Fetela boitsebisong

Seo U Tla Ithuta Sona Mangolong a Bibele

Livideo tsena tse khutšoanyane li fana ka boitsebiso bo eketsehileng ba bohlokoa ka libuka tsa Bibele. Sebelisa lithuto tsena ho ntlafatsa thuto ea hao ea Bibele.

Seo re ka Ithutang Sona Lengolong la Joshua

Bona kamoo sechaba sa Iseraele se hapang le ho arola naha eo Molimo a se fileng eona.

Seo re ka Ithutang Sona Lengolong la Baahloli

Lengolo lena le bua ka banna ba sebete bao Jehova a ileng a ba sebelisa ho thusa Baiseraele khahlanong le batho ba neng ba ba hlorisa.

Seo re ka Ithutang Sona Lengolong la 1 Samuele

Bona kamoo Jehova a tlohelang ho sebelisa baahloli ho thusa sechaba ’me a sebelisa marena hore a se buse.

Selelekela sa Esdrase

Jehova o lokolla batho ba hae botlamuoeng Babylona hape o tsosolosa borapeli ba ’nete Jerusalema joalokaha a ne a tšepisitse.

Selelekela sa Nehemia

Lengolo la Nehemia le na le lithuto tse ka ruisang barapeli ba ’nete molemo.

Selelekela sa Esthere

Liketsahalo tsa mehleng ea Esthere li tla matlafatsa tumelo ea hao hore Molimo o na le matla a ho pholosa batho ba hae ha ba le litekong mehleng ena.

Selelekela sa Jobo

Batho bohle ba ratang Jehova ba tla lekoa. Lengolo lena le buang ka Jobo le re thusa ho bona hore re ka tšepahala ra ba ra hlompha bobusi ba Jehova.

Selelekela sa Lipesaleme

Lipesaleme li tšehetsa Bobusi ba Jehova, li thusa batho ba ratang Jehova hape lia ba tšelisa, li bontša hore na ’muso oa Jehova o tla fetola lefatše joang.

Selelekela sa Liproverbia

Fumana likeletso tse ka u thusang likarolong tsohle tsa bophelo—ho akarelletsa litaba tsa khoebo le mathata a lelapa.

Selelekela sa Lengolo la Sefela sa Lifela

Lerato la sebele leo moroetsana e mong ea bitsoang Moshulamithe a neng a rata molisana ka lona le hlalosoa e le “lelakabe la Jah.” Hobane’ng?

Selelekela sa Ezekiele

Ezekiele o ile a ikokobeletsa Jehova ’me a mo mamela ho sa tsotellehe hore na ho ne ho le thata hakae. Mohlala oa hae o bohlokoa haholo ho rona.

Selelekela sa Daniele

Daniele le metsoalle ea hae ba ile ba lula ba tšepahalla Jehova tlas’a maemo oohle. Mohlala oa bona hammoho le boprofeta li ka re thusa haholo mehleng ena ea bofelo.

Selelekela sa Hosea

Boprofeta ba Hosea bo re ruta hore Jehova a ka hauhela baetsalibe ba bakileng le hore na Jehova o amohela borapeli ba mofuta ofe.

Selelekela sa Joele

Joele o ile a profeta ka “letsatsi la Jehova” le ntseng le atamela ’me a boela a re bolella ntho e ka sehloohong eo re lokelang ho e etsa e le hore re pholohe. Boprofeta ba hae ke ba bohlokoa haholo ho rona kajeno.

Selelekela sa Malakia

Ke boprofeta bo buang ka melao-motheo ea Jehova e sa fetoheng, e leng mohau le lerato. Boprofeta bona bo boetse bo fana ka lithuto tsa bohlokoa mabapi le maemo ao re kopanang le ona mehleng ena.

Selelekela sa Matheu

Thabela ho ithuta lintlha tsa bohlokoa tsa Lengolo la Matheu, ke lengolo la pele ho likosepele tse ’nè.

Selelekela sa Mareka

Kosepele ea Mareka ke eona e khutšoanyane ka ho fetisisa, e bontša ka bo khutšoanyane hore na ho tla ba joang nakong e tlang ha Jesu e se e le Morena oa ’Muso oa Molimo.

Selelekela sa 1 Bakorinthe

Lengolo la Pauluse le kenyelletsa temoso e bululetsoeng mabapi le bonngoe, boitšoaro bo hloekileng, lerato, le ho lumela ho tsoho.

Selelekela sa 2 Bakorinthe

Jehova, “Molimo oa matseliso’ohle,” o matlafatsa le ho tšehetsa bahlanka ba hae.

Selelekela sa Bagalata

Lengolo la Pauluse leo a neng a le ngolletse Bagalata le ntse le sebetsa kajeno feela joalokaha le ne le qala ho ngoloa. Le ka thusa Bakreste bohle ba ’nete ho lula ba tšepahala.

Selelekela sa Baefese

lengolo la Bibele le bululetsoeng le hlakisang morero oa Molimo oa ho tlisa khotso le bonngoe a sebelisa Jesu Kreste.

Mohlomong u ka Rata le