Fetela boitsebisong

Temana ea Bibele ea Letsatsi

Temana ea Bibele ea Letsatsi

Buka ea Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla e fana ka temana e itseng ea Bibele letsatsi le letsatsi le tlhaloso ea eona. Buka ena e ka u thusa hore u qale letsatsi la hao hantle ebe e u khothatse ka lintlha tse tsoang ka Bibele.

Le hoja u ka bala temana le tlhaloso ea eona ka nako leha e le efe, batho ba bangata ba bone ho le molemo ho li hlahloba hoseng. Ka tsela eo, ba lula ba nahanisisa ka seo ba se balileng letšehare lohle. Ho ka ba molemo ha le ka hlahloba temana hammoho le le lelapa.

U ka bala temana ea letsatsi ho Watchtower Online Library, kapa u ka fumana temana ea letsatsi ea selemo kaofela inthaneteng ele PDF e tšoanang le e hatisitsoeng.