4.

  4.   Ha ho moo Bibele e buang ka mohlanka wa Modimo ya ileng a keteka letsatsi la hae la tswalo. Sena ha se a etsahala ka phoso hobane e bua ka mekete e mmedi ya matsatsi a tswalo a batho ba neng ba sa sebeletse Modimo. Le ha ho le jwalo, diketsahalong tsena ka bobedi ho ile ha etsahala dintho tse mpe.​—Genese 40:​20-​22; Mareka 6:​21-​29.

Na bana ba Dipaki ba utlwa eka ba tingwa monate ha ba sa keteke matsatsi a tswalo?

 Jwalo ka motswadi e mong le e mong ya molemo, Dipaki di bontsha bana ba tsona lerato selemo ho pota mme sena se akarelletsa ho ba fa dimpho le ho ba etsetsa dimmoka tse monate. Di leka ho latela mohlala o phethahetseng wa Modimo, ya fang bana ba hae dintho tse ntle ka nako le ha e le efe. (Matheu 7:​11) Bana ba Dipaki ha ba ikutlwe eka ba tingwa monate, mme ba bang ba bona ba re:

  •   “Ho thabisa le ho feta ha o fumana mpho nakong eo o neng o sa e lebella.”​—Tammy ya dilemo di 12.

  •   “Le hoja ke sa fumane dimpho ka letsatsi la ka la tswalo, batswadi ba ka ba ntse ba nthekela dimpho ka dinako tse ding. Ke rata ha ho le jwalo hobane ke fumana dimpho tseo ke sa di lebella.”​—Gregory ya dilemo di 11.

  •   “Na o nahana hore metsotso e leshome, dikuku tse seng kae le pina di etsa phathi? Tloo heso o tla bona hore na phathi ya sebele e jwang!”​—Eric ya dilemo di 6.